Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1: Ho Kolobetsoa ho Bolela’ng?
    Bacha Baa Botsa
    • Mocha o ka letamong oa kolobetsoa kopanong ea Lipaki Tsa Jehova.

      BACHA BAA BOTSA

      Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1: Ho Kolobetsoa ho Bolela’ng?

      Selemo le selemo, bacha ba bangata ba holisitsoeng ke batsoali ba Lipaki Tsa Jehova baa kolobetsoa. Na le uena u ntse u nahana ka ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, u tlameha ho utloisisa pele hore na ho inehela le ho kolobetsoa ho bolela’ng.

      • Ho kolobetsoa ho bolela’ng?

      • Ho inehela ho bolela’ng?

      • Ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ho le bohlokoa?

      • Seo bacha ba bang ba se buang

      • Seo e seng ’nete le seo e leng ’nete

      Ho kolobetsoa ho bolela’ng?

      Kolobetso eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ha se ho fafatsoa feela ka metsi empa ke ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing. Ho qoelisoa ka metsing ho emela ntho ea bohlokoa haholo.

      • Ha u qoelisoa ka metsing, u bontša phatlalatsa hore ha u sa tla phelela ho etsa thato ea hao.

      • Ha u tsoa ka metsing, u bontša hore o se u qalile bophelo bo bocha ba ho phelela ho etsa thato ea Molimo.

      Ha u kolobetsoa, u bontša hore Jehova o na le matla a ho u behela melao ea se lokileng le se fosahetseng hape u bontša hore u tla phela tumellanong le tšepiso eo u ileng oa e etsa ka ho rata ea hore u tla etsa lintho tseo a reng u li etse.

      Ipotse: Ke hobane’ng ha ke lokela ho bontša phatlalatsa hore ke batla ho phelela ho mamela Jehova? Bala 1 Johanne 4:19 le Tšenolo 4:11.

      Ho inehela ho bolela’ng?

      Pele u kolobetsoa, u lokela ho inehela ho Jehova. U ka etsa seo joang?

      Ka hore u rapele Jehova boinotšing, u mo tšepise hore u tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao le hore u tla etsa seo a se batlang ho sa tsotellehe maemo le hore na batho ba bang ba khetha ho etsang.

      Kolobetso ke ketso ea phatlalatsa e bontšang hore u inehetse ho Jehova ka ho mo rapela boinotšing. U bontša ba bang hore ha u sa iphelela empa u se u phelela Jehova.—Matheu 16:24.

      Ipotse: Ke tla fumana melemo efe ha ke phelela Jehova? Bala Esaia 48:17, 18 le Baheberu 11:6.

      Ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ho le bohlokoa?

      Jesu o itse barutuoa ba hae ba lokela ho kolobetsoa. (Matheu 28:19, 20) Kahoo, Bakreste ba lokela ho kolobetsoa. Ha e le hantle, Bibele e re re lokela ho kolobetsoa e le hore re pholohe.—1 Petrose 3:21.

      Leha ho le joalo, sepheo sa hao sa ho batla ho kolobetsoa e lokela hore e be hobane u rata Jehova. Hape u be le boikutlo bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a ngola a re: “Ke tla patala Jehova ka eng bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona? . . . Ke tla bitsa lebitso la Jehova. Ke tla phetha likano tsa ka ho Jehova.”—Pesaleme ea 116:12-14.

      Ipotse: Jehova o nketselitse lintho life tse molemo ’me ke tla mo patala ka eng bakeng sa tsona? Bala Deuteronoma 10:12, 13 le Baroma 12:1.

      Seo bacha ba bang ba se buang

      Mijin.

      Mijin o re: “Ha re inehela ho Jehova re mo tšepisa ntho ea bohlokoa haholo ’me taba eo e tebile. Leha ho le joalo, Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo ha u inehetse ho eena. Ntle ho moo, Jehova a ka re hlokomela ho feta kamoo re ka itlhokomelang kateng.”

      Ember.

      Ember o re: “Jehova o se a ntse a bontšitse hore oa u rata. Ha u kolobetsoa, u ba le monyetla oa ho bontša hore u mo rata haholo. Ho kolobetsoa ke tlhohonolofatso le tokelo e kholo.”

      Julian.

      Julian o re: “Ho inehela ho Molimo le ho kolobetsoa ke qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang. Empa ha oa lokela ho tšoha. Haeba u ikemiselitse ebile u e-na le mabaka a utloahalang a ho kolobetsoa, eo e tla be e le qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa.”

      Seo e seng ’nete le seo e leng ’nete

      SEO E SENG ’NETE — Ke batho ba baholo feela ba ka bang le tumelo e matla e le hore ba kolobetsoe.

      SEO E LENG ’NETE — Motho ha a be le tumelo e matla hobane feela a holile empa o ba le tumelo e matla hobane a rata Jehova ebile a ikemiselitse ho mo mamela. Josefa, Samuele le Josiase ba ne ba e-na le tumelo e matla ha e ntse e le bacha. Le kajeno ho na le bacha ba bangata ba nang le tumelo e matla joaloka bona.

      Bibele e re: “Esita le ngoana o tsebahala ka liketso tsa hae hore na boitšoaro ba hae bo hloekile ebile bo lokile.”—Liproverbia 20:11.

      SEO E SENG ’NETE — Haeba metsoalle ea hao e kolobetsoa, le uena u lokela ho kolobetsoa.

      SEO E LENG ’NETE — Ha oa lokela ho kolobetsoa hobane feela metsoalle ea hao e kolobetsoa, o le lilemong tse itseng kapa hobane o nahana hore batho ba bang ba lebeletse hore u kolobetsoe. Motho e mong le e mong o lokela ho etsa qeto ea ho inehela le ho kolobetsoa ka ho rata.

      Bibele e re: “Batho ba [Molimo] ba tla ithaopa.”—Pesaleme ea 110:3.

      SEO E SENG ’NETE — Haeba u sa kolobetsoa, u ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang.

      SEO E LENG ’NETE — U qala ho ikarabella ho Jehova ho tloha ha u tseba ho khetholla ntho e nepahetseng le e fosahetseng, eseng ha u kolobetsoa.

      Bibele e re: “Haeba motho a tseba ntho e nepahetseng empa a sa e etse, o etsa sebe.”—Jakobo 4:17.

      KELETSO: Haeba u utloa eka u ke ke oa khona ho ba Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng, nahanisisa ka hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela ena le hore na ke eng e ka u thusang hore u se ke oa ikutloa ka tsela eo. Bala buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, Khaolo ea 37.

      Tlhahlobo: Ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ho le bohlokoa?

      • Jesu o itse barutuoa ba hae ba lokela ho kolobetsoa.

      • Re lokela ho kolobetsoa e le hore re pholohe.

      • Ke tokelo e babatsehang ho sebeletsa Jehova u le Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng.

  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 2: Ho Itokisetsa ho Kolobetsoa
    Bacha Baa Botsa
    • Ngoanana o etsa lipatlisiso ka taba ea kolobetso a sebelisa Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng.

      BACHA BAA BOTSA

      Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 2: Ho Itokisetsa ho Kolobetsoa

      Haeba u phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele ebile u sebeletsa ho ba motsoalle oa Molimo, hoa utloahala hore ebe u nahana ka ho kolobetsoa. U ka tseba joang hore u se u loketse ho kolobetsoa?a

      Sehloohong sena

      • Ke lokela ho tseba lintho life?

      • Ke lokela ho etsa’ng?

      • Seo bacha ba bang ba se buang

      Ke lokela ho tseba lintho life?

      Ho itokisetsa ho kolobetsoa ha ho bolele hore u lokela ho tšoara lintho tseo u ithutang tsona ka hlooho joalokaha eka u e’o ngola tlhahlobo sekolong. Leha ho le joalo, u tla lokela ho sebelisa “kelello [ea hao] eohle” ho ikholisa hore seo Bibele e se rutang ke ’nete. (Baroma 12:1) Ka mohlala:

      • Na u kholisehile hore Molimo o teng ebile u lokela ho mo rapela?

        Bibele e re: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore o putsa ba mo batlang e le kannete.”—Baheberu 11:6.

        Ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke lumela ho Molimo?’ (Baheberu 3:4) ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho mo rapela?’—Tšenolo 4:11.

        Se ka u thusang: Bala sehlooho se reng: “Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?”

      • Na u kholisehile hore molaetsa o ka Bibeleng o tsoa ho Molimo?

        Bibele e re: “Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo. A molemo hobane aa ruta, aa khalemela, a lokisa lintho ebile a laea motho ho ea ka melao ea Molimo e lokileng.”—2 Timothea 3:16.

        Ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke lumela hore Bibele ha se buka e iqapetsoeng ke batho empa ke Lentsoe la Molimo?’—Esaia 46:10; 1 Bathesalonika 2:13.

        Se ka u thusang: Bala sehlooho se reng: “Bibele e ka Nthusa Joang?—Karolo ea 1: Ithute Bibele Haholoanyane.”

      • Na u kholisehile hore Jehova o sebelisa phutheho ea Bokreste ho phetha thato ea hae?

        Bibele e re: “E se eka [Molimo] a ka rorisoa melokong eohle ka phutheho le ka Kreste Jesu ka ho sa feleng.”—Baefese 3:21.

        Ipotse: ‘Na lintho tseo ke ithutang tsona ka Bibeleng ha ke le libokeng tsa Bokreste ke li nka e le lithuto tse tsoang ho Jehova kapa ho batho?’ (Matheu 24:45) ‘Na ke ea libokeng le ha batsoali ba ka ba sa khone ho ea (haeba ba u lumella)?’—Baheberu 10:24, 25.

        Se ka u thusang: Bala sehlooho se reng: “Ke Hobane’ng ha u Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?”

      Ke lokela ho etsa’ng?

      E le hore u kolobetsoe, ha oa lokela hore u be motho ea phethahetseng. Leha ho le joalo, u lokela ho bontša hore kannete u batla ho “tlohela lintho tse mpe, u etse tse ntle.” (Pesaleme ea 34:14) Ka mohlala:

      • Na u phela tumellanong le melao-motheo ea Jehova?

        Bibele e re: “Le lule le e-na le letsoalo le khutsitseng.”—1 Petrose 3:16.

        Ipotse: ‘Ke “ithutile ho sebelisa [kelello ea ka]” joang ho bontša hore ke khona ho “khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng”?’ (Baheberu 5:14) ‘Ke maemong afe moo ke ileng ka hana khatello ea lithaka e le hore ke se ke ka etsa lintho tse fosahetseng? Na metsoalle ea ka e nkhothalletsa ho etsa lintho tse nepahetseng?’—Liproverbia 13:20.

        Se ka u thusang: Bala sehlooho se reng: “How Can I Train My Conscience?”

      • Na oa utloisisa hore u ikarabella ho Jehova ka lintho tseo u li etsang?

        Bibele e re: “E mong le e mong oa rona o tla ikarabella ho Molimo.”—Baroma 14:12.

        Ipotse: ‘Na ke motho ea tšepahalang?’ (Baheberu 13:18) ‘Na ke lumela liphoso tsa ka kapa ke tloaetse ho li pata kapa na ke beha ba bang molato ha ke le phoso?’—Liproverbia 28:13.

        Se ka u thusang: Bala sehlooho se reng: “Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?”

      • Na u matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova?

        Bibele e re: “Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.”—Jakobo 4:8.

        Ipotse: ‘Ke’ng eo ke e etsang ho atamela ho Jehova?’ Ka mohlala, ‘Ke bala Bibele hangata hakae?’ (Pesaleme ea 1:1, 2) ‘Na ke rapela kamehla?’ (1 Bathesalonika 5:17) ‘Na ha ke rapela ke toba taba? Na metsoalle ea ka e rata Jehova?’—Pesaleme ea 15:1, 4.

        Se ka u thusang: Bala sehlooho se reng: “Bibele e ka Nthusa Joang?—Karolo ea 2: Thabela ho Ithuta Bibele” le se reng: “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?”

      KELETSO: E le hore u itokisetse ho kolobetsoa, bala buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, Khaolo ea 37. Sheba lipotso tse hlahang lebokoseng le leqepheng la 308 le 309.

      a Bala sehlooho se reng “Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 1,” se hlalosang hore na kolobetso le ho inehela ho Molimo ke eng le hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho inehela ho Molimo le ho kolobetsoa.

      Seo bacha ba bang ba se buang

      Gabriella.

      Gabriella o re: “Karolo ea moo u ka ngolang lintlha teng e hlahang bukeng ea Bacha Baa Botsa, e ile ea nthusa ho bona moo nka ntlafatsang teng pele ke kolobetsoa. E ile ea ba ea nthusa hore ke etse lintho tseo ke neng ke batla ho li etsetsa Jehova ka mor’a hore ke kolobetsoe. Le hoja ho inehela ho Jehova e le boikarabelo bo boholo, e boetse ke tlotla e kholo eo motho a ka bang le eona.”

      Caleb.

      Caleb o re: “Moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: ‘U se ke oa khaotsa ho lumela lintho tseo u li rutiloeng le tseo u ileng oa kholiseha hore ke ’nete.’” (2 Timothea 3:14) “E-ba le nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo e le hore u ka ikholisa hore lintho tseo u ithutileng tsona ke ’nete. Hopola hore u inehela ho Jehova eseng ho batho, kahoo ha u nahana ka ho kolobetsoa u se ke oa nahana ka hore na batho ba bang ba tla re’ng empa u nahane ka Jehova.”

      Tlhahlobo: Nka itokisetsa ho kolobetsoa joang?

      Nahana ka seo u se lumelang. Na ke kholisehile hore Molimo o teng? Ke hobane’ng ha ke lumela hore ke lokela ho mo rapela? Na ke lumela hore Bibele e na le molaetsa o tsoang ho Molimo? Na ke kholisehile hore Jehova o na le mokhatlo oo a o sebelisang ho phetha thato ea hae?

      Nahana ka tsela eo u phelang ka eona. Na u phela tumellanong le melao-motheo ea Jehova? Na oa utloisisa hore u ikarabella ho Jehova ka lintho tseo u li etsang? Na u matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova?

  • Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 3: Ke Eng e Ntšitisang?
    Bacha Baa Botsa
    • Mohlankana o kolobeletsoa letamong ’me ba bang ba shebelletse.

      BACHA BAA BOTSA

      Na ke Lokela ho Kolobetsoa?—Karolo ea 3: Ke Eng e Ntšitisang?

      Na oa tšoha ha u nahana ka ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa ho hlola bothata boo.

      Sehloohong sena

      • Ke tla etsa’ng haeba nka etsa phoso e kholo?

      • Ke tšaba boikarabelo boo nka bang le bona ha ke qeta ho kolobetsoa

      • Ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho sebeletsa Jehova

      • Seo bacha ba bang ba se buang

      Ke tla etsa’ng haeba nka etsa phoso e kholo?

      Se u tšoenyang: Mohlomong u tseba motho e mong ea ileng a etsa sebe se tebileng eaba o lokela ho tlosoa ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 5:11-13) U ka ’na oa nahana hore ntho e tšoanang e ka u etsahalla.

      “Ha ke ne ke nahana ka ho kolobetsoa, ke ne ke nahana hore ke tla etsa phoso. Ke ne ke ipotsa hore na ntho eo e tla soabisa batsoali ba ka hakae.”—Rebekah.

      Bibele e re: “Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae . . . A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela, a khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.”—Esaia 55:7.

      Nahana ka sena: Le hoja bafosi ba sa bakeng ba tlosoa ka phuthehong, ka mosa Jehova oa ba amohela ha ba ikokobetsa ’me ba amohela taeo.—Pesaleme ea 103:13, 14; 2 Bakorinthe 7:11.

      ’Nete ke hore le hoja u sa phethahala, u ka khona ho hlola liteko ka thuso ea Molimo. (1 Bakorinthe 10:13) Qetellong, ke uena ea etsang qeto ea hore na u tla itšoara joang, eseng motho e mong.

      “Ke ne ke tšaba hore ke tla etsa phoso e kholo ka mor’a hore ke kolobetsoe empa hamorao ke ile ka hlokomela hore ke ne ke tla ikoahlaea haholo haeba ke ne ke sa kolobetsoe. Ke ile ka hlokomela hore ha kea lokela ho lumella lintho tse ka ’nang tsa etsahala ka moso hore li nthibele ho etsa seo ke lokelang ho se etsa hona joale.”—Karen.

      Ntlha ea bohlokoa: U ka khetha ho qoba ho etsa libe tse tebileng, joalokaha bahlanka ba bang ba Jehova ba etsa.—Bafilipi 2:12.

      Na u hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Nka Hlola Liteko Joang?”

      Ke tšaba boikarabelo boo nka bang le bona ha ke qeta ho kolobetsoa

      Se u tšoenyang: Ka mohlala, e ka ’na eaba u tseba bacha ba ileng ba ea hole le malapa a bo bona hammoho le metsoalle ea bona e le hore ba eketse tšebeletso ea bona ho Jehova. U ka ’na oa tšoenngoa ke hore batho ba tla lebella hore le uena u etse ntho e tšoanang.

      “Mokreste ea kolobelitsoeng oa tšoaneleha hore a ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Batho ba bang ha ba malala-a-laotsoe hore ba ka iketsa ba fumanehang kapa maemo a bona ha a ba lumelle hore ba ka etsa joalo.”—Marie.

      Bibele e re: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe lintho tseo a li etsang kaha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”—Bagalata 6:4.

      Nahana ka sena: Ho e-na le hore u ipapise le batho ba bang, nahana ka mantsoe a hlahang ho Mareka 12:30 a reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle.”

      Hlokomela hore u lokela ho sebeletsa Jehova ka pelo ea hao eohle eseng ea motho e mong. Haeba u rata Jehova e le kannete, u tla fumana litsela tsa ho mo etsetsa sohle seo u ka se khonang.

      “Kolobetso ke mohato oa bohlokoa empa ha se moroalo. Haeba u na le metsoalle e lokileng, e tla u thusa. U tla thaba le ho feta ha hanyane ka hanyane u ntse u amohela boikarabelo bo eketsehileng. Haeba u sa batle ho kolobetsoa, u tla be u itlhokela toka.”—Julia.

      Ntlha ea bohlokoa: Eketsa kananelo eo u nang le eona ho Jehova ka lebaka la lerato leo a u bontšitseng lona. Seo se tla u susumelletsa hore u mo fe sohle seo u ka se khonang.—1 Johanne 4:19.

      Na u hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke na le Boikarabelo Hakae?”

      Ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho sebeletsa Jehova

      Se u tšoenyang: Jehova ke ’Musi oa bokahohle ’me batho ha se letho ha ba bapisoa le eena. U ka ’na oa ipotsa hore na ebe Jehova oa tseba moo o leng teng.

      “Batsoali ba ka ke Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, ke ne ke utloa eka ke motsoalle oa Jehova hobane feela batsoali ba ka e le Lipaki eseng hobane ke hutsoe ke Jehova.”—Natalie.

      Bibele e re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a huloa ke Ntate ea nthomileng.”—Johanne 6:44.

      Nahana ka sena: Taba ea hore u se u ntse u nahana ka ho kolobetsoa, e bontša hore Jehova o se a ntse a u hula hore u be motsoalle ea haufi le eena. Na u batla ho amohela memo ee?

      Hopola hore ke Jehova eseng uena kapa motho leha e le ofe ea khethang hore na o hloka eng ho batho bao a ba hulang. Lentsoe la hae lea re kholisa hore haeba u ‘atamela ho Molimo, o tla atamela ho uena.’—Jakobo 4:8.

      “Taba ea hore ebe u tseba Jehova le hore o u huletse ho eena e bontša hore oa u rata. Haeba u lumela hore ha u tšoanelehe ho mo sebeletsa, hopola hore eena ha a lumellane le seo ’me Jehova o lula a nepile.”—Selina.

      Ntlha ea bohlokoa: Haeba u finyella lintho tseo Bibele e reng u lokela ho li etsa e le hore u kolobetsoe, seo se bontša hore u tšoaneleha ho ba morapeli oa Jehova. Hopola hore Jehova o tšoaneloa ke ho rapeloa.—Tšenolo 4:11.

      Na u hloka thuso e eketsehileng? Bala sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?”

      Seo bacha ba bang ba se buang

      Skye.

      “U se ke oa lumella hore ho tšaba ho etsa liphoso ho u sitise hore u kolobetsoe. Taba ena e ka tšoantšoa le ho matha. U ka etsa qeto ea hore ha u mathe hobane u tšaba hore u tla oa. Empa haeba u ka oa, u tla boela u phahame. U ke ke oa fihla khoeleng haeba u sa qale ho matha.”—Skye.

      Vinicio.

      “Ho tšaba ho chaisa ha ho thibele mocha hore a fumane lengolo la ho khanna. Hoa tšoana le ka kolobetso. Re lokela ho nahana haholo ka ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova ho e-na le ho tšoenyeha ka se ka ’nang sa etsahala.”—Vinicio.

      Tlhahlobo: Ke eng e ntšitisang ho kolobetsoa?

      • Ho tšaba ho etsa phoso e kholo. U ka khetha ho qoba ho etsa libe tse tebileng, joalokaha bahlanka ba bang ba Jehova ba etsa.

      • Ho tšaba boikarabelo. Eketsa kananelo eo u nang le eona ho Jehova ka lebaka la lerato leo a u bontšitseng lona. Seo se tla u susumelletsa hore u mo fe sohle seo u ka se khonang.

      • Ho tšaba hore ha u tšoanelehe. Haeba u finyella lintho tseo Bibele e reng u lokela ho li etsa e le hore u kolobetsoe, seo se bontša hore u tšoaneleha ho ba morapeli oa Jehova. Hopola hore Jehova o tšoaneloa ke ho rapeloa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela