Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baholo, le Ikutloa Joang ka ho Koetlisa ba Bang?
    Molula-Qhooa—2015 | April 15
    • Samuele le Saule ba jella ka holim’a ntlo

      Baholo, le Ikutloa Joang ka ho Koetlisa ba Bang?

      “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—MOEKLESIA 3:1.

      U KA ARABA JOANG?

      • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho koetlisa ba bang?

      • Phutheho e rua molemo joang ha baholo ba koetlisa barab’abo rōna?

      • Baholo ba ka etsisa mohlala oa Samuele joang ha ba koetlisa barab’abo rōna?

      1, 2. Balebeli ba potoloho ba hlokometse’ng liphuthehong tse ngata?

      MOLEBELI oa potoloho o ne a le mothating oa ho phethela seboka sa baholo. O ile a sheba bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata, a utloa a ba rata, ’me ba bang ba bona ba ne ba se ba hōlile. Empa ho ne ho e-na le taba eo a tšoenyehileng ka eona. O ile a ba botsa a re: “Barab’eso, le entse’ng ho koetlisa barab’abo rōna hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong?” Ba ne ba tseba hore ketelong e fetileng, molebeli oa potoloho o ne a ba khothalelitse hore ba qete nako e eketsehileng ba ba koetlisa. Mor’abo rōna e mong o ile a re, “Ha rea etsa letho le lekaalo.” Baholo ba bang le bona ba ile ba lumellana le eena.

      2 Haeba u moholo, mohlomong le uena u ne u tla bua se tšoanang. Balebeli ba potoloho ba hlokometse hore baholo ba bangata ba lokela ho qeta nako e eketsehileng ba koetlisa barab’abo rōna e le hore ba tsebe ho hlokomela phutheho. Empa ho etsa sena ho ka ’na ha e-ba thata. Hobane’ng?

      3. (a) Bibele e re’ng ho bontša hore ke habohlokoa ho koetlisa ba bang, hona ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re lokela ho thahasella koetliso ee? (Sheba naletsana.) (b) Ke hobane’ng ha baholo ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna?

      3 Haeba u moholo, u ua tseba hore ke habohlokoa ho qeta nako e eketsehileng u koetlisa ba bang.a (Sheba naletsana.) U ua tseba hore ho hlokahala barab’abo rōna ba eketsehileng ho matlafatsa liphutheho hona joale le ho tšehetsa tse tla thehoa. (Bala Esaia 60:22.) Bibele e re u lokela “ho ruta ba bang.” (Bala 2 Timothea 2:2.) Empa ho ka ’na ha e-ba thata ho ipha nako ea ho etsa joalo. U lokela ho hlokomela ba lelapa la hao ka seo ba se hlokang, ha ka nako e tšoanang u sebetsa. Hape u lokela ho etsa mesebetsi ea phutheho le lintho tse ling tse potlakileng. Kaha re na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa, a re tšohleng hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho koetlisa barab’abo rōna.

      HO HLOKAHALA HORE BA KOETLISOE KA POTLAKO

      4. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling baholo ba chechisa taba ea ho koetlisa barab’abo rōna?

      4 Ke hobane’ng ha baholo ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong? Baholo ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ho na le lintho tse ling tse potlakileng ka phuthehong, tseo re lokelang ho li etsa hang-hang. Le haeba ke sa koetlise barab’abo rōna hona joale, seo se ke ke sa ama phutheho.’ Na seo ke ’nete? Ho na le lintho tse ling tseo u ka ’nang ua lokela ho li etsa hang-hang. Empa haeba u chechisa taba ea ho koetlisa barab’abo rōna, seo se ka ’na sa bakela phutheho mathata.

      5, 6. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa mokhanni le tseleng eo a hlokomelang koloi ka eona? Re ka bapisa see joang le ho koetlisoa ha barab’abo rōna ka phuthehong?

      5 Nahana ka mohlala ona. E le hore koloi e lule e le maemong a matle, mokhanni o oa tseba hore ho hlokahala a chenche oli nako le nako. Empa a ka ’na a nka hore ntho e potlakileng ke ho tšela peterole, kaha koloi e tla ema ha e se na peterole. A ka ’na a nahana hore haeba a phathahane haholo, o tla chencha oli ka nako e ’ngoe. Etsoe koloi e tla ’ne e tsamaee. Empa sena se ka ba kotsi. Haeba mokhanni a sa chenche oli ka nako, qetellong koloi e tla senyeha. Kahoo, o tla senyeheloa ke nako le chelete e ngata ho e lokisa. Re ithuta’ng ho see?

      6 Baholo ba lokela ho potlakela ho etsa lintho tsa bohlokoa. Ho seng joalo, phutheho e tla hula ka thata. Feela joalokaha mokhanni a lokela ho tšela peterole, baholo ba lokela ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Empa baholo ba bang ba ka ’na ba phathahana ka lintho tsa bohlokoa hoo ba se nang nako ea ho koetlisa barab’abo rōna. Sena se ka ’na sa tšoana le ha mokhanni a iphapanyetsa ho chencha oli. Haeba baholo ba sa koetlise barab’abo rōna ka phuthehong, ho ke ke ha e-ba le banna ba koetliselitsoeng mesebetsi e lokelang ho etsoa.

      7. Re lokela ho nka baholo ba iphang nako ea ho koetlisa barab’abo rōna joang?

      7 Kahoo le ka mohla u se ke ua nahana hore ho ba koetlisa hase taba ea bohlokoa. Baholo ba nahanang ka bokamoso ba phutheho ’me ba ipha nako ea ho koetlisa barab’abo rōna ba bontša bohlale, ebile ke ba bohlokoa ho bara le barali babo rōna. (Bala 1 Petrose 4:10.) Phutheho e rua molemo joang?

      SEBELISANG NAKO HAMOLEMO

      8. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho koetlisa barab’abo rōna? (b) Baholo ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo ba lokela ho etsa mosebetsi ofe o potlakileng? (Sheba lebokose le reng “Thōmo e Potlakileng.”)

      8 Baholo ba nang le phihlelo ba lokela ho ikokobetsa ’me ba hopole hore ha ba ntse ba hōla ba tla sitoa ho etsa lintho tse ngata tseo hona joale ba khonang ho li etsa. (Mikea 6:8) Baholo ba boetse ba lokela ho hopola hore ba ka ’na ba hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” e leng se ka ba thatafalletsang ho phetha boikarabelo ba bona. (Moeklesia 9:11, 12; Jakobo 4:13, 14) Kaha baholo ba rata batho ba Jehova ebile ba amehile ka bona, ba sebetsa ka thata ho ruta barab’abo rōna ba bacha seo ba ithutileng sona ho theosa le lilemo.—Bala Pesaleme ea 71:17, 18.

      9. Ke eng e tla etsahala nakong e tlang e etsang hore ho koetlisa barab’abo rōna e be habohlokoa?

      9 Baholo ba koetlisang barab’abo rōna ba etsa mosebetsi oa bohlokoa, kaha ka ho etsa joalo ba tla matlafatsa phutheho. Ha ba ba koetlisa, ba etsa hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba lokele ho thusa phutheho hore e lule e momahane ebile e tšepahala ho Molimo. Sena ke sa bohlokoa matsatsing ana a ho qetela, ’me se tla thusa le nakong ea matšoenyeho a maholo a tlang. (Ezekiele 38:10-12; Mikea 5:5, 6) Kahoo, lōna baholo ba ratehang, ikemisetseng ho lula le koetlisa barab’abo rōna ho tloha kajeno.

      10. Moholo o lokela ho etsa’ng e le hore a koetlise barab’abo rōna ka phuthehong?

      10 Rea utloisisa hore u phathahane, kaha u na le lintho tsa bohlokoa tseo u li etsang ka phuthehong. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise karolo e ’ngoe ea nako eo ho koetlisa ba bang ka phuthehong. (Moeklesia 3:1) Ha u etsa joalo u tla be u sebelisa nako ea hao hamolemo ’me seo se tla ruisa phutheho molemo.

      ETSA HORE MAEMO E BE A LOKETSENG

      11. (a) Ke’ng se thahasellisang ka litlhahiso tse fanoeng ke baholo ba tsoang linaheng tse fapaneng mabapi le ho koetlisa ba bang? (b) Ho latela Liproverbia 15:22, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tšohle litlhahiso tsa baholo baa?

      11 Haufinyane tjena, re ile ra botsa baholo ba atlehileng ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong ho jara boikarabelo bo eketsehileng hore na ba entse seo joang.b (Sheba naletsana.) Baholo bana kaofela ba fane ka keletso e tšoanang le hoja maemo a bona a sa tšoane. See se bontša’ng? Hore koetliso e thehiloeng Bibeleng e molemo “hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” (1 Bakorinthe 4:17) Kahoo, sehloohong sena le se latelang, re tla tšohla litlhahiso tse ling tsa baholo bana.—Liproverbia 15:22.

      12. Mokoetlisi o lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

      12 Ntlha ea pele, mokoetlisi o lokela ho etsa hore maemo e be a loketseng koetliso. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Feela joalokaha molemi a lokela ho lokisa mobu pele a jala, mokoetlisi le eena o lokela ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa. Kahoo, mokoetlisi a ka etsa’ng ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa? A ka etsisa mohlala oa moprofeta Samuele, eo e neng e le mokoetlisi ea hloahloa.

      13-15. (a) Jehova o ile a laela Samuele hore a etse’ng? (b) Samuele o ile a etsa’ng ho lokisetsa Saule mosebetsi o mocha? (Sheba setšoantšo se qalong.) (c) Ke hobane’ng ha tlaleho ea Bibele ea Samuele e le ea bohlokoa ho baholo kajeno?

      13 Lilemong tse fetang 3 000 tse fetileng, Jehova o ile a re ho moprofeta Samuele ea tsofetseng: “Hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla romela ho uena monna ea tsoang naheng ea Benjamine, ’me u mo tlotse hore e be moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.” (1 Samuele 9:15, 16) Samuele o ne a tseba hore a ke ke a hlola a etella sechaba sa Iseraele pele ebile Jehova o ne a batla hore a tlotse moeta-pele e mocha. Kahoo, Samuele o ile a loha leano e le hore a lokisetse monna eo mosebetsi o mocha.

      14 Letsatsing le hlahlamang, Samuele o ile a kopana le Saule, ’me Jehova a re ho moprofeta eo: ‘Ke eena monna enoa.’ Ka eona nako eo, Samuele a etsa seo a neng a rerile ho se etsa. O ile a bula monyetla oa hore a khone ho buisana le Saule. Samuele o ile a memela Saule le mohlanka oa hae lijong, a ba fa litulo tse ka pele le ho ba sehela karolo e ntle ka ho fetisisa ea nama. Samuele a re ho eena: ‘Ja, hobane ba ne ba u boloketse nama ena.’ Ha ba qeta ho ja, Samuele a memela Saule ntlong ea hae. Ba qoqa hamonate ha ba le tseleng e eang moo. Ha ba fihla ntlong ea Samuele, ba ea karolong e marulelong ea ntlo, ’me Samuele “a tsoela pele ho bua le Saule a le holim’a ntlo” ho fihlela ba il’o robala. Letsatsing le hlahlamang, Samuele o ile a tlotsa Saule, a mo aka ’me a mo fa litaelo tse eketsehileng. Ka mor’a moo, Saule a tsamaea a loketse se larileng ka pele.—1 Samuele 9:17-27; 10:1.

      15 Samuele o ile a tlotsa Saule hore e be moeta-pele oa sechaba. Ke ’nete hore sena ha se tšoane le ho koetlisa mor’abo rōna hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. Leha ho le joalo, baholo ba ntse ba ka ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa tseleng eo Samuele a ileng a lokisa pelo ea Saule ka eona. A re tšohleng tse peli tsa tsona.

      IKEMISETSENG HO BA BAKOETLISI LE METSOALLE

      16. (a) Samuele o ile a ikutloa joang ha Baiseraele ba batla morena? (b) Samuele o ile a etsa’ng ha Jehova a mo laela hore a tlotse Saule?

      16 Ba thuse ka ho rata ’me u se ke ua ba leqe. Qalong ha Samuele a utloa hore Baiseraele ba batla morena, o ile a nyahama ’me a ikutloa a saretsoe. (1 Samuele 8:4-8) Jehova o ile a mo bolella ka makhetlo a mararo hore a mamele sechaba, kaha Samuele o ne a sa batle ho se fa morena. (1 Samuele 8:7, 9, 22) Le hoja Samuele a ne a ikutloa ka tsela eo, ha aa ka a halefela monna ea neng a tla etella sechaba pele kapa hona ho mo honohela. Ha Jehova a mo bolella hore a tlotse Saule, Samuele ha aa ka a tsilatsila. O ile a khetha ho mamela hobane a rata Jehova, eseng hobane a qobelloa.

      Baholo, ipheng nako ea ho koetlisa barab’abo rōna le hoja le phathahane

      17. Kajeno baholo ba etsisa Samuele joang, ’me see se ba tlisetsa thabo joang?

      17 Ho na le baholo ba bangata kajeno ba nang le phihlelo ba etsisang Samuele, ’me ba koetlisa barab’abo rōna ka lerato. (1 Petrose 5:2) Baholo bana ba mosa ba ithaopela ho ruta ba bang, ’me ha ba tšabe ho arolelana boikarabelo le barab’abo rōna ba ntseng ba koetlisoa. Ba nka bara bana babo rōna e le “basebetsi-’moho” le bona, ba tlang ho ba thusa ho hlokomela phutheho ka seo e se hlokang. (2 Bakorinthe 1:24; Baheberu 13:16) Baholo bana ba se nang boithati ba thabela ho bona barab’abo rōna ba sebelisa bokhoni ba bona ho thusa batho ba Jehova.—Liketso 20:35.

      18, 19. Moholo a ka etsa’ng ho lokisa pelo ea mor’abo rōna eo a mo koetlisang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

      18 E-ba motsoalle, u se ke ua ba mokoetlisi feela. Ha Samuele a kopana le Saule a ka be a ile a nka oli a mo tšela ka eona hloohong hona hoo, a mo tlotsa hore e be morena. E ne e tla be e se e le morena, empa a se boemong bo loketseng ba ho etella batho ba Molimo pele. Kahoo, Samuele o ile a ipha nako ea ho hlomella Saule hore a lokele mosebetsi oo a o fuoang. Pele a tlotsa Saule, ba ile ba ja, ba otlolla maoto, ba qoqa nako e telele, ka mor’a moo ba phomola. Samuele o ile a emela nako e nepahetseng pele a mo tlotsa hore e be morena.

      Moholo le mohlanka ea sebeletsang ba qoqa hamonate

      U lokela ho ba motsoalle oa mor’abo rōna pele u mo koetlisa (Sheba serapa sa 18 le 19)

      19 Hoa tšoana le kajeno. Pele moholo a koetlisa mor’abo rōna o lokela ho ikitlaelletsa ho ba motsoalle oa hae. Seo moholo a tla se etsa hore mor’abo rōna eo a mo koetlisang a phutholohe, se tla fapana ho ea ka maemo le litloaelo tsa sebaka. Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, haeba u ipha nako ea ho mo koetlisa le hoja u phathahane, mor’abo rōna o tla hlokomela hore ke oa bohlokoa. (Bala Baroma 12:10.) Ka sebele, o tla ananela tsela eo u mo bontšang lerato le ho mo tsotella ka eona.

      20, 21. (a) E le hore moholo a atlehe, o lokela ho etsa’ng? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?

      20 Ke ’nete hore moholo o lokela ho rata ho koetlisa barab’abo rōna, e le hore a atlehe. Empa o boetse o lokela ho rata mor’abo rōna eo a mo koetlisang. (Bapisa le Johanne 5:20.) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Hobane haeba motho eo u mo koetlisang a bona hore u ua mo tsotella, o tla ikemisetsa ho ithuta. Kahoo baholo, ikitlaelletseng hore le se ke la ba bakoetlisi feela, empa le be metsoalle ea bao le ba koetlisang.—Liproverbia 17:17; Johanne 15:15.

      21 Moholo o lokela ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa. Empa a ka mo koetlisa joang? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

      a Sehlooho sena le se latelang li ngoletsoe baholo ka ho khetheha. Empa kaofela ha rōna re lokela ho thahasella boitsebiso bona. Hobane’ng? Hobane bo tla thusa barab’abo rōna bohle ho lemoha hore ba hloka koetliso, e le hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Haeba ho e-na le barab’abo rōna ba bangata ba koetlisitsoeng ka phuthehong, bohle ba tla rua molemo.

      b Baholo bana ba lula Afrika Boroa, Australia, Bangladesh, Belgium, Brazil, Fora, French Guiana, Japane, Korea, Mexico, Namibia, Nigeria, Réunion, Russia le United States.

      Thōmo e Potlakileng

      Mor’abo rōna ea sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo o koetlisa barab’abo rōna ba moo hore e be balisa ba mohlape

      BARA le barali babo rōna ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa lefatše ba ile liphuthehong tse linaheng tseo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ho tsona. Ba sebetsa ka thata ho bolella batho litaba tse molemo le ho ba ruta. Ho ka etsahala’ng haeba ba ka tloha libakeng tseo? Libakeng tse ngata ho tla sala ho se na barab’abo rōna ba koetliselitsoeng ho jara boikarabelo ka phuthehong. Kahoo haeba u moholo ’me u sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo, ho potlakile hore u koetlisetse barab’abo rōna ba moo ho jara boikarabelo ka phuthehong.

      TLHALOSO EA MANTSOE

      • Ho lokisa pelo ea mor’abo rōna: Ke ho thusa mor’abo rōna hore a ikemisetse ho ithuta. Moholo a ka etsa sena ka ho ipha nako ea ho ba motsoalle oa mor’abo rōna eo a mo koetlisang. O lokela ho etsa hore a phutholohe a be a ikutloe e le oa bohlokoa

  • Kamoo Baholo ba Koetlisang ba Bang Kateng Hore ba Tšoanelehe
    Molula-Qhooa—2015 | April 15
    • Elisha o shebile Elia ha a arola metsi a Nōka ea Jordane ka seaparo sa hae se khethehileng

      Kamoo Baholo ba Koetlisang ba Bang Kateng Hore ba Tšoanelehe

      “Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na . . . , u li behe ho banna ba tšepahalang.”—2 TIMOTHEA 2:2.

      U KA ARABA JOANG?

      • Moholo a ka etsa’ng ho thusa mor’abo rōna eo a mo koetlisang hore a rate Jehova haholoanyane?

      • Ke mangolo afe a ka sebelisoang ho thusa mor’abo rōna eo ho bonahalang eka ha a thahaselle ho jara boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong?

      • Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka etsisa Elisha joang?

      1. (a) Ke’ng seo esale batho ba Molimo ba se tseba ka ho koetlisa ba bang, hona see se sebetsa joang kajeno? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

      HAESALE batho ba Molimo ba tseba hore e le hore ba atlehe, ho hlokahala hore ba koetlise ba bang. Ka mohlala, Abrame o ile a hlophisa “banna ba hae ba koetlisitsoeng,” ba ileng ba loana ’me ba atleha ho pholosa Lota. (Genese 14:14-16) Libini tsa mehleng ea Morena Davida ‘li ne li koetliselitsoe’ ho binela Jehova lipina tsa thoriso. (1 Likronike 25:7) Kajeno, re lokela ho loantša Satane le lefatše la hae. (Baefese 6:11-13) Re boetse re sebetsa ka thata ho rorisa Jehova ka hore re bolelle ba bang lebitso la hae. (Baheberu 13:15, 16) Ho tšoana le bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, ho hlokahala hore re koetlisoe, e le hore re atlehe. Jehova o file baholo boikarabelo ba ho koetlisa ba bang ka phuthehong. (2 Timothea 2:2) Baholo ba bang ba entse’ng ho koetlisa barab’abo rōna hore ba hlokomele batho ba Jehova?

      THUSA MOR’ABO RŌNA HORE A RATE JEHOVA HAHOLOANYANE

      2. Moholo o lokela ho etsa’ng pele a ruta mor’abo rōna lintho tse ncha, hona hobane’ng?

      2 Moholo a ka ’na a tšoantšoa le molemi. Pele molemi a jala peō, a ka ’na a tšela manyolo mobung e le hore limela li tle li hōle hantle. Ka tsela e tšoanang, pele moholo a ruta mor’abo rōna lintho tse ncha, a ka ’na a lokela ho mo bontša melao-motheo ea Bibele e tla mo thusa hore a sebelise seo a ithutang sona.—1 Timothea 4:6.

      3. (a) Moholo a ka sebelisa mantsoe a Jesu a ho Mareka 12:29, 30 joang ha a buisana le mor’abo rōna eo a mo koetlisang? (b) Thapelo eo moholo a e etsang e ka ’na ea ama mor’abo rōna joang?

      3 Ke habohlokoa ho utloisisa hore na ’nete e ama tsela eo mor’abo rōna a nahanang le ho ikutloa ka eona joang. E le hore u tsebe seo, u ka ’na ua mo botsa hore na ho inehela ha hae ho Jehova ho amme liqeto tseo a li etsang bophelong joang. Potso eo e ka ’na ea le lebisa tabeng ea hore na re ka sebeletsa Jehova joang ka lipelo tsohle tsa rōna. (Bala Mareka 12:29, 30.) Mohlomong u ka ba ua rapela le mor’abo rōna, ua kōpa Jehova hore a mo fe moea o halalelang oo a o hlokang e le hore a amohele koetliso. Ha mor’abo rōna a utloa u mo rapella, seo se ka ’na sa mo khothalletsa hore a etse ho eketsehileng!

      4. (a) Fana ka mehlala ea litlaleho tsa Bibele e ka thusang mor’abo rōna hore a hatele pele. (b) Sepheo sa baholo e lokela ho ba sefe ha ba koetlisa barab’abo rōna?

      4 Ha u qala ho koetlisa mor’abo rōna, ho ka ba molemo hore le buisane ka litlaleho tsa Bibele tse ka mo thusang hore a bone bohlokoa ba ho thusa ba bang, ba ho ba motho ea ka tšeptjoang le ea ikokobelitseng. (1 Marena 19:19-21; Nehemia 7:2; 13:13; Liketso 18:24-26) Ho hlokahala hore mor’abo rōna a be le litšobotsi tsena, feela joalokaha mobu o hloka manyolo. Li tla mo thusa hore a hatele pele ka potlako. Moholo e mong oa Fora ea bitsoang Jean-Claude, o re sepheo sa hae ha a koetlisa mor’abo rōna ke ho mo thusa hore a etse liqeto tse bohlale tse thehiloeng melao-motheong ea Bibele. O re: “Ke leka ho fumana monyetla oa hore re bale temana e itseng le eena ho mo ‘tutubolla mahlo’ e le hore a bone ‘lintho tse hlollang’ tse ka Lentsoeng la Molimo.” (Pesaleme ea 119:18) Baholo ba ka sebelisa litsela life tse ling ho matlafatsa barab’abo rōna?

      MO KHOTHALLETSE HO IPEHELA LIPAKANE U BE U FANE KA MABAKA

      5. (a) Ke hobane’ng ha ho le molemo hore moholo a buisane le mor’abo rōna ka lipakane tseo a ipehetseng tsona tšebeletsong ea Jehova? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho koetlisa barab’abo rōna ba bacha? (Sheba naletsana.)

      5 Botsa mor’abo rōna hore na o ipehetse lipakane life tšebeletsong ea Jehova. Haeba a se na lipakane, mo thuse hore a ipehele pakane eo a ka e finyellang. Mo bolelle ka cheseho hore na u ile ua ipehela pakane efe le hore na u ile ua ikutloa joang ha u e finyella. Ha ho thata ho etsa sena, ’me mokhoa ona o oa atleha. Moholo e mong oa Afrika ea bitsoang Victor, eo e bileng e leng pula-maliboho, o re: “Ha ke sa le mocha, moholo e mong o ile a buisana le ’na ka lipakane tseo ke ipehetseng tsona. Puisano eo e ile ea etsa hore ke qale ho nahana ka ho teba ka tšebeletso ea ka.” Baholo ba nang le phihlelo ba re ho molemo ho koetlisa barab’abo rōna ba sa le bacha, mohlomong ha ba le qalong ea lilemo tsa bocha. U ka ba abela ho etsa mesebetsi e itseng ka phuthehong ho latela lilemo tsa bona. Haeba barab’abo rōna ba koetlisoa ba sa le bacha, seo se ka ba thusa hore ha ba ntse ba hōla, ba lule ba tsepamisitse kelello lipakaneng tseo ba ipehetseng tsona, esita le haeba ho e-na le lintho tse ngata tse ka ba sitisang.—Bala Pesaleme ea 71:5, 17.a (Sheba naletsana.)

      Ba Holong ea ’Muso, ’me moholo o hlalosetsa mor’abo rōna ea mocha hore na ke hobane’ng ha a lokela ho etsa mosebetsi oo

      Hlalosetsa mor’abo rōna hore na ke hobane’ng ha a lokela ho etsa mosebetsi oo u mo abelang oona, ’me u mo babatse ha a o entse (Sheba serapa sa 5-8)

      6. Jesu o ile a sebelisa tsela efe ha a koetlisa baapostola ba hae?

      6 E le ho susumelletsa mor’abo rōna hore a sebeletse, ha u ua lokela ho mo bolella feela hore na a etse’ng. U lokela ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa seo. Jesu, Mosuoe e Moholo, o ile a bolella baapostola ba hae hore ba lokela ho bolela. Empa o ile a qala ka ho ba bolella hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho mamela taelo eo. O ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:18, 19) U ka etsisa tsela eo Jesu a ileng a koetlisa baapostola ba hae ka eona joang?

      7, 8. (a) Kajeno, baholo ba ka etsisa mohlala oa Jesu joang ha ba koetlisa barab’abo rōna? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho babatsa mor’abo rōna? (c) Ke litlhahiso life tse ka thusang baholo ho koetlisa barab’abo rōna? (Sheba lebokose le reng “Tsela ea ho Koetlisa ba Bang.”)

      7 Ha u kōpa mor’abo rōna hore a etse ntho e itseng, mo hlalosetse ho tsoa Bibeleng hore na ke hobane’ng ha mosebetsi oo e le oa bohlokoa. Ha u etsa joalo, u tla be u mo ruta hore a etse lintho ho latela melao-motheo e ka Bibeleng, eseng feela hobane ho behiloe molao. Ka mohlala, haeba u kōpa mor’abo rōna hore a tiise hore sebaka se pel’a monyako oa Holo ea ’Muso se lula se hloekile ebile se sireletsehile, u ka ’na ua mo bontša lengolo la Tite 2:10. Mo hlalosetse kamoo mosebetsi ona o tlang ho khabisa molaetsa oa ’Muso kateng. Hape, thusa mor’abo rōna hore a nahane ka ba hōlileng le kamoo ho etsa seo ho tla ba thusa kateng. Ho buisana le eena ka lintlha tse kang tsena, ho tla mo thusa hore a nahane ka batho ho e-na le ho nahana ka molao. Ha a bona kamoo bara le barali babo rōna ba ruang molemo kateng mosebetsing oa hae, o tla thabela ho sebeletsa ba bang.

      8 Hape, babatsa mor’abo rōna ha a latela litlhahiso tsa hao. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Feela joalokaha metsi a thusa semela ho hōla, ha u babatsa mor’abo rōna, u mo thusa hore a hatele pele tšebeletsong ea Jehova.—Bapisa le Matheu 3:17.

      BOTHATA BO BONG

      9. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba linaheng tse ruileng ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna? (b) Ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba bang ba bacha ba sa nke hore ho sebeletsa Molimo ke taba ea bohlokoa bophelong ba bona?

      9 Baholo ba sebeletsang linaheng tse ruileng ba ka ’na ba fumana ho le thata ho khothalletsa barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba ka holimo ho lilemo tse 20 kapa 30 hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Baholo ba nang le phihlelo ba linaheng tse ka bang 20, ba boletse lebaka leo e ka ’nang eaba le etsa hore barab’abo rōna ba bang ba bacha ba be leqe ho etsa se eketsehileng ka phuthehong. Ba bangata ba bona ba re ha barab’abo rōna ba sa le tlaase lilemong, batsoali ba bona ha baa ka ba ba khothalletsa ho ipehela lipakane tšebeletsong ea Jehova. ’Me ha barab’abo rōna ba bacha ba batla ho atolosa tšebeletso ea bona, batsoali ba ba khothalletsa hore ba hahamalle thuto e phahameng kapa ba batle mosebetsi! Kahoo, ha ho mohla ho sebeletsa Molimo e kileng ea e-ba taba ea bohlokoa bophelong ba bona.—Matheu 10:24.

      10, 11. (a) Moholo a ka etsa’ng ho thusa mor’abo rōna ho fetola tsela eo a nahanang ka eona? (b) Moholo a ka sebelisa litemana life ho khothatsa mor’abo rōna, hona hobane’ng? (Sheba naletsana.)

      10 Haeba ho bonahala eka mor’abo rōna ha a thahaselle ho etsa se eketsehileng ka phuthehong, moholo o tla lokela ho sebetsa ka thata le ho bontša mamello e le hore a mo thuse ho fetola tsela eo a nahanang ka eona, e leng seo a ka atlehang ho se etsa. Molemi a ka tšehetsa semela e le hore se otlolohe butle-butle. Ka tsela e tšoanang, u ka thusa mor’abo rōna butle-butle hore a bone hore o lokela ho fetola tsela eo a ikutloang ka eona ka ho amohela boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Empa u ka etsa see joang?

      11 Iphe nako ea ho itloaetsa mor’abo rōna. Mo bolelle hore phutheho e ea mo hloka. Joale, ha nako e ntse e ea, lula fatše le eena ’me le buisane ka litemana tse ka mo thusang ho nahana ka boinehelo ba hae ho Jehova. (Moeklesia 5:4; Esaia 6:8; Matheu 6:24, 33; Luka 9:57-62; 1 Bakorinthe 15:58; 2 Bakorinthe 5:15; 13:5) Leka ho mo finyella pelo ka ho mo botsa lipotso tse kang: ‘U ile ua tšepisa Jehova eng ha u inehela ho eena? U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ha u kolobetsoa?’ (Liproverbia 27:11) ‘Satane eena o ile a ikutloa joang?’ (1 Petrose 5:8) Litemana tse kang tsena li matla ’me li ka ama mor’abo rōna ka ho teba.—Bala Baheberu 4:12.b (Sheba naletsana.)

      BA KOETLISOANG, BONTŠANG HORE LEA TŠEPAHALA

      12, 13. (a) Elisha o ile a bontša boikutlo bofe ha a ntse a koetlisoa? (b) Jehova o ile a putsa botšepehi ba Elisha joang?

      12 Barab’abo rōna ba bacha, phutheho e hloka thuso ea lōna! Ke’ng e tla le thusa hore le atlehe ho sebeletsa Jehova? Ho araba potso ena, a re tšohleng se ileng sa etsahalla Elisha, ha a ntse a koetlisoa.

      13 Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, moprofeta Elia o ile a kōpa Elisha ea mocha hore e be mohlanka oa hae. Elisha o ile a lumela hang-hang, ’me ka botšepehi a thusa moprofeta eo, ka ho etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase. (2 Marena 3:11) Elia o ile a koetlisa Elisha ka lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Joale, ha mosebetsi oo Elia a neng a o etsa Iseraele o se o le mothating oa ho fela, moprofeta eo o ile a bolella mohlanka oa hae hore a khaotse ho mo sebeletsa. Empa Elisha o ile a pheta ka makhetlo a mararo, a re: “Nke ke ka u tlohela.” O ne a ikemiselitse ho khomarela mokoetlisi oa hae kahohle-hohle. ’Me Jehova o ile a putsa botšepehi ba Elisha ka hore a mo lumelle ho bona ha Elia a nkoa ka sefefo.—2 Marena 2:1-12.

      14. (a) Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka etsisa Elisha joang? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore mor’abo rōna ea koetlisoang a tšepahale?

      14 Mor’abo rōna ea koetlisoang, u ka etsisa Elisha joang? Potlakela ho amohela mosebetsi oo u o fuoang, le haeba e le oa boemo bo tlaase. U hopole hore mokoetlisi oa hao ke motsoalle oa hao. Mo bolelle hore u ananela seo a u etsetsang sona, ’me u bontše hore u batla ho tsoela pele u ithuta mohlaleng oa hae. Habohlokoa le ho feta, etsa mosebetsi oa hao ka botšepehi. Hobane’ng? Ha u bontša hore u motho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang, baholo ba tla hlokomela hore Jehova o batla hore u fuoe boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.—Pesaleme ea 101:6; bala 2 Timothea 2:2.

      HLOMPHA BAHOLO BA NANG LE PHIHLELO

      15, 16. (a) Elisha o ile a etsa’ng ho bontša hore o hlompha mokoetlisi oa hae? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke’ng e ileng ea etsa hore baprofeta ba bang ba tšepe Elisha?

      15 Tlaleho ea Elisha e boetse e bontša hore barab’abo rōna ba lokela ho hlompha baholo ba nang le phihlelo. Ka mor’a hore Elia le Elisha ba etele baprofeta ba Jeriko, banna bao ba babeli ba ile ba tlameha ho tšela Nōka ea Jordane. Kahoo, “Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng ’me a se phutha eaba o otla metsi, ’me butle-butle a arohana.” Ba ntan’o tsamaea ba ntse ba bua ha ba tšela Nōka ea Jordane mobung o omileng. Elisha o ile a mamela ka hloko sohle seo mokoetlisi oa hae a se buang, ’me a tsoela pele ho ithuta mohlaleng oa hae. Ha ho mohla Elisha a kileng a nka hore o se a tseba lintho tsohle. Ha Elia a nkoa ka sefefo, Elisha o ile a khutlela Nōkeng ea Jordane. Ha a fihla moo, o ile a otla metsi ka seaparo se khethehileng sa Elia ’me a re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?” Metsi a nōka a ile a boela a arohana.—2 Marena 2:8-14.

      16 Na u hlokometse hore mohlolo oa pele oa Elisha o ne o tšoana hantle le oa ho qetela oa Elia? See se re ruta’ng? Elisha ha aa ka a nka hore kaha joale seeta ho lla sa hae, o lokela ho fetola tsela eo Elia a neng a etsa lintho ka eona. Ho e-na le hoo, Elisha o ile a etsisa tsela eo Elia a neng a etsa lintho ka eona, ’me a bontša hore o hlompha mokoetlisi oa hae, e leng se ileng sa nolofalletsa baprofeta ba bang hore ba mo tšepe. (2 Marena 2:15) Elisha o ile a sebeletsa e le moprofeta ka lilemo tse 60, ’me Jehova a mo fa matla a hore a etse mehlolo e mengata ho feta ea Elia. Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka ithuta’ng ho see?

      17. (a) Barab’abo rōna ba koetlisoang ba ka etsisa Elisha joang? (b) Ha nako e ntse e ea, Jehova a ka ’na a thusa barab’abo rōna ba koetlisoang joang?

      17 Ha u fuoa boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong, u se ke ua nka hore u lokela ho fetola tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona ka ho feletseng. U hopole hore lintho ka phuthehong li lokela ho fetoloa haeba feela ho e-na le lebaka kapa haeba mokhatlo oa Jehova o fana ka tataiso ea hore ho etsoe joalo. Ha u ua lokela ho fetola lintho hobane feela u batla ho li fetola. Elisha o ile a tsoela pele ho sebelisa mekhoa eo Elia a neng a e sebelisa, ’me seo sa etsa hore baprofeta ba bang ba mo tšepe le hore ba mo hlomphe joaloka mokoetlisi oa bona. Ka ho tšoanang, haeba u tsoela pele ho sebelisa mekhoa e thehiloeng Bibeleng eo bakoetlisi ba hao ba neng ba e sebelisa, u bontša hore u hlompha baholo ba nang le phihlelo, ’me bara le barali babo rōna ba tla u tšepa. (Bala 1 Bakorinthe 4:17.) Ha u ntse u ba le phihlelo, u tla etsa liphetoho tse ka thusang phutheho ho latela tataiso ea mokhatlo oa Jehova, o lulang o hatela pele. ’Me ha nako e ntse e ea, Jehova a ka ’na a u thusa hore u etse mesebetsi e meholo ho feta ea bakoetlisi ba hao, feela joalokaha a ile a thusa Elisha.—Johanne 14:12.

      18. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore baholo ba koetlise barab’abo rōna liphuthehong?

      18 Re tšepa hore litlhahiso tse fanoeng sehloohong sena le se fetileng li tla susumelletsa baholo ba eketsehileng hore ba iphe nako ea ho koetlisa barab’abo rōna. Re boetse re tšepa hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba tla amohela koetliso, ’me ba sebelise seo ba ithutang sona ho hlokomela batho ba Jehova. Ho ba koetlisa ho tla matlafatsa liphutheho lefatšeng lohle, ’me ho tla thusa e mong le e mong oa rōna hore a lule a tšepahala nakong e tlang.

      a Haeba mor’abo rōna ea mocha a bontša ho hōla tsebong, a ikokobelitse a bile a na le litšobotsi tse ling tse hlokahalang hore a ka sebeletsa ka phuthehong, baholo ba ka ’na ba mo buella hore a khethoe e le mohlanka ea sebeletsang, esita le haeba a e-s’o be lilemo li 20.—1 Timothea 3:8-10, 12; sheba Molula-Qhooa oa July 1, 1989, leqepheng la 29.

      b Le ka ’na la tšohla lintlha tse Molula-Qhooeng oa April 15, 2012, leqepheng la 14-16, serapeng sa 8-13; le tse bukeng ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” khaolong ea 16, serapeng sa 1-3.

      Tsela ea ho Koetlisa ba Bang

      BAHOLO ba atlehang ho koetlisa barab’abo rōna ba fana ka litlhahiso tsena:

      1. Ba behele mohlala ka mantsoe le ka liketso.

      2. Khothalletsa mor’abo rōna hore a matlafatse kamano ea hae le Jehova ka hore a bale Bibele eohle ka selemo.

      3. Sebetsa le eena tšimong.

      4. Mo thuse hore a tšoare seboka sa tšebeletso ea tšimo ka tsela e tla ruisa barab’abo rōna molemo.

      5. Ha u fana ka puo ea phatlalatsa, mo fe kemiso ea puo e le hore a bone kamoo u hōlisang lintlha kateng.

      6. Ka linako tse ling, mo memele hore a be teng le ba lelapa la hae ha le tšoara borapeli ba lelapa.

      7. Mo kōpe hore eena le ba lelapa la hae ba tsamaee le lōna ha le il’o bolela libakeng tseo ho nang le Lipaki tse seng kae ho tsona, kapa moo li leng sieo ka ho feletseng.c—Sheba naletsana.

      c Baholo ba Afrika, Amerika, Asia, Australia le Europe ba lekile litlhahiso tsena ’me ba atlehile.

      TLHALOSO EA MANTSOE

      • Baholo ba nang le phihlelo ba koetlisa barab’abo rōna ka ho ba bontša seo ba ka se etsang e le hore ba hlokomele batho ba Molimo

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela