Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb09 maq. 66-141
  • Samoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Samoa
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
  • Lihloohoana
  • LESELI LA ’NETE LE QALA HO CHABA
  • LIBOKA MEHLENG EO EA PELE
  • THUSO E TSOANG MOSE HO MAOATLE
  • KHATELO-PELE MOEENG APIA
  • KHATELO-PELE MOEENG AMERICAN SAMOA
  • BAROMUOA BA TSOANG SEKOLONG SA GILEADE BAA FIHLA
  • “HO NA LE FILIMI EA MAHALA MANTSIBOEA”
  • HO BOLELA KA HO PHEHELLA HO AMME BATHO LIPELO
  • HO PAKELA BATHO KA MOKHOA OA SESAMOA
  • LITHOLOANA TSA LINGOLILOENG TSA SESAMOA
  • BA MATLAFATSOA KE LIKOPANO
  • HO HLAHA BOKOENEHI APIA
  • BOTSOALLE BO KHOTHATSANG
  • AMERICAN SAMOA E HATELA PELE
  • SAMOA E AMOHELA BAROMUOA
  • HO IKAMAHANYA LE MAEMO A BOPHELO BA SEHLEKEHLEKENG
  • BATHO BA SAVAII BA AMOHELA LITABA TSE MOLEMO
  • BA SEBETSANA KA KATLEHO LE MATHATA A BOKULI HORE BA SEBELETSE JEHOVA
  • LITEKO TOKELAU
  • JEHOVA O HLOHONOLOFATSA KHŌLO EA MOEA
  • MOSEBETSI OA HO FETOLELA OA EKETSEHA
  • LEKALA LE HLOKA HO ATOLOSOA
  • HO OELOA KE KOLUOA!
  • “NTHO EO LE KA LE BALILOENG RE NENG RE SA E LORE”
  • ’NETE E FETOLA BOPHELO BA BATHO
  • BACHA BA RORISANG ’MŌPI OA BONA
  • BATHO BA RUTOA KA SEEA-LE-MOEA
  • HO HLOKAHALA LIHOLO TSA ’MUSO
  • HO KHEMA LE LINAKO
  • HO HATELA PELE LE MOKHATLO OA JEHOVA O HLOPHISITSOENG
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
yb09 maq. 66-141

Samoa

LIHLEKEHLEKE tsa Samoa tse hohelang ka botle li phatsima metsing a maputsoa a mofuthu a Leoatle la Pacific, hoo e ka bang bohareng ba Hawaii le New Zealand. Le hoja lihlekehleke tsena li bile teng ka lebaka la ho foqoha ha seretse se chesang, li joaloka mahakoe a ipabolang ka botle ’me litlhōrō tsa lithaba tsa moo li koahetsoe ke maru, ho sabaletse meru e tlokomang ea moo ho chesang ho bileng ho leng mongobo ’me lifate tsa palema li sikile le mabōpo a leoatle. Ho na le matangoana a phatsimang ao e leng lehae le letle la mefuta e ka bang 200 ea likorale hammoho le mefuta e ka bang 900 ea litlhapi. Hase feela barumuoa ba Europe ba boholo-holo ba ’nileng ba hlalosa hore lihlekehleke tsena tse tletseng monko o monate oa lithunthung tsa lifate ke lihlekehleke tse ntle ka ho fetisisa ho tseo ba li boneng Pacific Boroa!

Ho bonahala eka lilemo tse ka bang sekete pele Kreste a tla lefatšeng, batho ba Lapita e bile bona baahi ba pele ba lihlekehleke tsa Samoa.a Ho bonahala eka Mapolynesia ana a pele a ile a fallela Pacific a tsoa Asia boroa-bochabela ’me e ne e le bafuputsi ba sebete le basesisi ba nang le tsebo. Ba ile ba latela meea le maqhubu a leoatle eaba ba sesisa likepe tse telele tsa mofuta o hoketsoeng ’moho hore li tsamaee li bapile, ba tsamaea sebaka se seholo ho feta seo batho leha e le bafe ba neng ba kile ba se tsamaea leoatleng. Ha ba le hare-hare Leoatleng la Pacific Boroa, ba ile ba fumana sehlotšoana sa lihlekehleke tseo ba ileng ba li reha Samoa.

Ka lilemo tse makholo-kholo, bana ba bona ba ile ba ea nģ’a bochabela ho Leoatle la Pacific ho ea fihla Tahiti, eaba ba fetela Hawaii e ka leboea, ba ntoo fetela New Zealand e ka boroa-bophirimela, esita le Sehlekehlekeng sa Easter se ka boroa-bochabela. Kajeno lena sebaka sena se seholo se entseng khutlo-tharo se bitsoa Polynesia, e bolelang “Lihlekehleke Tse Ngata” ’me baahi ba eona ba bitsoa Mapolynesia. Ke kahoo Samoa e rehiloeng “’Mè oa Mapolynesia.”

Mehleng ea morao tjena Basamoa ba bang ba sebete ba ’nile ba kena leetong le leng le fapaneng le leo, ebile e le la bohlokoa haholo. Joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba tsamaea ka likepe, ba ’nile ba batla ho fumana bophelo bo molemohali. Leha ho le joalo, ho e-na le ho hahlaula le mafatše, Basamoa bana ba ’nile ba “nka leeto” ho tloha lefifing la moea ho ea leseling la moea. Leeto la bona e ’nile ea e-ba ho batla mofuta oa borapeli o amohelehang ho Molimo oa ’nete, Jehova.—Joh. 4:23.

Ena ke pale ea Lipaki Tsa Jehova tsa Samoa,b American Samoa le Tokelau. Ka 1962, Samoa Bophirimela e ile ea fumana boipuso athe American Samoa eona e tlas’a taolo ea United States. Kahoo, lihlekehleke tsa Samoa li arotsoe likarolo tse peli—e leng naha ea Samoa le ea American Samoa.

LESELI LA ’NETE LE QALA HO CHABA

Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ile tsa fihla Samoa ka lekhetlo la pele ka 1931 ka moeti e mong ea ileng a siela batho ba thahasellang lihlekehlekeng tseo libuka le libukana tse fetang 470. E tlameha ebe moeti eo e ne e le Sydney Shepherd, Paki e chesehang e ileng ea pholletsa le lihlekehleke tsa Polynesia ka sekepe mehleng eo, e bolela litaba tse molemo.

Lilemo tse supileng hamorao, molaetsa oa ’Muso o ile oa fihla American Samoa ha J. F. Rutherford, ea neng a tsoa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, a emisa sehlekehlekeng sa Tutuila ha a ne a tsamaea ka sekepe a tsoa Australia a ea United States. Khefutsong eo ea bona e khutšoanyane, Rutherford le moifo oa hae ba ile ba nka monyetla oo eaba ba tsamaisa lingoliloeng ho pholletsa le toropo eo ea Pago Pago e nang le boema-kepe.

Lilemo tse peli hamorao, e leng ka 1940, Harold Gill, ea neng a ile a bula maliboho ho pholletsa le linaha tsa Asia le tsa Pacific, o ile a fihla American Samoa. O ile a tla a nkile libukana tse 3 500 tsa Where Are the Dead?, e leng sengoliloeng sa pele seo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa se fetolela ka Sesamoa.c

Ho tloha moo Harold o ile a tšelela sehlekehlekeng sa Upolu, Samoa, a tsamaea lihora tse robeli ho ea ho tse leshome ka sekepe. Hamorao o ile a ngola tjena: “E tlameha ebe litaba tse amanang le mosebetsi oa ka li ile tsa fihla pele ke fihla, hobane eitse ha ke fihla feela, lepolesa le leng la mpolella hore ha kea lumelloa ho kena ka har’a naha. Ke ile ka hlahisa phasepoto ea ka eaba ke bala mantsoe a eona a ngotsoeng ka bokheleke a neng a ea ho batho bohle ba laolang maliboho a linaha tse ling a neng a re ho lumelloe mofo e mong le e mong oa Morena oa Brithani ea nang le phasepoto ‘hore a fete ka bolokolohi kapa ntle ho thibelo ’me a fuoe thuso le tšireletseho ka hohle kamoo ho ka khonehang.’ Seo se ile sa etsa hore ke qetelle ke buisane le ’Musisi oa moo, ea ileng a ntumella hore ke lule ho fihlela sekepe se latelang se fihla ka mor’a matsatsi a mahlano. Ke ile ka hira baesekele eaba ke pholletsa le sehlekehleke seo, ke siela batho bohle libukana.”

Ka mor’a hore Harold a atlehe leetong la hae la ho bolela litaba tse molemo lihlekehlekeng tsa Samoa, o ile a lokela ho khutlela Australia. Empa e ’ngoe ea libukana tseo a neng a li siile moo e ile ea ba ea fihla matsohong a mosebetsi e mong oa ofisi ea bitsoang Pele Fuaiupolu.d Molaetsa oa bukana eo o ile oa lula pelong ea Pele, o emetse hore Lipaki li khutle ho tla nosetsa linnete tseo tsa bohlokoa tse neng li jetsoe.—1 Bakor. 3:6.

Lilemo tse 12 hamorao, ka 1952, mor’abo rōna e mong ea tsoang Engelane ea bitsoang John Croxford, o ile a fihla toropong ea Apia, e leng motse-moholo oa Samoa, o sehlekehlekeng sa Upolu. Ha a le moo, o ile a sebetsa ofising e le ’ngoe le Pele. John e ne e le motho ea nang le botsoalle ea neng a bolella batho ba bang litaba tse molemo ka tjantjello. Ha a lemoha hore Pele o ne a rata Bibele, John o ile a ithaopela ho mo etela lapeng. Ha Pele a ngola, o re: “Re ile ra qoqa ho fihlela ka Sontaha ka lia-lla. Ke ile ka mo hloma lipotso tse ngata empa likarabo tsohle tsa hae li ne li tsoa Bibeleng. Ke ile ka kholiseha hore ena e hlile ke ’nete eo ke neng ke ntse ke e batla.” Hamorao selemong sona seo, Pele le mosali oa hae Ailua, e ile ea e-ba Basamoa ba pele ba ileng ba nehela bophelo ba bona ho Jehova eaba baa kolobetsoa.

Pele o ne a tseba hore o tla lokela ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha a lahla bolumeli ba baholo-holo ba hae. Kahoo, o ile a ithuta ka matla a ba a rapela ka tieo hore Jehova a mo thuse. Ha hlooho ea leloko labo e bitselitse Pele sebokeng motseng oa habo oa Faleasiu, e leng motse o moholo o lebōpong la leoatle o bohōle ba lik’hilomithara tse 19 ka bophirimela ho Apia, Pele le mong ka eena e mong ea neng a thahasella ’nete ba ile ba tjameloa ke sehlopha sa marena a tšeletseng, babuelli ba bararo ba morena, baruti ba leshome, mesuoe e ’meli ea thuto ea bolumeli, hlooho ea leloko e neng e eteletse seboka seo pele, hammoho le banna le basali ba baholo ba leloko.

Pele o re: “Ba ile ba re nyatsa ka matla le ho tšoela ka mathe mahlabisa-lihlong ao re a tliselitseng lelapa le kereke ea baholo-holo ba rōna. Hlooho ea leloko e ile ea re re ikarabelle, e leng puisano e ileng ea fela ka hora ea bone hoseng.

Pele o re: “Le hoja ba bang ba ne ba bua ka bohale ba re, ‘Behellang Bibele eo ka thōko! Tlohelang Bibele!’ Ke ile ka araba lipotso tsohle tsa bona ka Bibele ho hanana le liqoso tsa bona. Qetellong, ba ile ba felloa ke litaba. Eaba ba kebisa lihlooho. Ke moo hlooho ea leloko e ileng ea buela tlaase ea re: ‘Pele, u re hlōtse, taba tsa hao lia utloahala.’”

Pele o hopola a re: “Che Moren’a Ka, ha kea le hlōla. Bosiung bona le utloile molaetsa oa ’Muso. Ruri ke tšepa hore le tla o mamela.”

Kaha ka boikokobetso Pele o ne a tšepile Jehova le Lentsoe la Hae, Bibele, peō ea ’nete ea ’Muso e ile ea qala ho mela Upolu.

LIBOKA MEHLENG EO EA PELE

Litaba tse amanang le bolumeli ba Pele bo bocha li ile tsa hasana le sehlekehleke seo se senyenyane sa batho ba momahaneng. Ho tšoana le Baathene ba lekholong la pele la lilemo bao Pauluse a ileng a ba bolella litaba tse molemo, ba bang ba ne ba thahasella ho tseba ka “thuto [ena] e ncha” ba bile ba batla ho tseba ho eketsehileng. (Lik. 17:19, 20) Mohlankana e mong ea bitsoang Maatusi Leauanae, o ile a utloela hore batho ba thahasellang bolumeli bona bo bocha ba ne ba kopana beke e ’ngoe le e ’ngoe ntlong ea ngaka e mabaleng a sepetlele, eaba o etsa qeto ea ho batlisisa taba ena. Empa ha a fihla keiting ea sepetlele, o ile a tšoha eaba o nahana hore a khutle. Ka lehlohonolo, John Croxford o ile a fihla ka nako eaba o mo memela ho kopana le sehlopha seo mantsiboeeng ao. Mohlankana eo, e leng Maatusi, o ile a thabela se neng se ithutoa bukeng ea “’Nete e be ea Molimo” ’me a batla ho khutla hape. Le hoja a ne a tla libokeng ka seoelo, qetellong ’nete e ile ea teba pelong ea hae eaba o kolobetsoa ka 1956.

Ba neng ba sa tsoa kopanela le sehlopha sena ba ile ba bona ho hlokahala hore ba bolelle batho ba bang seo ba neng ba ithutile sona. Likhoeling tse hlano feela Mor’abo rōna Croxford a fihlile Apia, ho ne ho se ho e-na le batho ba leshome ba neng ba e-ea le eena mosebetsing oa boboleli. Likhoeli tse ’nè hamorao palo eo e ne e se e nyolohetse ho ba 19. Ho ile ha e-ba le litholoana tse molemo ha batho bana ba sa tsoa kopanela ba pakela metsoalle le beng ka bona.

Mohoeletsi e mong ea neng a le sehlopheng seo o ile a pakela motsoal’ae Sauvao Toetu, ea neng a lula Faleasiu. Ka mor’a nako, Sauvao le soare sa hae, Finau Feomaia, ba ile ba ea libokeng le ba malapa a bona ’me ba emela ’nete.

Ka January 1953, ho ile ha etsahala ntho ea bohlokoa historing ea borapeli ba ’nete Samoa. Kaha ka nako eo ho ne ho se ho e-na le batho ba 40 ba bang teng libokeng, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Australia e ile ea fana ka tumello ea hore ho thehoe phutheho ea pele Apia, Samoa. Ka mor’a moo, ha Mor’abo rōna Croxford a khutlela Engelane, Pele ea neng a sa tsoa kolobetsoa o ile a etella pele ka phuthehong. Bahoeletsi ba ne ba le sebete ba bile ba cheseha, empa ba ne ba sa le bacha ’neteng ’me ba e-s’o be le phihlelo. Ba bangata ba bona ba ne ba lokela ho ithuta ho bolela molaetsa oa ’Muso ka tsela e sa khopiseng le e ipiletsang. (Bakol. 4:6) Ba bang ba ne ba hloka thuso e le hore ba apare botho bo bocha ka botlalo. (Baef. 4:22-24) Ka lehlohonolo, thuso eo e ne e se e le tseleng.—Baef. 4:8, 11-16.

THUSO E TSOANG MOSE HO MAOATLE

Ka May 1953, ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba Maaustralia e leng Ronald le Olive (Dolly) Sellars, ho tla thusa Phutheho ea Apia. Ron o re: “Lekala la Australia le ne le se le sa khone ho buisana le barab’abo rōna ’me le tšoenyehile ka bona. Kaha re ne re bontšitse hore re lakatsa ho sebeletsa libakeng tsa Pacific, re ile ra kōptjoa hore re ee Samoa ’me re sebetse le phutheho e sa tsoa thehoa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng.”

Ron le Dolly ba ile ba ea Samoa ka sefofane se ka lulang metsing sa ba sa phahama se le ka metsing ’me ba ne ba ikemiselitse ho tobana le mathata ao hangata baromuoa ba kopanang le ’ona likabelong tsa tšimo e hōle. Ron o re, “Re ile ra fumana seo re neng re sa se lebella. Sehlekehleke se ne se tlokoma limela tse talana tsa moo ho futhumetseng ho bileng ho leng mongobo. Hohle ho ne ho tletse batho ba thabileng, ba lifahleho li elileng, ba shahlileng. Bana ba ne ba tlōla-tlōla ho pota matlo abo bona a bulehileng ka mahlakoreng, a ruletsoeng ka joang ’me fuluru e ne e hloekile e katiloe ka likorale. Batho bohle ba ne ba iketlile, ba sa tšoenyeha ka ho siuoa ke nako. Ho ne ho bonahala eka re fihlile paradeiseng.”

Hang ha lelapa la Pele le qeta ho fa ba ha Sellars bolulo, ba ile ba oela khabong. Ron o re: “Ke ne ke kopana le barab’abo rōna hoo e batlang e le bosiu bo bong le bo bong hore ke arabe lipotso tsa bona. Le hoja ba ne ba tseba lithuto tsa motheo tsa Bibele, kapele-pele ke ile ka hlokomela hore ba ne ba lokela ho etsa liphetoho tse ngata hore ba phele ka melao ea Molimo ea boitšoaro ka botlalo. E le hore ’na le Dolly re ba thuse nakong eo e thata, re ne re lokela ho ba le mamello haholoanyane ’me re ba bontše lerato ka tsela e fetang e tloaelehileng.” Leha ho le joalo, ka bomalimabe, ba bang ba ile ba hana ho etsa liphetoho tseo Mangolo a li khothalletsang ka lerato ’me butle-butle ba qala ho suthela hōle le phutheho. Empa ba bang ba ile ba bontša boikokobetso ’me ba etsa liphetoho tse hlokahalang ha ba fumana koetliso le khothatso. Ha nako e ntse e feta, ba ile ba hatela pele moeeng, ka lebaka leo, phutheho ea ’na ea hloekisoa le ho matlafatsoa.

Ron le Dolly ba ne ba boetse ba etella pele mosebetsing oa ho paka ka ntlo le ntlo. Ho tla fihlela ka nako eo, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba pakela metsoalle le baahisani ka tsela e sa reroang. Kaha ba ne ba se ba sebetsa ’moho le ba ha Sellars mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo, ba ile ba fumana batho ba bangata ba thahasellang. Ron o ile a ngola tjena: “Ka nako e ’ngoe re ile ra memeloa motseng oa morena e mong ea neng a thahasella e le hore re il’o mo bolella ho eketsehileng ka ’Muso. Ka mor’a ho phomosetsoa, ho ile ha qala moqoqo o monate oa Bibele. Ha hora e fela, puisano eo e ne e se e tšoana le puo ea phatlalatsa hobane ho ne ho se ho e-na le bamameli ba ka bang 50—le hoja re ne re sa ka ra mema batho!” Hangata bahoeletsi ba ne ba qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba babeli kapa ba bararo ba thahasellang ’me seo se hohele batho ba ka bang 10 ho ea ho ba 40 ba bohelehele ho tseba hore na Lipaki Tsa Jehova li ntse li etsa’ng.

Leha ho le joalo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hlokomela mosebetsi oa rōna. Ha ba boholong ba hana ho ekeletsa Ron le Dolly tumello ea ho lula Samoa e le baeti, Ron o ile a botsa mokomishinara ea ka sehloohong hore na lebaka ke lefe. Ron o re: “O ile a re bolella hore baruti ba itseng ba ile ba ipelaetsa ’musong ka lebaka la mosebetsi oa rōna oa ho bolela. Ka lebaka leo, o ile a re bolella hore o tla re ekeletsa nako ea ho lula haeba feela re ka mo tšepisa hore re tla khaotsa ho thusa phutheho mosebetsing oa eona oa ho bolela litaba tse molemo. Ke ile ka hana. Ke ile ka boela ka mo bolella hore e ka ba hantle ha a ka lemoha hore ha ho na motho ea neng a ka emisa mosebetsi oa Molimo. O ile a tšeha, eaba o re, ‘Re tla bona hore na ho tla etsahala’ng ha le tsamaile!’”

Ho tloha ka nako eo ba boholong ba ne ba le hlokolosi hore ba thibele Lipaki tse tsoang ka ntle ho naha. Ho sa tsotellehe boiteko boo, ka 1953, Theodore Jaracz, eo ka nako eo a neng a sebeletsa ofising ea lekala Australia ’me hona joale e se e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a kena Samoa ka lenyele ho ea khothatsa phutheho ea moo. Ron o re: “Ha a re etetse o ile a re khothatsa a ba a re kholisa hore re sa ntse re tšoere letsoho tseleng eo re neng re etsa lintho tsa moea ka eona.”

Nakoana ka mor’a moo, nako ea Ron le Dolly ea ho ba ka har’a naha e ile ea fela, eaba ba fallela American Samoa. Leha ho le joalo, likhoeling tse robeli tseo ba li qetileng Samoa, ba ne ba entse mosebetsi oa bohlokoa ho thusa barab’abo rōna ba moo hore ba tsitse le ho ba matlafatsa. Le hoja ba boholong ba ne ba sa tsebe, Lipaki tse ling li ne li le haufi le ho fihla ka mor’a hore ba ha Sellars ba tsamaee.

KHATELO-PELE MOEENG APIA

Ka May 1954, ho ile ha fihla Richard Jenkins, eo e neng e le mohlankana ea mafolofolo ea lilemo li 23 oa Moaustralia, ea neng a sa tsoa kolobetsoa. O re: “Pele ke tloha Australia, ke ile ka fuoa keletso ea hore ke se ke ka ikopanya le barab’abo rōna ho fihlela ke tsitsa mosebetsing oa boipheliso. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse ’maloa, ke ile ka jeoa ke bolutu haholo hoo ke ileng ka qala ho ikutloa ke fokola moeeng. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea hore ka lenyele ke kopane le Pele Fuaiupolu.” Ba ile ba kopana mafifing.

Richard o re: “Pele o ile a mpolella hore o tla mpitsa ka lebitso le leng hobane a tšaba hore ha ba boholong ba ka nkamahanya le phutheho, ba ka ’na ba nteleka ka har’a naha. Kahoo o ile a mpha lebitso la mor’a oa hae ea neng a sa tsoa hlaha, Uitinese, e leng lentsoe leo ka Sesamoa le bolelang ‘paki.’ Ho tla fihlela lena le holimo, bara le barali babo rōna ba Samoa ba sa ntse ba mpitsa ka lebitso leo.”

Kaha Richard o ne a sebelisa lebitso lena le lecha, o ile a khona ho kopana le barab’abo rōna ka tsela e sa tsoseng libatana masene. O ne a boetse a paka ka tsela e sa reroang ’me a qalile lithuto tse ’maloa tsa Bibele. Seithuti se seng sa Bibele e ne e le Mufaulu Galuvao, e leng mohlankana e mong eo e neng e le mohlahlobi oa tsa bophelo bo botle, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala ea Samoa. Qetellong, Falema‘a Tuipoloa, e leng e mong oa liithuti tsa Bibele, le eena e ile ea e-ba Paki, esita le litho tse ’maloa tsa lelapa labo.

E mong oa batho bao Richard a ileng a ba khannela thuto ea Bibele, ke mocha ea bitsoang Siemu Taase, ea neng a li hula pele kenkeng ea linokoane tse neng li utsoa thepa ea lefapha la litšebeletso tsa sechaba. Leha ho le joalo, pele Siemu a ka hatela pele moeeng, o ile a hlahleloa chankaneng ka lebaka la melato eo a neng a e entse nakong e fetileng. A sa tšabe, Richard o ile a kōpa lekosetabole hore a tsoele pele ho ithuta le Siemu tlas’a sefate sa mango se bohōle ba limithara tse ka bang 100 ka ntle ho mabota a chankana. Ka mor’a nako, batšoaruoa ba bang ba ile ba tla ho tla kopanela thutong.

Richard o re: “Le hoja re ne re sa lebeloe, ha ho le ea mong oa batšoaruoa ea ileng a leka ho baleha ’me ba bang ba ile ba amohela ’nete.” Ka mor’a hore Siemu a tsoe chankaneng, o ile a qetella e le moholo.

Ka 1955, Richard o ile a nyala pula-maliboho e mong oa Moaustralia, ea bitsoang Gloria Green. Ka bobeli ba bona ba ile ba qeta lilemo tse 15 ba le Samoa ’me ba thusa batho ba 35 hore ba ithute ’nete pele ba khutlela Australia. Hona joale ba lula Brisbane, Australia, moo Richard e leng moholo phuthehong ea moo ea Sesamoa.

Banyalani ba bang ba tsoang Australia, e leng William le Marjorie (Girlie) Moss, ba ile ba etsa tsoho la monna mehleng eo. Bill, eo e neng e le moholo ea etsang lintho ka tsela e hlaphohetsoeng le Girlie, eo e neng e le pula-maliboho ea nang le phihlelo ea lilemo tse 24, ba ile ba fihla Apia ka 1956. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 28 ba neng ba kopanela le Phutheho ea Apia, ho bile ho e-na le lihlopha tsa thuto ea buka Apia hammoho le Faleasiu. Bill le Girlie ba ile ba sebetsa ka mahlahahlaha le phutheho eo ka lilemo tse robong. Ha boemo ba Girlie ba bophelo bo mpefala ’me bo ba qobella hore ba khutlele Australia ka 1965, sehlopha se neng se le Faleasiu e ne e se e le phutheho e ikemetseng.

Lilemong tseo, ka makhetlo ’muso oa Samoa o ile oa hanela baromuoa ho kena ka har’a naha. Kamoo ho bonahalang kateng, ’muso le baruti ba ne ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova li ne li tla fela. Empa ho ile ha etsahala ntho eo ba neng ba sa e lebella. Lipaki li ile tsa eketseha ka palo ’me li ne li le mafolofolo li bile li cheseha—e leng se ileng sa bontša hore ha ho moo li eang teng!

KHATELO-PELE MOEENG AMERICAN SAMOA

Ha nako eo ba ha Sellars ba neng ba e filoe ea ho lula e le bajaki Samoa e se e tla fela, ka 1954, Ron o ile a etsa qeto ea hore a kōpe bolulo sehlekehlekeng sa American Samoa ho e-na le ho khutlela Australia. Ha Ron a ngola, o re: “Ha ke buisana le moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao oa American Samoa ’me a utloa hore ’muso oa Samoa o ne o hanne likōpo tsa rōna tsa ho lula re le bajaki ka lebaka la bolumeli ba rōna, o ile a re, ‘Monghali Sellars, re na le tokoloho ea bolumeli American Samoa ebile ke tla tiisa hore u fumana tumello ea ho lula u le mojaki.’”

Ron le Dolly ba ile ba fihla Pago Pago, American Samoa, ka la 5 January, 1954. Moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao o ile a lumella Ron hore a kene ka har’a naha tlas’a tumellano ea hore a lule a itlaleha ofising ea hae e le hore a ka tseba Lipaki Tsa Jehova haholoanyane. Ka lebaka leo, ba ile ba e-ba le lipuisano tse ’maloa tse monate tse thehiloeng Bibeleng.

Hamorao khoeling eo, Ron le Dolly ba ile ba memeloa lijong tsa mantsiboea lelapeng la moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao. Kaha ho ne ho boetse ho menngoe moprista oa K’hatholike oa moo le moruti oa Mokhatlo oa Baromuoa oa London, ho ile ha qala puisano e thahasellisang ea Bibele. Ron o re: “Qetellong ea lijo tsa mantsiboea, moeletsi eo oa ’muso litabeng tsa molao o ile a re leboha kaofela hore ebe re tlile, eaba o re, ‘Bonneteng ke nahana hore Monghali le Mofumahali Sellars ba hlōtse puisano mantsiboeeng ana.’ Nakoana ka mor’a moo, re ile ra fuoa tumello ea ho lula ka har’a naha re le baahi. Eitse hamorao ha moeletsi eo oa ’muso litabeng tsa molao a mpolella hore ’muso o ka amohela likōpo tse eketsehileng tsa baromuoa ba Lipaki ba lakatsang ho kena ka har’a naha, eaba hang-hang ke fetisetsa molaetsa oo ofising ea lekala e Australia.”

Motho oa pele ea ileng a nehela bophelo ba hae ho Jehova, American Samoa, ke Ualesi (Wallace) Pedro ea neng a le lilemo li 19, ea tsoaletsoeng lihlekehlekeng tsa Tokelau. O ne a amana le Lydia Pedro, eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng oa Fiji, ea neng a ile a siela moholoane oa Wallace buka ea “’Nete e be ea Molimo” ha a ne a ba chaketse ka 1952. Mocha eo ea bitsoang Wallace o ile a fumana buka eo ha moholoane oa hae eaba o ithuta eona ka hloko.

Ka mor’a hore Ron le Dolly ba fumane lelapa la ha Pedro ka 1954, ba ile ba ithuta le moholoane oa Wallace le khaitseli ea hae. Wallace o ne a lumela ho Jehova Molimo, empa pele o ne a le leqe ho ithuta le bona ka lebaka la ho se tšepe bolumeli. Leha ho le joalo, ka mor’a nako o ile a kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova li bua ’nete eaba o qala ho ba teng libokeng kamehla Fagatogo. O ile a hatela pele moeeng ka potlako eaba ka la 30 April, 1955, Wallace o kolobelletsoa Koung ea Likepe ea Pago Pago.

Ka January 1955, e leng selemo feela ka mor’a hore Ron le Dolly ba fihle, ho ne ho se ho e-na le batho ba supileng ba neng ba e-ba teng libokeng lehaeng la bona la boemo bo tlaase le Fagatogo. Ho ne ho se na thepa e kaalo ka tlung, kahoo motho e mong le e mong o ne a lula fatše. Nakoana hamorao, batho ba bararo ba neng ba sa tsoa qala ho ba teng libokeng ba ile ba tsamaea le Ron le Dolly tšebeletsong ea tšimo. E ne e le ho qala ha letsatsi la lintho tse nyenyane, empa likhōlō li ne li sa ntse li tla.

BAROMUOA BA TSOANG SEKOLONG SA GILEADE BAA FIHLA

Ka la 4 February, 1955, malapa a mabeli a baromuoa a neng a tsoa United States, e leng Paul le Frances Evans hammoho le Gordon le Patricia Scott, ba ile ba fihla American Samoa. Ba ile ba lula lehaeng la baromuoa le Fagatogo le neng le le qhooeng moo ba neng ba ka bona liketsahalo tse thahasellisang motseng. Molebeli oa potoloho ea bitsoang Leonard (Len) Helberg, ea ileng a etela Pago Pago selemong seo o hlalosa seo tjena:

“Lehae la baromuoa e ne e le folete e khōlō e holim’a lebenkele la khale. Ka lehlakoreng le leng, mose mane ho molatsoana, ho ne ho e-na le bara eo basesisi ba likepe ba neng ba roba monakeli ho eona mantsiboea. E ne e re ha merusu ea batho ba loanang e qhoma bareng ’me e tsoela seterateng se tlaasana, ebe ho tla mookameli oa mapolesa oa moo, monna e mokhutšoanyane ea litšika-tšika, a fihle a fohle letšoele a momme cigar ka thata pakeng tsa meno, a betse litebele ka nģ’ena le ka nģ’ena ho fihlela a qhalile hlenhlenyane eo. Ho ne ho e-na le kereke ka mor’a jarete, eo ho eona ho neng ho lula ho tšosoa batho ka thero ea hore ba tla cha liheleng. Ha re eme foranteng, re ne re ee re bone matšoele a phuthehela bankeng letsatsing leo ’muso o lefang basebetsi ka lona. Baruti ba likereke ba tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa sehlekehleke, ba ne ba feresa har’a letšoele ba koleka karolo ea leshome ho litho tsa kereke pele li ka sebelisa chelete.”

Motseng ona oa liketsahalo tse thahasellisang, ho ne ho e-na le batho ba bangata ba thahasellang molaetsa oa Bibele. Len o re: “Moromuoa e mong o ne a qala ho khanna thuto ea Bibele ka hora ea botšelela hoseng moo ho kutoang moriri pele mong’a moo a qala ho sebetsa. Ebe o ea lebakeng la motse ho ea ithuta le mong’a lona pele a isetsa batho bohobe malapeng bakeng sa lijo tsa hoseng. Etlare ha letsatsi le phahama, ebe mor’abo rōna o ea sebakeng se bulehileng ka har’a toropo ho ea ithuta le sehlopha sa batšoaruoa ba chankaneng ea moo.” Ha selemo se il’o kolumela, baromuoa bao ba ne ba se ba khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 60 le batho ba fetang 200.

“HO NA LE FILIMI EA MAHALA MANTSIBOEA”

E ’ngoe ea lintho tse entseng hore batho ba thahasellang ba eketsehe ke filimi ea The New World Society in Action.e Filimi ena—eo e leng eona ea pele e hatisitsoeng ke mokhatlo lilemo tse ka bang 40 ka mor’a hore ho hatisoe “Photo-Drama of Creation”—e ile ea bontša mosebetsi oa ho bolela o etsoang lefatšeng ka bophara le oa ho hatisa, ea ba ea bontša tsela eo Lipaki Tsa Jehova li hlophisitsoeng ka eona. Ha Len a etetse American Samoa ka 1955 moo a ileng a nka libeke tse ’nè, o ile a bontša batho ba 3 227 filimi ena ka makhetlo a sa tšoaneng a 15, e leng se bolelang hore ka kakaretso lekhetlo ka leng ho ne ho e-ba le batho ba 215 ba neng ba e shebella.

Len o re: “Pele re bontša batho filimi eo, re ne re e phatlalatsa metseng eohle, re siela e mong le e mong eo re neng re kopana le eena pampitšana. Ka nako e tšoanang, re ne re hooa, re re, ‘Ho na le filimi ea mahala mantsiboea,’ re bile re bolela lebitso la motse oo re neng re tla e bontša ho oona.”

Batho ba ile ba khahloa ke filimi eo haholo. Ka linako tsohle ha re qeta ho e bapala, bashebelli ba ne ba batla ho tseba ho eketsehileng ka Lipaki Tsa Jehova le lithuto tsa tsona. Ho e-na le hore ba bangata ba thahasellang ba emele Lipaki hore li khutle, ba ne ba ikisa lehaeng la baromuoa, moo ka nako e le ’ngoe, baromuoa ba neng ba khanna lithuto tse ’maloa ba le libakeng tse sa tšoaneng. Ha sehlopha se seng se tsamaea, se seng se ne se kena. Ron Sellars o re: “Lilemo hamorao, batho ba ne ba ntse ba amahanya Lipaki Tsa Jehova le lintho tse hlollang tseo ba ileng ba li bona filiming eo.”

HO BOLELA KA HO PHEHELLA HO AMME BATHO LIPELO

Likhoeli tse peli ka mor’a leeto la Len Helberg, ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea Lipaki Tsa Jehova American Samoa, motseng oa Fagatogo. Nakong e ka etsang selemo feela palo ea bahoeletsi ba phutheho e ne e se e eketsehile ho tloha ho ba 14 ho ea ho ba 22. Hoo e ka bang ka eona nako eo, ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba khethehileng, e leng Fred le Shirley Wegener ba neng ba tsoa Australia ho tla thusa phutheho eo e hōlang. Hona joale Fred ke setho sa Komiti ea Naha ea Samoa.

Bahoeletsi, bo-pula-maliboho le baromuoa bana ‘ba ne ba cheseha moeeng.’ (Bar. 12:11) Len o ile a ngola tjena: “Kaha bahoeletsi ba ne ba le leqoophe ebile batho motseng ba thahasella Bibele, bohareng ba bo-1960, ho ne ho kile ha khannoa thuto ea Bibele ntlong e ’ngoe le e ’ngoe motseng oa Fagatogo. Lilemong tseo, ba ne ba boetse ba etela lelapa le leng le le leng sehlekehlekeng khoeli le khoeli.”

Ka sebele matšolo ana a ho bolela litaba tse molemo ka botlalo a ile a susumetsa tsela eo batho ba moo ba neng ba talima lithuto tsa Bibele ka eona. Len o re: “Ho ile ha tsebahala hohle hore batho ba tla phela ka ho sa feleng hona lefatšeng mona, hore ha ho na mollo oa lihele le hore bafu ha ba tsebe letho. Batho ha baa ithuta linnete tsena tsa motheo likerekeng tsa habo bona, empa ba ithutile tsona ho Lipaki Tsa Jehova. Lebaka ke hobane re ne re bua le motho ka ho toba ’me re mo behela mabaka ka Bibele ea hae.”

Leha ho le joalo, kaha batho ba bangata ba ne ba e-na le maqhama le malumeli a bona le malapa a habo bona, seo se ile sa ba sitisa ho nka bohato ka seo ba ileng ba ithuta sona. Ba bang ba ne ba rata boitšoaro bo hlephileng bo neng bo lumelloa likerekeng ho e-na le melao ea boitšoaro e lokileng eo Bakreste ba ’nete ba lokelang ho phela ka eona. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le batho ba lipelo li ntle, bao joaloka mohoebi ea tsamaeang oa papisong ea Jesu, ba neng ba nka ’nete joaloka perela ea bohlokoa haholo eaba ba e khomarela. Baahi ba bangata ba sehlekehlekeng ba lipelo li ntle ba ile ba emela ’nete ka sebete ba bile ba tiile.—Mat. 13:45, 46.

HO PAKELA BATHO KA MOKHOA OA SESAMOA

Pula-maliboho e mong ea tsoang Canada ea bitsoang Caroline Pedro, ea ileng a nyaloa ke Wallace Pedro ka 1960, o re: “Ka sebele ho ea tšebeletsong ea tšimo ho ne ho le monate mehleng eo. Hoo e ka bang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, ho ne ho e-ba le motho ea batlang ho qoqa le rōna ka Bibele. Ho ne ho le bonolo ho qala lithuto tsa Bibele ’me hangata lelapa kaofela le ne le kopanela thutong.

“Ho paka metseng ea mahaeng hase ntho eo re tla ke re e lebale. Hangata bana ba banyenyane ba ne ba re felehetsa ha re ea ka ntlo le ntlo ’me ba re mamela ka hloko ha re bua le beng ba matlo. Ba ne ba mathela ntlong e latelang ebe ba bolella mong’a ntlo hore rea tla. Ba ne ba bile ba bolella beng ba matlo seo re buang ka sona le mangolo ao re a sebelisang! Kahoo, e le hore re se ke ra pheta seo bana ba motse ba se buileng, re ne re lokisetsa ho bua ka lintho tse fapa-fapaneng.”

Ha barab’abo rōna ba le mosebetsing oa boboleli, ba ne ba boela ba e-ba hlokolosi hore ba latele mekhoa e metle esita le tsela ea ho lula e tsamaisanang le meetlo ea sebaka seo. (1 Bakor. 9:20-23) Charles Pritchard eo e kileng ea e-ba moromuoa moo ’me hona joale e le setho sa Komiti ea Lekala New Zealand, o ile a ngola tjena: “Kaha moo hoa chesa ebile ho mongobo, matlo a mahaeng (fale) ha a na mabota, kahoo ho ne ho le bonolo hore re bone ha motho a le teng lapeng. Ho ne ho nkoa e le mekhoa e mebe ka ho fetisisa hore re bue re ntse re eme kapa mong’a ntlo a e-s’o re amohele ka tlhompho. Kahoo re ne re atamela ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ebe re leta re khutsitse ho fihlela mong’a ntlo a re bona. Ka mor’a moo o ne a tla re alla moseme fulurung ea likorale ka tlung. Ka tsela eo o ne a re re rōle lieta, re kene ka tlung ebe re lula mosemeng re fapantse maoto.” Baromuoa ba bangata ba ne ba utloa bohloko ha ba lula fatše ka tsela eo nako e telele. Ka lehlohonolo, setso sa moo se ne se lumella batho hore ba name maoto ebe ka boitlhompho ba a koahela ka moseme. E ne e le ho etsa hore maoto a sa roalang lieta a se ke a lebana le mong’a ntlo—e leng seo Basamoa ba se nkang e le tlhapa e tšabehang.

John Rhodes, eo e kileng ea e-ba moromuoa Samoa le American Samoa ka lilemo tse 20, o re: “Beng ba matlo ba ne ba atisa ho re amohela ka tlhompho ebe ba re bolella hore re ba tlotlile ka ho tlisa molaetsa oa Bibele malapeng a bona a boemo bo tlaase. Ka mor’a moo, re ne re qala ho tsebana: Le tsoa hokae? Na le na le bana? Ha habo lōna ke hokae?”

Mosali oa John, e leng Helen o phaella ka ho re: “Ka linako tsohle ha re bitsa mong’a ntlo, re ne re sebelisa puo e hlomphehang e atisang ho sebelisoa liketsahalong tsa bohlokoa. Tsela ena ea ho bua le bona ka tlhompho e ne e tlotla mong’a ntlo hammoho le molaetsa oa rōna oa Bibele.”

Caroline Pedro o re: “Nakong ena ha re ntse re tsebana, re ile ra tloaelana le batho ba bangata hammoho le malapa a bona. Seo se ile sa re thusa hore re ba fe seo ba se hlokang moeeng ka tsela e atlehang haholo.”

Ka mor’a tumeliso ena, joale bahoeletsi ba ne ba ka bolela molaetsa oa ’Muso. Robert Boies eo e kileng ea e-ba moromuoa o re: “Ka tloaelo beng ba matlo ba ne ba re mamela ho sa tsotellehe hore na re bua nako e telele hakae. Ebe ka mor’a moo ba re phetela boholo ba lintho tseo re ba boleletseng tsona ho bontša hore ba nka molaetsa oa rōna e le oa bohlokoa.”

Kaha batho ba ne ba tseba Bibele haholo, ho ne ho tloaelehile hore ho be le lipuisano tse telele mabapi le lithuto tsa Bibele. Caroline Pedro o re: “Lipuisano tsena li ile tsa ntlafatsa kutloisiso ea ka ea lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele.” Matlong a mangata batho ba ne ba thabela ho fumana lingoliloeng. Ka mor’a nako, bahoeletsi ba ile ba ithuta phapang pakeng tsa batho ba mpang ba le bohelehele feela le ba hlileng ba thahasellang lintho tsa moea.

Batho ba bangata ba neng ba sa tsoa qala ho thahasella litaba tse molemo le ho tla libokeng, ba ne ba batla ho qala ho ea tšimong. John Rhodes o re: “Basamoa ke likheleke tsa tlhaho tse tsebang ho bua ka pel’a batho ’me ba bangata ba neng ba sa tsoa qala ho kopanela ba ne ba bolela tumelo ea bona ka sebete le hoja ba ne ba koetlisitsoe hanyenyane kapa ba sa koetlisoa ho hang. Leha ho le joalo, re ne re ba khothalletsa ho sebelisa litlhahiso tsa ho paka tse hatisitsoeng le hore ba behele batho mabaka ka Mangolo ho e-na le hore ba itšetlehe ka ho feletseng ka bokheleke ba bona ba tsoalo.” Ka lebaka la koetliso e joalo e loketseng ho ile ha qetella ho e-na le baboleli ba bangata ba evangeli ba nang le tsebo.

LITHOLOANA TSA LINGOLILOENG TSA SESAMOA

Le hoja Basamoa ba bangata ba tseba ho bua Senyesemane hantle, ho sa ntse ho e-na le ba sa se tsebeng hantle. E le hore ho finyelloe lipelo tsa batho bao ba ratang ’nete lihlekehlekeng tsena, Pele Fuaiupolu, o ile a fetolela lipampitšana tse ’nè ka puo ea Sesamoa ka 1954. Pele e bile mofetoleli ea ka sehloohong eo mokhatlo o neng o mo sebelisa ho fetolela Sesamoa ka lilemo tse ngata. Hangata o ne a sebetsa ho fihlela e ba bosiu, a thaepa ka mochine oa khale oo e seng oa motlakase boitsebiso boo a bo fetoletseng, a khantšitse ka lebone la parafine.

Le hoja Pele e ne e le mofetoleli, o ne a hlokomela mosali le bana ba robeli, a etella pele mesebetsing ea phutheho a bile a sebetsa mosebetsi oa boipheliso ka matsatsi a mahlano le halofo ka beke a hlahloba masimo a lifate tsa k’houk’hou lihlekehlekeng tseo kaofela. Len Helberg o ile a ngola tjena: “Lilemong tsena tsa ha Pele a ne a sebetsa ka mahlahahlaha, le ka mohla o ne a sa batle ho hlahella kapa ho rorisoa. Empa o ne a leboha haholo hore ebe o fuoe tlotla ea ho sebelisoa ke Jehova. E ne e le Paki e hlaheletseng hobane o ne a tšepahala, a ikokobelitse a bile a cheseha—kaofela re ne re mo hlompha re bile re mo rata.”

Ka 1955, bahoeletsi ba ile ba aba libukana tsa Sesamoa tse 16- 000 tsa “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso.” E ne e ngotsoe ka puo e bonolo ’me e ruta lithuto tsa motheo tsa Bibele ka tsela eo ho neng ho le bonolo ho e utloisisa—e leng se ileng sa etsa hore e be buka e molemo ea ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele le ho li khanna. Ha Richard Jenkins a ngola, o re: “Ka mor’a hore batho ba sa tsoa qala ho kopanela ba e bale ka makhetlo a ’maloa, ba ne ba se ba ka kolobetsoa. Re ne re e rata haholo!” Ka mor’a nakoana ho ile ha latela libukana tse ling tsa Sesamoa.

Molula-Qhooa oa pele oa Sesamoa o ile oa hatisoa ka 1958. Fred Wegener, eo e neng e le mohatisi, o ile a etsa makasine ena ka ho kopanya ka seteipolara lipampiri tse neng li hatisitsoe ka mochine o monyenyane. Likhatiso tse latelang li ile tsa hatisoa United States ’me hamorao ea e-ba Australia. Lingoliloeng tse ’maloa tsa rōna li ne li fetoleloa ebe khoeli le khoeli ho hatisoa likarolo tsa tsona Molula-Qhooeng oa Sesamoa. Ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1970, ho ile ha lokolloa libuka tse feletseng ka Sesamoa, e leng ho ileng ha khatha tema e khōlō hore mosebetsi oa ho bolela o tsoele pele ka potlako.

Libuka tse feletseng tsa mokhatlo li ile tsa abuoa haholo ho pholletsa le lihlekehleke tsa Basamoa. Ka 1955, ha bahoeletsi ba aba buka ea You May Survive Armageddon Into God’s New World, baahi ba bangata sehlekehlekeng sa American Samoa ba ile ba e fumana. Ha Wallace Pedro a ngola o re: “Batho ba ne ba bala Libibele tsa bona, empa ho hang ba ne ba e-s’o utloe lentsoe Armagedone. Empa ka mor’a hore malapa a bale buka ena, bana ba ne ba atisa ho bolela hore re se re fihlile motseng ka ho hooa ba re, ‘Armagedone ke eo!’ Batsoali ba bang ba ne ba bile ba rehella bana ba bona ka Armagedone.”

Ha buka ea Sesamoa ea ’Nete e Isang Bophelo bo sa Feleng e lokolloa ka 1972, e ile ea ama batho ka tsela e tšoanang. Qalong, khoeli le khoeli, baromuoa ba bangata ba ne ba tsamaisa mabokose a mabeli ho isa ho a mararo a buka ena, ba e siela batho ba nyoretsoeng ho bala. Fred Wegener o re: “Ha re le ’marakeng batho ba ne ba itlisa ho rōna, ba bang ba bile ba hlaha ka lifensetere tsa bese ba kōpa buka ea ’Nete.”

BA MATLAFATSOA KE LIKOPANO

Ka June 1957, barab’abo rōna ba ile ba tsoha molota ha ba utloa hore ho ne ho tla tšoaroa kopano ea potoloho ea pele Pago Pago, American Samoa. Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba neng ba tloha sehlekehlekeng sa Samoa ka sekepe ba tl’o mamela lenaneo la kopano. Kaha barab’abo rōna ba ne ba labalabela ho mema batho bohle, ba ile ba phatlalatsa lenaneo la kopano haholo ka Senyesemane le Sesamoa. Ka lebaka leo, bahoeletsi ba 60 ba Samoa le American Samoa ba ile ba thabela hore ebe ha lenaneo leo le thakholoa ka Labohlano hoseng, ho ne ho e-na le batho ba 106.

Kopanong ena ho ile ha etsahala lintho tse itseng tse neng li sa lebelloa nakong ea khefu ea lijo ka lebaka la setso sa Basamoa le ka lebaka la hore bashebelli ba ne ba thahasella se neng se etsahala. Ron Sellars o re: “Nako ea lijo ke ntho ea bohlokoa setsong sa Basamoa ’me ka tloaelo batho ba mema bafeta-ka-tsela hore ba fapohele lijong. Empa eitse ha barab’abo rōna ba mema batho ba bangata ba emeng tseleng hore ba tle lijong tsa motšehare kopanong, seo se ile sa imetsa lefapha la lijo, etsoe le ne le phehile lijo tse lekaneng feela bara le barali babo rōna ba neng ba tlile kopanong.”

Leha ho le joalo, nakong ea lijo batho bana ba ile ba fuoa bopaki bo botle. Ka tloaelo banna ba Basamoa ba ja pele ho basali le bana ha ho e-na le liketsahalo tse khethehileng. Hangata batho ba tsoang ka ntle ho naha hammoho le baruti baa itšeka ho batho ba bang ebe ba ngoatheloa hantle ho feta batho ba bang kaofela. Leha ho le joalo, kopanong ena bafeta-ka-tsela ba ile ba bona baromuoa ba tsoang linaheng tse ling le malapa a Basamoa ba ja ’moho joaloka batho ba lekanang ba bile ba thabile. Batho bohle ba ile ba bona ka ho hlaka hore batho ba Jehova baa ratana ebile ke ntho e le ’ngoe.

Hase feela hore likopano tsa mofuta ona li ile tsa matlafatsa barab’abo rōna le ho ba koetlisa, empa li ile tsa boela tsa ba lokisetsa liteko tse boima tse neng li larile ka pele.

HO HLAHA BOKOENEHI APIA

Ho ile ha hlaka hore ha ho ntse ho e-ba le keketseho e khothatsang lihlekehlekeng tsena, ho ne ho boetse ho hlaha mathata Samoa. Batho ba itseng ba neng ba etelloa pele ke motho e mong ea hlooho e thata eo e neng e le matai (hlooho ea lelapa), ba ne ba hanyetsa tataiso ea puso ea Molimo ’me ba fehla merusu ka Phuthehong ea Apia. Kaha liboka li ne li tšoareloa ha motho eo, butle-butle likhohlano li ile tsa ’na tsa tota.

Qetellong ka 1958, marabele ao a ile a ikarola phuthehong ’me a theha sehlotšoana sa ’ona sa ho ithuta. Douglas Held, eo ka nako eo a neng a sebeletsa lekaleng la Australia ’me a etetse Fiji ka nakoana, o ile a tšelela Samoa ho ea leka ho thusa batho bao ba neng ba sa khotsofala. Le hoja keletso ea hae e matla e thehiloeng Mangolong e ile ea khothatsa ba tšepahalang ka phuthehong, kotara ea ba neng ba e-ba teng libokeng e ile ea qetella e tšehelitse marabele ao. Hamorao batho ba bangata ba ileng ba hlōloa ke boikhohomoso ba bile ba sa ikemisetsa ho fetoha, ba ile ba tlameha ho khaoloa.

Leha ho le joalo, hang-hang ho ile ha hlaka hore na moea oa Jehova o ne o le holim’a bo-mang. Qetellong sehlopha seo sa marabele se ile sa tsekoloha ho fihlela se felile. Ka lehlakoreng le leng, bahoeletsi ba Phutheho ea Apia ba ile ba eketseha ka liphesente tse 35 selemong seo. Ka mor’a hore phutheho e kopanele ka nakoana ha Richard le Gloria Jenkins, haufi le sepetlele sa Apia, qetellong e ile ea fallela ha Maatusi Leauanae motsaneng oa Faatoia, Apia. Mona ho ne ho rena lerato le mofuthu le tšebelisano-’moho har’a bahoeletsi. Hamorao ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso ea pele motseng oa Apia setšeng sa Maatusi, ka thuso ea lichelete ea phutheho e ’ngoe ea Sydney, Australia.

BOTSOALLE BO KHOTHATSANG

Ho feta moo, ka 1959, Phutheho ea Apia e ile ea matlafatsoa ha ’muso oa Samoa o lumella baromuoa ba bahlano ba tsoang American Samoa ho ea kopanong ea pele ea potoloho e ileng ea tšoareloa Apia. Bohle ba ile ba thaba haholo ha ho e-na le batho ba 288 ’me ba 10 ba kolobetsoa! Lilemo tse peli hamorao, phutheho eo e ile ea tšoara kopano ea pele ea setereke mohahong oa khale oa sepetlele sa Majeremane pel’a ntlo ea baeti, ea White Horse Inn. Kopanong ena ea bohlokoa ho ne ho tlile baeti ba tsoang libakeng tse hōle joaloka New Zealand.

Likopano tseo li ile tsa fa barab’abo rōna tsebo eo ba neng ba e hloka ea ho hlophisa likopano. Kahoo, hamorao ha ’muso oa Samoa o hanela balebeli ba tsamaeang le baromuoa ho kena ka har’a naha, barab’abo rōna ba ne ba se ba tseba ho itlhophisetsa likopano. Ka 1967, ka lekhetlo la pele Samoa ho ile ha hlophisoa tšoantšiso ea Bibele ea moaparo oa mehleng ea boholo-holo e ileng ea nka hora. Batho ba neng ba le teng kopanong eo ba ile ba nka nako e telele ba ntse ba hopola tšoantšiso eo e neng e bua ka tokisetso ea Molimo ea hore Iseraeleng ea boholo-holo ho be le metse ea setšabelo.

Lilemong tseo, bahoeletsi ba Samoa ba ile ba boela ba rua molemo ka ho ea likopanong tsa setereke lihlekehlekeng tse ling tse kang sa American Samoa le sa Fiji, le hoja ho ne ho hlokahala hore ba etse boiteko bo boholo ba be ba tele lintho tse ngata. Ka mohlala, ha kopano ea setereke e tšoaretsoe Fiji, hase feela hore motho o ne a lokela ho lefella leeto hammoho le lijo, empa o ne a boetse a tla nka hoo e ka bang khoeli kaofela a le sieo Samoa.

AMERICAN SAMOA E HATELA PELE

Ka 1966, barab’abo rōna ba American Samoa ba ile ba thaba ha Kopano ea Setereke ea “Bara ba Molimo ba Tokoloho” e tšoareloa Pago Pago. Kopanong ena ea bohlokoa historing ho ne ho tlile baeti ba 372 ba neng ba bua lipuo tsa robeli tse sa tšoaneng, ba tsoa Australia, Fiji, New Caledonia, New Zealand, Niue, Samoa (e neng e bitsoa Samoa Bophirimela), Tahiti, Tonga le Vanuatu (e neng e bitsoa New Hebrides). Le hoja ka nako eo bahoeletsi ba phutheho ea moo ba ne ba le 28 feela, letšoele lena le neng le tlile kopanong la batho ba tsoang merabeng e sa tšoaneng le lipuong tse sa tšoaneng, le ile la etsa hore palo ea Lipaki ha e bapisoa le ea baahi, e be Paki e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba 35!

Bahoeletsi ba ’maloa hakaalo ba ne ba ka amohela baeti ba bangata joalo joang? Fred Wegener o re: “Ha rea ka ra ba le bothata ba ho amohela baeti bao ba bangata. Batho ba moo ba ile ba amohela barab’abo rōna matlong a bona, e leng se ileng sa khopisa baeta-pele ba likereke.”

Kopano ena e ile ea ama Phutheho ea Pago Pago ka tsela e ikhethang. Likhoeling tse tšeletseng feela, palo ea ba neng ba e-ba teng libokeng e ile ea eketseha ka liphesente tse 59 ’me ba bangata ba sa tsoa qala ho kopanela ba ile ba tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo tsa ’muso. Ha Ron Sellars a ngola o re: “Seo se ile sa boela sa susumelletsa phutheho hore e hahe sebaka se loketseng sa liboka.” Le hoja litša li ne li haella haholo sehlekehlekeng sa Tutuila, moo Pago Pago e leng teng, ka mosa mohoeletsi e mong oa moo o ile a lumellana le phutheho hore e sebelise setša sa hae se ka bophirimela ho motse oa Tafuna ka konteraka ea lilemo tse 30.

Fred Wegener o re: “Setša seo se ne se le sebakeng se khetšemetseng haholo, kahoo phutheho e ile ea sebetsa ka thata ka likhoeli tse tharo hore e phahamise sebaka seo ka ho se kata ka majoe a bileng ka lebaka la ho foqoha ha seretse se chesang.”

Moprista oa moo oa Kereke e K’hatholike, ea neng a bala Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla, o ile a alima barab’abo rōna mochine oa kereke o tsoakang konkreite ha nako ea ho etsa fuluru e fihla. Ron Sellars o re: “Hamorao moprista enoa o ile a bala sehlooho se seng sa Tsoha! se buang ka lenyalo eaba hang-hang o tlohela boprista o il’o nyala.”

Ka mosa barab’abo rōna ba tsoang mose ho maoatle ba ile ba thusa mosebetsing oa ho haha Holo ea ’Muso. Gordon le Patricia Scott, ba bileng har’a baromuoa ba pele ba ileng ba fihla American Samoa le hoja ba ile ba khutlela United States, ba ile ba fana ka litulo tse tsoang phuthehong ea habo bona e le hore li ka sebelisoa holong ena e ncha. Ron Sellars o re: “Re ile ra li rekisetsa sebaka se seng sa moo seo ho shebelloang lifilimi ho sona litulo tse setseng, eaba re lefella litšenyehelo tsohle tsa ho li tlisa sehlekehlekeng seo ka sekepe!” Holo ea ’Muso e ncha e ka nkang litulo tse 130 e ile ea phethoa ’me ea neheloa ka 1971. Hamorao ho ile ha etsoa mokato o mong ka holim’a holo hore e be lehae la baromuoa.

SAMOA E AMOHELA BAROMUOA

Ho tla fihlela ka 1974, mosebetsi o ne o ntse o ea ka letheketheke Samoa kaha ’muso o ne o thibetse baromuoa ba Lipaki hore ba se ke ba kena ka har’a naha. Selemong sona seo, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba ea ho tona-khōlō ho ea bua le eena ka taba ena. E mong oa bara bao babo rōna, e leng Mufaulu Galuvao, oa ngola: “Nakong ea lipuisano, re ile ra fumana hore e mong oa ba boholong o ne a qapile komiti e seng molaong e neng e hlahloba likōpo tsohle tsa baromuoa. Komiti ena e neng e entsoe ka lira tsa bolumeli ba rōna, e ne e qhela likōpo tsohle tsa rōna tsa bojaki ebile e sa tsebise le tona-khōlō.

“Tona-khōlō o ne a sa tsebe ka morero ona o bolotsana; kahoo, hang-hang o ile a laela mookameli oa maliboho hore a mo tlisetse faele ea Lipaki Tsa Jehova. Eitse re sa le moo, eaba o qhala komiti eo e seng molaong ’me o fa Paul le Frances Evans visa ea lilemo tse tharo e le baromuoa ba bile ba ka ’na ba e nchafatsa.” Ruri tseo e ne e le litaba tse monate! Ka mor’a lilemo tse 19 ba ntse ba qophella, qetellong ba ile ba khona ho kena Samoa e le baromuoa ba amoheloang ka molao!

Qalong Paul le Frances ba ne ba lula le Mufaulu Galuvao le lelapa la hae, empa ka 1977, ha John le Helen Rhodes ba fihla, malapa ao a baromuoa a ile a fallela lehaeng la baromuoa le neng le sa tsoa hiroa, Vaiala, motseng oa Apia. Ka 1978 ho ile ha fihla baromuoa ba bang, e leng Robert le Betty Boies ’me ka 1979 ha fihla David le Susan Yoshikawa eaba ka 1980 ho fihla Russell le Leilani Earnshaw.

HO IKAMAHANYA LE MAEMO A BOPHELO BA SEHLEKEHLEKENG

Lipaki tse tsoang ka ntle ho naha tse ileng tsa fallela Samoa li ile tsa phakisa tsa ithuta hore le hona paradeiseng ena ho ntse ho e-na le mathata a bophelo. Bo bong ba mathata ao ke lipalangoang. John Rhodes o re: “Lilemong tsa pele tse peli re le baromuoa Apia, hangata re ne re lokela ho tsamaea libaka tse telele ha re ea libokeng le ha re ea tšebeletsong ea tšimo. Re ne re boetse re tsamaea ka libese tsa sehlekehlekeng seo tse ratoang tse bileng li khabileng ka mebala-bala.”

Libese tsena tse khabisitsoeng haholo ke livene kapa literaka tseo hangata li haheletsoeng tente ea mapolanka. Ka har’a libese tsena ke sepenya sa bapalami ba roaleletseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e akarelletsang lisebelisoa tsa masimong le lijo tse sa tsoa khuoa. O tla fumana ’mino o letselitsoe holimo ’me batho ba bina ba thabile eka ke mokete ka har’a bese. Boemelo ba libese, linako tsa tsona, esita le litsela tseo li tsamaeang ka tsona li ka fetoha neng kapa neng. Buka e ’ngoe ea bohahlauli e re: “Bese e eang Vava‘u ha ho motho ea ka reng e siuoe ke nako: e iphihlela ka nako ea eona.”

John o re: “Haeba re ne re batla ho reka ntho leha e le efe re le tseleng, re ne re bolella mokhanni feela hore a eme. Ka mor’a ho reka lintho tsa rōna, re ne re boela re palama bese re ntoo tsoela pele ka leeto. Empa ho ne ho se motho le ea mong ea neng a tšoenyeha ka hore o tla siuoa ke nako.”

Haeba bese e se e tletse, bapalami ba kenang ba ne ba lula holim’a ba seng ba ntse ba lutse fatše. Kahoo ka potlako baromuoa ba ile ba ithuta hore basali ba bona ba lule holim’a bona. Ha bana le batho ba baholo ba theoha, ba ne ba atisa ho lefella bese ka ho ntša chelete e nyenyane ea tšepe ka tsebeng—e leng pokotho e ntle ea chelete ea tšepe!

Baromuoa le bahoeletsi ba tsamaea ka lifofane le liketsoana ha ba e-ea lihlekehlekeng tse ling. Maeto a ka ba kotsi haholo; u ke ke ua qoba ho liehisoa. Elizabeth Illingworth, eo ka lilemo tse ngata a ’nileng a tsamaea le monna oa hae, Peter, eo e neng e le molebeli oa potoloho Pacific Boroa, o re: “Re ne re lokela ho ithuta ho ba le mamello le ho ithuta ho soasoa.”

Ha ho na lipula tsa litloebelele, ha ho bonolo ho tsamaea ka maoto kapa ka lipalangoang—haholo-holo linakong tsa selemo tsa ha ho e-ba le maholiotsoana. Ha Geoffrey Jackson, eo e neng e le moromuoa moo, a ne a leka ho tšela nōka e jang litlhokoa a ea Thutong ea Buka ea Phutheho, o ile a thella eaba o oela ka nōkeng. Le hoja a ile a tsoa a le metsi a bile a le litšila, o ile a tsoela pele ka tsela e lebang sebokeng, moo mong’a ntlo a ileng a omisa liaparo tsa hae eaba o mo alima mose oa letheka oa banna o molelele o motšo (sek’hethe sa Mapolynesia). Eaba batho bao a tsamaeang le bona ba fela ke litšeho ha motho e mong ea sa tsoa thahasella ’nete ea neng a le teng sebokeng seo a nahana hore ke moprista oa K’hatholike! Hona joale Mor’abo rōna Jackson ke setho sa Sehlopha se Busang.

Mathata a mang ao batho ba sa tsoa fihla lihlekehlekeng tseo ba thulanang le ’ona a akarelletsa ho ithuta puo e ncha, ho sebetsana le mocheso oa libakeng tsa moo ho chesang ho bile ho le mongobo, ho sebetsana le mafu ao ba sa a tsebeng, ho se be le lintho tse ngata tsa tsoelo-pele le ho loana le bothata ba likokoanyana tse ngata tse lomang. Mufaulu Galuvao o re: “Bonneteng baromuoa ba ne ba ikitlaetsa molemong oa rōna, ka lebaka leo, batsoali ba bangata ba nang le kananelo ba reheletse bana ba bona ka batho bana ba ratehang, ba ba thusitseng ka lerato.”

BATHO BA SAVAII BA AMOHELA LITABA TSE MOLEMO

Joale a re ke re lahleleng mahlo sehlekehlekeng se seholo ka ho fetisisa sehlopheng sa lihlekehleke tsa Samoa, e leng Savaii, eo boholo ba eona e sa ntseng e le boemong ba eona ba tlhaho. Karolo e khōlō ea sehlekehleke sena ha e na baahi ebile e tletse lithaba tse telele, matsatsa a motsu, likhohlo tse ka bang 450 tse bakiloeng ke ha ho foqoha seretse se chesang, likhoa tse batlang li sa kenehe le libaka tse sabaletseng tse nang le seretse se seng se hoamme. Boholo ba baahi bo lula metsaneng e qalikaneng haufi le lebōpo. Litaba tse molemo li ile tsa fihla Savaii ka lekhetlo la pele ka 1955. Len Helberg le sehlopha se seng sa bahoeletsi se neng se tsoa sehlekehlekeng sa Upolu ba ile ba etela moo nakoana e seng kae ho ea bontša batho ba moo filimi e reng, The New World Society in Action.

Lilemo tse tšeletseng hamorao, baralib’abo rōna ba babeli ba baromuoa, e leng Tia Aluni, eo e bileng Mosamoa oa pele ea ileng a ea sekolong sa Gileade, hammoho le Ivy Kawhe, eo e neng e le moromuoa-’moho le eena, ba ile ba kōptjoa hore ba tlohe American Samoa ba fallele Savaii. Barali bana babo rōna ba ile ba fihla ka 1961 eaba ba lula le lelapa le leng la batho ba neng ba se ba hōlile ba neng ba lula Fogapoa, e leng motse o karolong e ka bochabela ea sehlekehleke seo. Hamorao, morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea khethehileng ea neng a kile a lula Savaii o ile a tla sebetsa le bona ka nakoana. E le ho khothatsa le ho tšehetsa sehlopha sena se secha sa batho ba tšeletseng ho ea ho ba robeli, barab’abo rōna ba Apia ba ne ba se etela hang ka khoeli ebe ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Liboka tsena li ne li tšoareloa ka har’a ntlo e nyenyane (fale) Fogapoa.

Tia le Ivy ba ile ba sebeletsa Savaii ho fihlela ka 1964, ha ba abeloa ho ea sehlekehlekeng se seng. Lilemong tse leshome tse latelang, mosebetsi oa boboleli o ile oa tsamaea ka letheketheke Savaii. Kahoo, ho tloha ka 1974, malapa a ’maloa a ile a fallela Savaii ho ea tsosolosa mosebetsi. ’Ona a ne a akarelletsa Risati le Mareta Segi, Happy le Maota Goeldner-Barnett, Faigaai Tu, Palota Alagi, Kumi Falema‘a (eo e ileng ea e-ba oa ha Thompson), le Ron le Dolly Sellars, ba ileng ba tloha American Samoa. Sehlopha se senyenyane se ileng sa thehoa Fogapoa se ne se kopanela ka har’a fale ea ba ha Segi, e neng e le haufi le lebōpo. Hamorao ho ile ha hahuoa lehae la baromuoa le Holo ea ’Muso haufi le moo. Ha nako e ntse e ea, ho ile ha thehoa sehlopha se seng Taga, e leng motse o lebōpong le ka bophirimela la Savaii.

Ho tloha ka 1979, malapa a eketsehileng a baromuoa a ile a romeloa Savaii hore a e’o thusa bahoeletsi ba moo. Har’a ’ona e ne e le Robert le Betty Boies, John le Helen Rhodes, Leva le Tenisia Faai‘u, Fred le Tami Holmes, Brian le Sue Mulcahy, Matthew le Debbie Kurtz hammoho le Jack le Mary Jane Weiser. Baromuoa ba ile ba beha mohlala o motle tšebeletsong ’me mosebetsi oa tsoela pele ntle ho tšitiso Savaii.

Leha ho le joalo, batho ba Savaii ba ne ba sa ntse ba khomaretse ka matla meetlong ea bona, ba bile ba rata malapa a habo bona. Metse e fetang kotara ea sehlekehleke seo e ile ea thibela Lipaki Tsa Jehova hore li se ke tsa bolela ho eona, eaba ea etsa litsebiso seea-le-moeeng ho tsebisa batho hore e thibetse Lipaki. Kahoo, ho ile ha nka nako e telele ’me ha hlokahala mamello hore ho thusoe batho ba sa tsoa thahasella hore ba hatele pele moeeng. Esita le tlas’a maemo ao, ba bangata ba ile ba amohela ’nete ’me har’a bona ho ne ho e-na le ba neng ba kula haholo.

BA SEBETSANA KA KATLEHO LE MATHATA A BOKULI HORE BA SEBELETSE JEHOVA

E mong oa batho bao e ne e le Metusela Neru, eo ha a le lilemo li 12 a ileng a lihuoa ke pere eaba o robeha mokokotlo. Moromuoa e mong o re: “Ka mor’a ketsahalo ena, o ne a tsamaea a kotlobane ’me mahlaba a teng a sa ee moriting.” Ha Metusela a qala ho ithuta Bibele a le lilemo li 19, o ile a ema a tiile ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa labo. Ka lebaka la ho holofala, o ne a tsamaea habohloko metsotso e 45 ho ea libokeng tsa phutheho, le hoja leeto leo le ne le ka nka metsotso e mehlano feela. Leha ho le joalo, Metusela o ile a hatela pele moeeng ’me a kolobetsoa ka 1990. Hamorao o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le pula-maliboho oa kamehla a ba a tšoanelehela ho ba moholo. Ho tloha ka nako eo, beng ka eena ba fetang 30 ba ’nile ba ea libokeng Faga ’me ba ’maloa ba se ba kolobelitsoe. Kajeno, le hoja Metusela a kula, batho bohle ba mo tseba e le motho ea thabileng ea lulang a bobotheha.

Motho e mong ea ileng a sebetsana ka katleho le mathata a bokuli bo tebileng e le hore a hatele pele, ke Saumalu Taua‘anae. Saumalu o ne a lula motseng oa mahaeng oa Aopo ’me lepera le mo sentse litšobotsi hampe. Kaha motse oa habo o ne o hlile o le ka thōko, qalong o ile a ithuta Bibele le Ivan Thompson ka ngollano. Eaba pula-maliboho e mong ea khethehileng, ea bitsoang Asa Coe, o fallela Savaii ’me o tsoela pele ho ithuta le eena. Ha Saumalu a qala ho ea libokeng ka 1991, ho ne ho hlokahala hore a nke leeto la lihora tse peli ka koloi ho ea Taga, e leng motse o ka lehlakoreng le leng la sehlekehleke.

Saumalu o ne a hlajoa ke lihlong ka lebaka la ho senyeha litšobotsi hoo mohla a qalang ho ea kopanong e khethehileng ea letsatsi, a ileng a mamela lenaneo a le ka koloing ea hae. Empa ntho e ileng ea mo ama maikutlo ka ho tebileng ke ha ka lerato bara le barali babo rōna ba tla ho eena nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare ’me ba bontša hore ba mo amohela ka mofuthu. O ile a amohela memo ea bona e lerato ka thabo eaba o lula le batho bohle ho mamela karolo e qetellang ea lenaneo.

Ka mor’a nakoana Saumalu le mofumahali oa hae, Torise, ba ile ba qala ho ea libokeng Faga, ’me ha ba e-ea feela ba ne ba tsamaea nako e fetang hora. Saumalu o ile a kolobetsoa ka 1993 eaba ka mor’a nako o tšoanelehela ho ba mohlanka ea sebeletsang. Hamorao ha lingaka li mo khaola leoto le leng, o ile a ’na a khanna koloi ea hae ho ea libokeng. Motse oa habo bona o thibetse Lipaki Tsa Jehova ho bolela litaba tse molemo; kahoo, ka cheseho Saumalu le Torise ba pakela batho ba bang ka tsela e sa reroang le ka ho sebelisa thelefono.

Kajeno lena ba lula Apia, moo Saumalu a fumanang thuso ea bongaka kamehla ka lebaka la mafu a mangata a mo tšoereng. Ho e-na le ho ba motho ea hlonameng, Saumalu o tsebahala e le motho ea khotsofetseng le ea thabileng bophelong. Eena le mosali oa hae ba hlomphuoa haholo ka lebaka tumelo ea bona e matla.

LITEKO TOKELAU

Batho ba Tokelau, e nang le lihlekehleke tse nyenyane tse tharo tse qaqolohaneng tse ka leboea ho Samoa, ba ile ba utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele ka 1974. Selemong sona seo, ha Ngaka Ropati Uili, a qeta ho fumana lengolo la hae sekolong se koetlisang lingaka Fiji, o ile a khutlela Tokelau. Ropati o ne a kile a ithuta le Lipaki Tsa Jehova ka nakoana ha a le Fijif athe mosali oa hae, e leng Emmau, e ne e se e ntse e le Paki e kolobelitsoeng.

Ha Ropati a le Tokelau, o ile a fumana hore ngaka e ’ngoe e bitsoang Iona Tinielu le mofumahali oa hae, Luisa, e ne e le Lipaki tse kolobelitsoeng. O ile a boela a kopana le motho e mong ea neng a thahasella, e leng Nanumea Foua, eo beng ka eena e neng e le Lipaki Tsa Jehova. Banna bao ba bararo ba ile ba lokisetsa hore ho be le liboka tsa Bibele kamehla hammoho le lipuo tsa phatlalatsa ’me ka mor’a nako e khutšoanyane, ho ne ho se ho e-ba le batho ba 25 libokeng. Banna bao ba bararo le ba malapa a bona ba ile ba ba ba qala ho bolella batho ba bang litaba tse molemo ka tsela e sa reroang.

Leha ho le joalo, hase batho bohle ba ileng ba thaba ha ba bona mosebetsi ona o amanang le puso ea Molimo. Moruti e mong oa Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile a hlohlelletsa hore banna ba lekhotla sehlekehlekeng seo ba qose lihlooho tseo tse tharo tsa malapa. Ropati o re: “Ba ile ba re laela hore re khaotse ho tšoara liboka tsa rōna, eaba ba re haeba re sa ba mamele ba tla re cheselletsa ka matlung re ntse re phela kapa ba re leleke ka ho re palamisa lepolanka le sephara ebe ba le sutumelletsa leoatleng. Re ile ra leka ho ba hlalosetsa mabaka ka Mangolo, empa ba ne ba satalalitse melala. Ba ne ba lebeletse hore motho e mong le e mong a hahele lentsoe la bona lesaka.” Ka mor’a hore malapa ana a utloe hore na a tla hlaheloa ke eng ha a sa tsamaisane le taelo eo, a ile a etsa qeto ea ho tšoara liboka tsa ’ona ka lenyele e le hore a se ke a tsosa libata masene.

Leha ho le joalo, khanyetso eo e ne e mpa e le qaleho ea mathata a bona. Lilemo tse 12 hamorao, ha khaitseli ea Ropati le monna oa hae ba amohela ’nete ’me ba itokolla kerekeng, lekhotla la motse le ile la leleka Paki e ’ngoe le e ’ngoe motseng oo. Ropati o re: “Bosiung boo, lelapa le leng le le leng le ile la phutha mehasoana ea lona, la e laela liketsoaneng eaba kaofela ha ’ona a balehela motseng o moholo sehlekehlekeng seo. Batho bao e neng e le baahisani ba bona ba ile ba inkela lintho mahaeng a bona le masimong a bona.”

Ho sa tsotellehe mahloriso ao, bahoeletsi ba ile ba iteta sebete ’me ba tsoela pele ho kopana bakeng sa borapeli. Ropati o re: “Malapa ao a ne a etsa eka aa intša mafelong a beke ebe a tsamaea ka seketsoana ho ea sehlekehlekeng se seng se senyenyane se hōle ka Moqebelo hoseng a ntoo khutla ka Sontaha mantsiboea ka mor’a ho tšoara liboka.” Ka nako eo, malapa a ’maloa a ile a boela a nka maeto a malelele le a boima ka sekepe ho tloha Tokelau ho ea Samoa likopanong tsa setereke tse tšoaroang selemo le selemo.

Leha ho le joalo, kaha bahanyetsi ba ne ba le leqoophe, seo se ile sa qobella malapa ana hore a qetelle a falletse New Zealand. Kahoo, ka 1990, ho ne ho se ho se na Lipaki tse setseng lihlekehlekeng tseo tse nyenyane. Esita le tlas’a maemo ao, Ivan Thompson, eo ka nako eo e neng e le pula-maliboho Apia, o ile a ithuta le mohlankana e mong oa Tokelau ea bitsoang Lone Tema ka hore ba ’ne ba ngollane mangolo. Lone o ile a hatela pele moeeng ’me hona joale ke moholo Australia.

Hamorao, bahoeletsi ba ’maloa ba ile ba khutlela Tokelau. Geoffrey Jackson, eo ka nako eo a neng a sebeletsa ofising ea lekala ea Samoa, o ile a leka ho ikopanya le mokomishinara oa New Zealand litabeng tsa Tokelau ho ea buisana le eena ka mathata ao Lipaki Tsa Jehova li neng li thulana le ’ona lihlekehlekeng tseo tse nyenyane, empa ha aa ka a atleha. Geoff oa ngola: “Empa ke ile ka fuoa tumello ea ho etela Tokelau ka lebaka la ho tseba lipuo tse sa tšoaneng ’me ha ke le leetong, motsamaisi oa sekepe o ile a ’memela ho ea ba le eena hammoho le monna e mong phaposing ea hae ea ho phomola bakeng sa ho fumana litheohelang. Monna eo e ne e le eena mokomishinara litabeng tsa Tokelau eo re neng re ile ra leka ho ikopanya le eena! Re ile ra nka nako e fetang hora re ntse re bua. Qetellong ea puisano ea rōna, o ile a nteboha eaba o ntšepisa hore o tla etsa sohle se matleng a hae hore a imolle barab’abo rōna ba Tokelau mathateng ao ba neng ba le ho ’ona.”

Le kajeno ba boholong ba sa ntse ba hanyetsa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Tokelau. Ha khorula ea Fuimanu le Hatesa Kirifi e hlokahala ka 2006 ’me Fuimanu a fana ka puo ea lepato e thehiloeng Mangolong, banna ba lekhotla ba ile ba re ba tla ba leleka lelapa la Fuimanu sehlekehlekeng seo. Hamorao Fuimanu o ile a sokeloa ha a ne a hana ho sebetsa kerekeng ea motse, hape eena le mosali oa hae ba ile ba hatelloa hore ba kopanele mesebetsing e amanang le lipolotiki. Leha ho le joalo, eena le ba lelapa la hae ba ile ba ema ba tiile tumelong. Ka lebaka leo, tumelo ea bona e ile ea matlafala. Fuimanu o re, “Re ithutile ho tšepa Jehova ha re le litekong.” (Jak. 1:2-4) Ba ile ba ithuta hore Jehova ha a lahle bahlanka ba hae ba tšepahalang.—Deut. 31:6.

JEHOVA O HLOHONOLOFATSA KHŌLO EA MOEA

Ho tloha ha litaba tse molemo li qala ho fihla Samoa, ho na le makala a fapa-fapaneng a ileng a hlokomela mosebetsi oa ’Muso moo. Hajoale Komiti ea Naha e sebetsang ka thata e entsoeng ka barab’abo rōna ba bane, e hlokomela mosebetsi lihlekehlekeng tsa Basamoa tlas’a tataiso ea lekala la Australia. Ka lilemo-lemo, barab’abo rōna ba Samoa ba ’nile ba etsa boiteko bo boholo ba ho isa molaetsa oa ’Muso esita le libakeng tse hōle. American Samoa, barab’abo rōna ba atisa ho etsa matšolo a ho paka a akaretsang libaka tse Sehlekehlekeng sa Swains se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 320 ka leboea le sehlopha sa Lihlekehleke Tsa Manu‘a tse bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100 ka bochabela ho Sehlekehleke sa Tutuila. Ha bahoeletsi ba etetse lihlekehlekeng tsena nakong ea matšolo ao, ba ile ba siela batho ba thahasellang lingoliloeng tse makholo ba ba ba qalisa lithuto tsa Bibele tse ngata haholo. Bahoeletsi ba bang ba ’nile ba leka ka matla ho atolosa tšimo ea bona ka ho bolella batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling litaba tse molemo.

MOSEBETSI OA HO FETOLELA OA EKETSEHA

Ha palo ea bahoeletsi e ntse e eketseha, ho ile ha hlokahala lingoliloeng tse eketsehileng tsa Sesamoa. E le hore ho finyelloe seo, Geoffrey Jackson le mofumahali oa hae, Jenny, ba ile ba tlosoa kabelong ea bona ea boromuoa Tuvalu ba isoa ofising ea lekala ea Samoa ka 1985. Geoff o ile a abeloa hore a okamele bafetoleli ba babeli ba Sesamoa. O re: “Qalong bafetoleli ba ne ba sebeletsa litafoleng tsa moo ho jeloang teng Bethele. Hoseng ho hong le ho hong, ba ne ba hleka litafole pele ba ka qala mosebetsi oa ho fetolela. Ebe nakoana pele ho lijo tsa motšehare, ba phutha mosebetsi oa bona le ho hlophisa litafole bakeng sa tinare. Ka mor’a moo, ba ne ba boetse ba hleka litafole, ba ntoo khutlela mosebetsing oa phetolelo.”

Litšitiso tseo tsa kamehla li ne li etsa hore tema e se ke ea bonahala. Mosebetsi oa ho fetolela le oona o ne o le boima ebile o hloka nako e eketsehileng. Geoff o re: “Boholo ba mosebetsi oo o ne o ngoloa ka letsoho o ntoo thaepuoa ka mochine. Mosebetsi ka mong o ngotsoeng ka letsoho o ne o thaepuoa ka makhetlo a ’maloa ha o ntse o baloa o bile o hlaoloa liphoso pele o il’o hatisoa.” Ka 1986, ho ile ha rekoa mochine oa pele oa k’homphieutha ofising ea lekala, o ileng oa fokotsa kapa hona ho felisa pheta-phetane ena ea mosebetsi. Ho na le lisebelisoa tse ling tsa k’homphieutha tse ileng tsa potlakisa mosebetsi oa phetolelo le oa khatiso le ho feta.

Boiteko bona bo matla ba ho fetolela le ho hatisa, bo entsoe ka ho khetheha molemong oa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho tloha ka January 1993, Molula-Qhooa oa Sesamoa o ’nile oa hatisoa ka nako e le ’ngoe le oa Senyesemane—le hona e le ka mebala e mene! Ka 1996, ho ile ha qaloa Tsoha! ea Sesamoa e tsoang hane ka selemo. Geoff o re: “Hase likoranta le seea-le-moea feela tse ileng tsa etsa tsebiso ea hore Tsoha! e lokolotsoe, empa taba eo e ile ea ba ea hlaha litabeng tsa thelevishene ea sechaba.”

Hona joale, bafetoleli ba Samoa ba fetolela lingoliloeng tse hlokahalang ka Sesamoa. Bafetoleli bana ba sebetsang ka thata hammoho le lihlopha tsohle tsa phetolelo lefatšeng ka bophara, ba ’nile ba fuoa lithupelo tse tsoetseng pele tsa kutloisiso ea puo le matsapa a ho fetolela, e leng se ileng sa ba hlomella hore ba fetolele ka tsela e otlang botsekeng le e bileng e etsang hore tema e bonahale.

LEKALA LE HLOKA HO ATOLOSOA

Ha Milton G. Henschel a ne a etetse Samoa ka 1986 e le molebeli ea etelang makala, ho ne ho hlakile hore lehae la baromuoa la Sinamoga le ne le le lenyenyane haholo bakeng sa ho phetha mosebetsi o ntseng o eketseha oa lekala. Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa romela Samoa barab’abo rōna ba tsoang Lefapheng la Meralo Kapa Kaho la Brooklyn le ba tsoang Ofising ea Boenjiniere ea Lebatooa ea Australia ho ea lekola hore na ho hlokahala mehaho e meholo hakae. Ho ile ha etsoa tlhahiso efe? Ea hore ho rekoe setša se boholo ba lihekthere tse tharo Siusega, e bohōle ba lik’hilomithara tse hlano ho tloha Sinamoga moo ho ka hahuoang mehaho ea Bethele teng. Joale ha ofisi ea lekala e ncha e se e phethiloe, Bethele ea khale e Sinamoga e ka qhaqhoa e le hore ho ka hahuoa Holo e ncha ea Kopano moo.

Ho ile ha qaloa mosebetsi oa ho haha lekala le lecha ka 1990 ’me ruri oo e ne e le mosebetsi o etsoang ke batho ba tsoang lichabeng tse sa tšoaneng! Bahlanka ba machaba ba 44, baithaopi ba machaba ba 69, baithaopi ba moo ba sebetsang ka nako eohle ba 38 le basebetsi ba bangata ba tlang ka linako tse ling ba ile ba sebetsa e le ngatana-’ngoe kahong eo. Leha ho le joalo, sebaka seo se ile sa oeloa ke koluoa ha mosebetsi o ntse o tsoela pele.

HO OELOA KE KOLUOA!

Leholiotsoana Val, e leng le leng la maholiotsoana a matla haholo a kileng a otla Pacific Boroa, le ile la puputla Samoa ka la 6 December, 1991. Ho ile ha foka meea e matla e mathang ka lebelo la lik’hilomithara tse 260 ka hora lihlekehlekeng tsena tse nyenyane ka matsatsi a mahlano ’me e ile ea ruthutha liphesente tse 90 tsa limela ea ba ea baka tšenyo e etsang lidolara (tsa United States) tse limilione tse 380. Ka bomalimabe, ho ile ha shoa batho ba 16.

John Rhodes o re: “Ka potlako ofisi ea lekala e ile ea hlophisa liphallelo.” Matsatsi a ’maloa hamorao, ho ile ha fihla k’hontheinara e tletseng thepa ea liphallelo e neng e tsoa ofising ea lekala ea Fiji. Ka mor’a nakoana ho ile ha fihla thuso ea lichelete e tsoang makaleng a mang a Pacific.

Dave Stapleton, e leng mohlanka oa machaba ea sebetsang lekaleng lena le lecha la Siusega, o re: “Lintho tsa pele tseo batho ba ileng ba li fuoa ke tse neng li hlokahala hang-hang. Seo se ne se akarelletsa ho fa barab’abo rōna ba hlahetsoeng ke tsietsi metsi a hloekileng, litente, parafine le meriana. Ho tloha moo re ile ra lokisa Bethele ea Sinamoga ra ba ra lokisa mehaho e neng e senyehile setšeng sa lekala le lecha. Hamorao re ile ra lokisa Liholo Tsa ’Muso tse senyehileng ra ba ra haha tse ling bocha, hammoho le mahae a baromuoa le matlo a Lipaki tsa moo. Mosebetsi oo o ile oa nka likhoeli.”

Hamorao ha ’muso o fa malumeli ’ohle thuso ea lichelete—ho akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova—e le hore a tsosolose mehaho ea ’ona, barab’abo rōna ba ile ba khutlisetsa chelete eo ’musong ka lengolo le reng kaha ba ne ba se ba lokisitse lintho tsohle tse senyehileng, chelete eo e ne e ka sebelisetsoa ho lokisa mehaho ea ’muso. Matona a ’muso a ile a ananela seo eaba ka mor’a moo a theola lekhetho la thepa ea mohaho e neng e tla sebelisoa lekaleng e tsoa mose ho maoatle, e leng se ileng sa fokotsa litšenyehelo tse ngata.

“NTHO EO LE KA LE BALILOENG RE NENG RE SA E LORE”

Ka mor’a ho lokisa lintho tse sentsoeng ke leholiotsoana, mosebetsi oa kaho o ile oa tsoela pele ka potlako. Selemo le halofo hamorao, ka May 1993, lelapa la Bethele le ile la qetella le ile sebakeng seo e neng e le khale le emetse ho ea ho sona, la tloha Sinamoga la fallela lehaeng le lecha la Siusega.

Ka September 1993, basebetsi ba Lipaki ba nang le boiphihlelo ba 85 ba tsoang Australia, Hawaii, New Zealand le United States ba ile ba fihla Samoa ho tla haha Holo ea Kopano ea Sinamoga. Kaofela ha bona ba ne ba lefeletse litšenyehelo tsa ho tla moo. Ken Abbott, ea neng a hlokometse sehlopha sa basebetsi ba tsoang Australia, o re: “Setšeng re ne re sebelisa mabitso a sa tšoaneng a thepa ea mohaho le litsela tse sa tšoaneng tsa ho metha, empa moea oa Jehova o ile oa re thusa hore ka thabo re sebetsane le mathata leha e le afe a neng a hlaha.”

Abraham Lincoln ea neng a sebetsa le sehlopha se tsoang Hawaii, o ile a re: “Bohle ba ileng ba iponela tsela eo mokhatlo oa machaba oa bara ba motho o sebetsang ka eona ba ile ba rua molemo.”

Kaha sehlopha seo sa baahi ba tsoang lichabeng tse sa tšoaneng se ne se sebetsa se momahane, Holo ea Kopano e ile ea fela ka mor’a matsatsi a leshome feela. Bahoeletsi ba moo ba ile ba ithuta mesebetsi ea matsoho ea bohlokoa ka ho sebetsa le baeti bao, ba ba ba rua molemo moeeng. Kahoo, ha mosebetsi oa kaho o fela, bahoeletsi ba bang ba ile ba ingolisetsa ho ba bo-pula-maliboho ha ba bang ba ile ba kenela tšebeletso ea Bethele.

Qetellong, ka la 20 le la 21 November, 1993, ho ile ha neheloa ofisi ea lekala le Holo ea Kopano. John Barr oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka lipuo tsa ho nehela mehaho eo. Ha moromuoa e mong eo e neng e le khale a li bona ea bitsoang Paul Evans a hlalosa maikutlo a batho ba bangata ba neng ba le teng ketsahalong eo e thabisang, o ile a re: “Jehova o re hlohonolofalitse ka ntho eo le ka le baliloeng re neng re sa e lore.”

’NETE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

Ha ’nete ea Lentsoe la Molimo e thopothela lipelong tsa batho, e ba susumelletsa hore ba fetole bophelo ba bona e le hore ba phele ka tsela e lumellang le melao la Jehova e lokileng. Basamoa ba bangata ba ile ba bona hore Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola bophelo ba batho.—Baef. 4:22-24; Baheb. 4:12.

Ka mohlala, Ngongo le Maria Kupu ba ne ba “phela lefifing” ho latela tlhaloso ea Basamoa ea ha batho ba lula ’moho ba sa nyalana. Fred Wegener o re: “E ne e se e le nakoana re ithuta le Ngongo le Maria, empa re ne re sa tsebe hore ha baa nyalana. Eaba ka le leng la matsatsi, ba le motlotlo, ba re bontša lengolo la bona la lenyalo leo ba neng ba qeta ho le fumana. Nakoana ka mor’a moo ba ile ba kolobetsoa. Le hoja Ngongo a ile a hlokahala ka mor’a moo, Maria e sa ntse e le pula-maliboho oa kamehla, American Samoa.”

Bothata bo bong boo batho ba Samoa ba sa tsoa kopanela ba thulanang le bona bo amana le khalalelo ea mali. Ka tloaelo, Basamoa ba fenetha likolobe le likhoho pele ba li pheha ’me ba li ja, e leng mokhoa o thibetsoeng ka Lentsoeng la Molimo. (Gen. 9:4; Lev. 17:13, 14; Lik. 15:28, 29) Mosali e mong oa American Samoa o ile a makala ha a bona Bibeleng ea hae hore Molimo o fane ka litaelo tse hlakileng litabeng tsena. Julie-Anne Padget o re: “Le hoja lelapa labo le ne le kena kereke ’me le bala Bibele kamehla, ho tloha bonyenyaneng o ne a ile a ja nama e sa fophisoang mali. Leha ho le joalo, o ile a amohela tataiso ea Bibele hang-hang ’me a etsa qeto ea hore a ke ke a hlola a ja nama e sa fophisoang mali.” Kajeno, boikutlo ba Lipaki Tsa Jehova tabeng ea ho halalela ha mali e tsejoa ke batho bohle Samoa. Ho feta moo, litsebi tsa bongaka Samoa li atisa ho hlompha boikutlo bona ba rōna tabeng ea ho se tšele mali.

BACHA BA RORISANG ’MŌPI OA BONA

Batsoali ba Basamoa ba ruta bana ba bona ba banyenyane ho pheha, ho hloekisa, ho hlokomela lirapa tsa lijalo le ho hlokomela bana babo bona. Koetliso ea mofuta oo, eo ba e fumanang ba sa le banyenyane, e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bana ba bangata ba Basamoa ba nka boikarabelo ba bona ka pel’a Molimo e le ba bohlokoa hakana ba sa le banyenyane, hoo ba bang ba bileng ba emelang borapeli ba Jehova leha ba sa tšehetsoe ke litho tsa malapa a bo bona.

Ane Ropati o ne a le lilemo li 13 ha batsoali ba hae ba khaotsa ho ea libokeng. Kahoo, kamehla o ne a nka likhaitseli tsa hae tse peli le ngoananyana oabo ebe ba tsamaea lik’hilomithara tse robeli ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Hamorao o ile a qala ho bula maliboho ’me a sebetsa kahong ea ofisi ea lekala ea Siusega. Ane o re: “Baromuoa ba ile ba ba le tšusumetso e khōlō ho ’na ’me ba nthusa hore ke hatele pele moeeng.” Ha a ntse a sebetsa kahong, o ile a kopana le Steve Gauld, eo e neng e le moithaopi ea tsoang Australia. Ba ile ba nyalana ’me e bile bahlanka ba machaba ba sebelitseng kahong Asia Boroa-bochabela, Afrika le Russia pele ba khutlela Bethele ea Samoa. Hona joale ba sebeletsa lekaleng la Australia.

BATHO BA RUTOA KA SEEA-LE-MOEA

Ka lilemo tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ha li hasa molaetsa oa litaba tse molemo tsa ’Muso. Mokhoa o mong oo ka ho khetheha o atlehang ke oa ho sebelisa seea-le-moea. Ho tloha ka January 1996, seteishene se ikemetseng sa khaso, seo liofisi tsa sona li leng Apia, se ile sa mema Lipaki Tsa Jehova hore beke le beke li hase lenaneo le nang le sehlooho se reng “Likarabo Tsa Lipotso Tseo U Nang le Tsona Tsa Bibele.”

Mananeo ana a ne a ngoloa fatše ebe a hasoa ke Leva Faai‘u le Palota Alagi, ba tsoang lekaleng la Samoa. Leva o re: “Lenaneong la pele, Mor’abo rōna Alagi o ile a botsa lipotso tse ’maloa tse kang: Na ho ile ha e-ba le moroallo mehleng ea Noe? Metsi a mangata hakaalo a ne a tsoa hokae? Hona a ile a fella hokae? Ke joang liphoofolo kaofela li neng li ka fella ka arekeng? Ke ne ke araba lipotso tseo ke sebelisa lintlha tse qotsitsoeng libukeng tsa rōna. Qetellong ea lenaneo, re ne re bolela hore na bekeng e latelang re tla tšohla lintlha life, ebe re khothalletsa bamameli hore haeba ba e-na le lipotso, ba botse Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa habo bona. Mananeo a mang a ile a tšohla lintlha tse kang: Ke hobane’ng ha Solomone a ne a e-na le basali ba bangata empa Mokreste a lokela ho ba le mosali a le mong feela? Na Molimo ea lerato a ka hlokofatsa batho ka ho sa feleng mollong oa lihele? Na Bibele ke buka ea batho kapa ea Molimo?”

Lenaneo lena la seea-le-moea le ile la hasoa nako e fetang selemo ’me le ile la etsa hore batho ba bangata ba batle ho tseba ho eketsehileng. Ivan Thompson o re: “Batho ba bangata ba ne ba re bolella hore ba thabela ho mamela lenaneo leo ebile ba le mamela kamehla. Ba bang ba ile ba re bolella hore ba ne ba sa tsebe hore Bibele e araba lipotso tse thahasellisang joalo.”

HO HLOKAHALA LIHOLO TSA ’MUSO

Ka bo-1990, boholo ba liphutheho tsa Samoa le tsa American Samoa li ne li kopanela mahaeng a batho kapa mehahong e hahiloeng ka lifate le joang. Stuart Dougall eo e bileng setho sa Komiti ea Naha ho tloha ka 2002 ho fihlela ka 2007, o re: “Batho ba motse ba ne ba atisa ho khella libaka tsena fatše.” Esita le Holo ea ’Muso ea Tafuna, American Samoa, e neng e se e e-na le lilemo tse 25 e hahiloe e ne e se e shebahala e tsofetse. E ne e se e le nako ea hore holo ena ea khale e nkeloe sebaka ke holo e ncha.

Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala setša se seholoanyane bakeng sa Holo e ncha ea ’Muso, e leng ntho e neng e fumaneha ka thata sehlekehlekeng se senyenyane sa Tutuila. Barab’abo rōna ba ile ba buisana le mosali e mong ea hlaheletseng oa Mok’hatholike ea neng a e-na le setša Petesa, e leng sebaka se batlang se le haufi le Holo ea ’Muso eo ba neng ba e sebelisa. Ha mosali eo a utloa hore barab’abo rōna ba ne ba batla setša seo bakeng sa ho haha ntlo ea borapeli, o ile a ba tšepisa hore o tla buisana le morali oa hae, ea neng a rerile ho haha setsi sa khoebo setšeng seo. Lithapelo tsa barab’abo rōna li ile tsa arajoa matsatsi a mararo hamorao ha mosali eo a ba bolella hore o tla ba rekisetsa setša seo, etsoe, joalokaha a ile a ba bolella, “Molimo o lokela ho tla pele.”

Wallace Pedro o re: “O ile a ba a re fa lengolo la setša esita le pele re mo lefa ’me a re, ‘Kea tseba hore le batho ba tšepahalang ’me le tla ntefa chelete eohle ea ka.’ Ha ho potang hore ke sona seo re ileng ra se etsa.” Ka 2002, setšeng seo ho ile ha neheloa Holo ea ’Muso e ntle e nkang litulo tse 250, e nang le tsamaiso ea ho fehla moea.

Ka 1999, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa theha lenaneo le lecha la ho thusa linaha tse se nang lichelete kapa litsebi tse lekaneng hore li hahe Liholo Tsa ’Muso. Holo ea pele lihlekehlekeng tsa Basamoa e ile ea hahoa Lefaga, e leng motseng oa mahaeng o lebōpong le ka boroa sehlekehlekeng sa Upolu. Pele ho moo, Phutheho ea Lefaga ea Lipaki tse leshome e ne e kopanela ntlong e se nang mabota, e ruletsoeng ka joang ’me e haheletsoe karolong e ka pele ea ntlo ea mohoeletsi e mong.

Mosebetsi oa kaho o ne o tsamaisoa ke Jack Sheedy, e leng Moaustralia ea ileng a sebeletsa Tonga le mosali oa hae, Coral, ka lilemo tse supileng. “Ha motho a shebeletse a le thōkoana, batho ba neng ba sebetsa setšeng sa kaho, bao e neng e le lihoai, batšoasi ba litlhapi le bo-’mè ba malapa, e ne eka ke bohloa bo ntseng bo ea holimo le tlaase.”

Ha Holo ea ’Muso e nkang litulo tse 60 e phethoa ka 2001, baahi ba motse ba ile ba khotsa botle ba eona. Ba ile ba re: “Liholo tsa lōna lia hohela hobane li na le seriti li bile li hahuoe ka tsela e itekanetseng. Li fapane hōle le likereke tsa rōna tse majabajaba tse khabisitsoeng ho tlōla tekano hoo hangata li shebahalang li le bohlasoa ebile eka ha lia hloeka.” Palo ea batho ba tlang libokeng le eona e ile ea eketseha haholo. Ka 2004, batho ba 205 ba ile ba tla Sehopotsong sa lefu la Kreste holong ena e ncha.

Bofelong ba 2005, lenaneo la ho haha linaheng tse se nang lichelete kapa litsebi tse lekaneng le ne le se le thusitse barab’abo rōna hore ba hahe Liholo tse ncha tsa ’Muso tse ’nè ’me ba nchafatse tse tharo ho pholletsa le lihlekehleke tsa Basamoa. Ho phaella moo, Holo ea Kopano ea Sinamoga, e Apia, Samoa, e ile ea nchafatsoa. Feela joaloka bahoeletsi ba linaheng tse ling tse se nang lichelete kapa litsebi tse lekaneng, bahoeletsi ba Samoa ba ananela haholo thuso ena e lerato e tsoang lefatšeng lohle ea bara le barali babo bona ba Bakreste.—1 Pet. 2:17.

HO KHEMA LE LINAKO

Basamoa ba bangata ba falletse linaheng tse ling. Ka mohlala, libakeng tse kang Australia, New Zealand le United States, haholo-holo Hawaii, ho na le Basamoa ba bangata. Linaheng tseo, Lipaki tse fetang 700 li thehile liphutheho tsa Sesamoa tse 11, ebile ho na le lihlopha tse peli tsa Sesamoa tse e-s’o ikemele. Bahoeletsi ba bang ba Basamoa ba kopanela liphuthehong tsa Senyesemane linaheng tseo ba falletseng ho tsona.

Barab’abo rōna ba bangata ba Lipaki ba Basamoa ba ’nile ba ea mose ho maoatle ho ea koetlisoa likolong tse lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng ’me ba khutletse Samoa kapa American Samoa ho tla sebelisa seo ba ithutileng sona. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1990, Talalelei Leauanae, Sitivi Paleso‘o, Casey Pita, Feata Sua, Andrew Coe le Sio Taua ba ile ba ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Australia ’me ka mor’a moo ba khutlela Samoa ho tla ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso. Kajeno, Andrew le mosali oa hae, Fotuosamoa, ba sebeletsa Bethele ea Samoa. Sio le mosali oa hae, Ese, ba ile ba e-ba mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse ’maloa hammoho le mora oa bona e monyenyane, e leng El-Nathan. Hona joale Sio ke setho sa Komiti ea Naha. Barab’abo rōna ba bang ba tsoang sekolong ke baholo, bo-pula-maliboho kapa bahoeletsi ba tšepahalang liphuthehong tsa habo bona.

Litholoana tsa mosebetsi oo o babatsehang e bile life? Ka 2008, liphuthehong tse 12 tsa Samoa le American Samoa ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba 620. Batho ba fetang 2 300 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong ka 2008. Kahoo, lihlekehlekeng tsa Basamoa ho na le tšepo ea hore bahoeletsi ba tla eketseha haholo.

HO HATELA PELE LE MOKHATLO OA JEHOVA O HLOPHISITSOENG

Ka lilemo-lemo batho ba bangata ba lipelo li ntle ba Samoa ba ’nile ba nka khato e loketseng ha ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 24:14) Joaloka baholo-holo ba bona ba ileng ba haola le maoatle, le bona ba hlōtse mathata a mangata ha ba le leetong la ho tloha lefatšeng la khale la Satane ba e-ea mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng, o tataisoang ke moea. Litšitiso tse kang khanyetso e tsoang ka lapeng, ho lelekoa motseng, mashano a baruti, lithibelo tsa ’muso, liteko tsa nama le liteko tse ling ha lia ba thibela ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova. (1 Pet. 5:8; 1 Joh. 2:14) Liphello e bile life? Kajeno ba lutse ba sireletsehile paradeiseng ea moea.—Esa. 35:1-10; 65:13, 14, 25.

Leha ho le joalo, leeto la bona ha le e-s’o fele. Ba haufi le moo ba eang teng—e leng lefatšeng la paradeise le busoang ke ’Muso oa Molimo oa toka. (Baheb. 11:16) Lipaki Tsa Jehova tsa lihlekehlekeng tsa Basamoa li hatela pele le mokhatlo oohle oa lefatše ka bophara oa bara ba motho, li ikemiselitse ho qeta leeto la tsona li ntse li tataisoa ke Lentsoe la Molimo hammoho le moea oa hae o halalelang o matla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lapita ke sebaka se seng se New Caledonia moo ho ileng ha sibolloa lipitsa tsa letsopa tse ikhethang tse entsoeng ke batho ba moo.

b Ka 1997, Samoa Bophirimela e ile ea fetola lebitso la eona ’me ea bitsoa Samoa. Re tla sebelisa lebitso la Samoa bukeng ena.

c Litloholo tse ’maloa tsa Monghali Taliutafa Young, ea ileng a fa Harold bolulo, e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Hona joale setloholo sa hae se bitsoang Arthur Young se kopanela le Phutheho ea Tafuna, e American Samoa, ebile ke moholo hape ke pula-maliboho. E ’ngoe ea lintho tseo Arthur a li nkang e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa ke Bibele eo Harold Gill a ileng a e fa lelapa labo.

d Basamoa ba na le lebitso—joaloka Pele—hammoho le fane. Pele o ne a e-na le fane ea habo ntate oa hae, e leng Fuaiupolu. Ho feta moo, ho na le Basamoa ba nang le tokelo ea ho fuoa mabitso a boreneng. Lipaki Tsa Jehova tse ling ha li batle ho bitsoa ka mabitso ao a boreneng ebile ha li a amohele, hobane li nka hore a na le moelelo oa lipolotiki kapa lintho tsa lefatše. Ka kakaretso tlalehong ena re tla sebelisa lebitso le tla lateloa ke fane e tsebahalang haholo, joaloka lebitso la Pele Fuaiupolu.

e Filimi ena e ile ea hatisoa hape ka k’hasete ea video ka 1995 ebile e fumaneha ka Searabia, Sechaena (sa Secantonese le sa Semandarin), Seczech, Sedache, Sedanishe, Sefinnishe, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekorea, Senyesemane, Senorway, Sepanishe, Sepotoketsi (sa Brazil le sa Europe), Seswedishe le Setaliana.

f Ropati o ile a kolobetsoa ka mor’a hore a etele New Zealand.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 77]

“Bosiung bona le utloile molaetsa oa ’Muso. Ho tsoa botebong ba pelo, ke tšepa hore le tla o mamela”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 98]

“Bana ba ne ba atisa ho bolela hore re se re fihlile motseng ka ho hooa ba re, ‘Armagedone ke eo!’”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 108]

“Bese e eang Vava‘u ha ho motho ea ka reng e siuoe ke nako: e iphihlela ka nako ea eona”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 69, 70]

Malumeli a Boholo-holo le a Kajeno a Samoa

Malumeli a boholo-holo a Samoa a ne a kopantse borapeli ba melimo e mengata, tumelo ea hore moea o arohane le ’mele, tšebelisano le meea hammoho le ho rapela balimo, empa a ne a se na litempele, litšoantšo kapa batho ba itseng bao e leng baprista. Bolumeli bo ne bo ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho ba moo. Joale ke hobane’ng ha Basamoa ba ile ba bonahala ba loketse ho amohela phetoho ea bolumeli ha barumuoa ba Mokhatlo oa Baromuoa oa London ba fihla ka 1830?

Tšōmo e ’ngoe ea Basamoa e ile ea bolela esale pele hore ho tla tla bolumeli bo bocha bo matla bo neng bo tla felisa puso ea melimo ea khale. Marena (bo-matai) a mang a Samoa a ile a nahana hore baromuoa ba ne ba emela bolumeli boo bo bocha. Morena Malietoa o ile a khetha ho rapela Molimo oa Bakreste, e leng Jehova, a ba a laela bafo ba hae hore le bona ba etse joalo.

Baromuoa ba Mak’hatholike, ba Mamethodiste, ba Mamomone le ba Mokhatlo oa Baromuoa oa London, ba ile ba fumana balateli ba bangata ’me kajeno hoo e ka bang baahi bohle ba lihlekehlekeng tsa Samoa ba oela kerekeng e itseng. Mebuso e ’meli ea Samoa e na le mapetjo a bolumeli a reng: “Samoa e thehiloe ho Molimo” le le reng, “Samoa, etelletsa Molimo pele.” Mananeo a bolumeli a hasoa kamehla thelevisheneng.

Tšusumetso ea bolumeli e matla haholo metseng, moo marena a teng a atisang ho etsetsa baahi liqeto tse amanang le tsamaiso ea litaba tsa bolumeli. Ka linako tse ling baahi ba bang motseng ba qobelloa hore ba ntše karolo e fetang 30 lekholong ea moputso oa bona e le ho tšehetsa baruti le mesebetsi ea kereke—e leng moroalo o boima oo batho ba ntseng ba eketseha ba o hloileng. Ho bile ho na le litlhōlisano tsa ho bona hore na ke mang ea ka fanang ka chelete e ngata ka ho fetisisa. Likereke tse ling li phatlalatsa mabitso a ba hlōtseng, e leng ba ntšitseng chelete e ngata ho feta ba bang.

Metseng e mengata, letsatsi le leng le le leng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ema tsi! ka metsotso e 10 ho ea ho e 15, nakong ea sa, e leng thapelo ea motse. Bahlankana ba koloka litseleng libakeng tse sa tšoaneng tseo ba li abetsoeng ba tšoere melamu ho tiisa hore bohle ba latela mokhoa ona. Ba sa etseng sena ba ka khalemeloa ka thata, ba ahloloa chelete e ka etsang $100 (hoo e ka bang R800), kapa ba ahloleloa hore ba fepe lekhotla la matona a morena kapa motse kaofela. Ka linako tse ling litaba li ee li be mpe haholo hoo batho ba ka bang ba shapuoa kapa ba lelekoa motseng.

Ka lekhetlo le leng, molebeli oa potoloho ea bitsoang John Rhodes le mosali oa hae, Helen, ba ile ba fihla motseng oa Salimu, Sehlekehlekeng sa Savaii, ba khathetse ka mor’a leeto le lelelele. Kaha sa e ne e sa tsoa qala, balebeli ba ile ba ba kōpa hore ba eme khorong ea motse. Ba ha Rhodes ba ile ba mamela ’me ba ema ho fihlela sa e fela, ba ntan’o ea moo ba lulang teng.

Ha morena ea ka sehloohong oa motse a utloa hore John le Helen ba ile ba emisoa, o ile a kōpa tšoarelo ho motho eo ba fihletseng ha hae. Morena o ile a re Lipaki ke baeti ba bohlokoa eaba o laela balebeli hore ba tlohelle ba ha Rhodes hore ba kene motseng neng kapa neng, esita le haeba sa e ntse e tsoela pele. Ke hobane’ng ha bona ba ile ba etsetsoa tlhophiso e khethehileng? Mora e monyenyane oa morena, ea bitsoang Sio, o ne a ithuta Bibele le Lipaki ’me a hatela pele hantle moeeng. Kajeno Sio Taua ke setho sa Komiti ea Naha ea Samoa.

[Setšoantšo]

John le Helen Rhodes

[Lebokose le leqepheng la 72]

Tlhaloso e Khutšoanyane ka Samoa, American Samoa le Tokelau

Naha

Samoa e na le lihlekehleke tse peli tse khōlō—e leng sa Upolu le sa Savaii, tse arotsoeng ke mokhamo oa metsi o bophara ba lik’hilomithara tse 18—hammoho le lihlekehleke tse ’maloa tse nyenyane tse nang le baahi. American Samoa eona e lik’hilomithara tse ka bang 100 ka boroa-bochabela ho Samoa ’me e na le sehlekehleke se le seng se seholo, sa Tutuila, ebile e akarelletsa Lihlekehleke Tsa Manu‘a, Sehlekehleke sa Swains, sa ‘Aunu‘u hammoho le se senyenyane sa Rose se se nang baahi. Tokelau e na le lihlekehleke tse tharo tse nyenyane tse pota-potiloeng ke likorale sebakeng se phuleng, lik’hilomithara tse 480 ka leboea ho Samoa.

Batho

Samoa e na le baahi ba fetang 214 000 ’me American Samoa e na le ba ka bang 57 000. Tokelau e na le baahi ba ka bang 1 400. Ba fetang 90 lekholong ke batho ba Polynesia ’me ba bang ke batho ba Asia, Europe kapa Mapolynesia a tsoakaneng le morabe o mong.

Puo

Puo e ka sehloohong e buuoang ke Sesamoa, le hoja batho ba bangata ba boetse ba bua Senyesemane. Tokelau teng ho buuoa Setokelau, e leng puo e batlang e tšoana le Sesamoa.

Mokhoa oa boipheliso

Mesebetsi e ka sehloohong e etsoang ke baahi ba moo ke temo, bohahlauli, ho tšoasa litlhapi tsa tuna, hammoho le ho etsa lihlahisoa tsa tlhapi.

Lijo

Lijo tse ka sehloohong ke metso ea semela sa tsebe ea tlou e nang le setache se sengata, libanana tse tala hammoho le tholoana e bitsoang breadfruit e kopantsoeng le lebese la kokonate. Lijo li ka boela tsa akarelletsa nama ea kolobe, ea khoho kapa tlhapi. Ke matletsetletse a litholoana tsa libakeng tse chesang tse mongobo, tse kang liphopho, liphaenapole le limango.

Boemo ba mohatsela le mocheso

Kaha lihlekehleke tsena li haufi le equator, boholo ba nako selemong ho lula ho chesa ho bile ho le mongobo. Selemo le selemo, ho na pula ea limithara tse hlano motseng oa Pago Pago, o sehlekehlekeng sa Tutuila, American Samoa.

[Lebokose le leqepheng la 75]

“Ke Buka e Molemo Haholo”

Mor’abo rōna Harold Gill o ile a fihla American Samoa a nkile libukana tsa Where Are the Dead? tse 3 500 tse ngotsoeng ka Sesamoa, hore a li abele batho ba moo. Ha a fa ’musisi bukana ena, ’musisi o ile a etsa tlhahiso ea hore Harold a e bontše moeta-pele e mong le e mong oa bolumeli e le hore ba tle ba tsebise moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao hore na bukana eo e loketse ho abeloa sechaba kapa che. Ebe baeta-pele ba malumeli ba ne ba tla re’ng ka eona?

Moruti oa Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ne a le botsoalle ’me a se na bothata. Ba kereke ea Sabatha le bona ba ne ba se na taba le hore na Harold o etsa’ng—hafeela a sa nke le ea mong mohlapeng oa bona. Moprista oa sesoleng, le hoja a ne a batla a phoqa, o ne a se khahlanong le seo. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang e ileng ea thibela Harold ho ea teana le moprista oa K’hatholike. Harold o ne a ile a fa lepolesa le leng la Mosamoa bukana eo nakong eo le neng le mo felehelitse ho ea bona ’musisi. Matsatsi a ’maloa hamorao, Harold o ile a botsa lepolesa leo hore na le thabetse ho bala bukana eo.

Lepolesa leo le ile la araba la re: “Mong’a ka [ke hore moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao] o ile a re ho ’na: ‘E-ea ho moprista oa hao [oa K’hatholike] u mo botse hore na bukana ena e loketse.’ Ke ile ka lula tlas’a sefate ’me ka e bala. Eaba ke re, ‘Buka ena e molemo haholo, empa ha nka e bontša moprista, o tla re “Buka ena ha ea loka.”’ Kahoo ka khutlela ho mong’a ka ’me ka re, ‘Mong’a ka, moprista o re “Ke buka e molemo haholo.”’”

Hamorao moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao o ile a bitsetsa Harold ofising ea hae. Ha moeletsi enoa a ntse a phetla bukana ena, Harold o ile a mo hlalosetsa lintlha tseo e li tšohlang. Eaba moeletsi enoa o nka fono ’me a fana ka tumello ea hore bukana ena e lokolloe e le hore e abeloe batho. Ka lebaka leo, hoo e batlang e le libukana tsohle tseo Harold a neng a tlile le tsona li ile tsa ajoa ho pholletsa le lihlekehleke tsena.

[Lebokose le leqepheng la 76]

Setso sa Basamoa

Ka 1847, George Pratt, eo e neng e le moromuoa oa Mokhatlo oa Baromuoa oa London o ile a hlalosa hore Basamoa ke batho ba “nkang mekhoa e metle sechabeng e le ea bohlokoahali ho feta lichaba tse ling tsa Polynesia, mohlomong le ho feta lichaba tsohle tsa lefatše.” Setso sena sa Basamoa, se bitsoang faa Samoa (mokhoa oa bophelo oa Basamoa), ke mekhoa e metle haholo e lateloang likarolong tsohle tsa bophelo ba Basamoa.

Buka ea Samoan Islands e re ntho e nkoang e le ea bohlokoa ka ho fetisisa setsong sena, ke hore batho ba be le “tlhompho ho ba ‘ba phahametseng,’ le hona ka tsela e tebileng.” Batho ba bontša tlhompho ena ka ho ba le mekhoa e metle, ho bua ka tlhompho le ho tšepahalla ba malapa le metse ea habo bona. Ba bangata ba nka e le ntho e makatsang hore motho a furalle meetlo le bolumeli ba baholo-holo ba hae.

Bo-matai—e leng lihlooho tsa malapa—ba etsang bonnete ba hore setso sena sea lateloa, ba sebetsa litaba tsa lelapa le itseng kapa tsa malapa a ’maloa ’me ba emela malapa ao khotla. Ba batla hore joang kapa joang batho ba latele bolaoli ba bona ’me ba bontša matla a bona ka ho lefisa batho, ho ba shapa kapa hona ho ba leleka motseng. Ka mohlala, matai oa motse o mong o ile a lefisa moruti ea neng a ile a re bashanyana ba betse Lipaki Tsa Jehova ka majoe.

Motseng ho ka ’na ha e-ba le bo-matai ba 10 ho ea ho ba 50. Boholo ba bona ba khethoa ke beng ka bona (aiga), empa ba bang ba ja lefa la ho ba bo-matai. Litlotla li fanoa ho latela maemo a batho ka ho fapana. Motse o mong le o mong o na le morena (alii), eo e leng eena ea etellang pele khotla. ’Muelli oa morena (tulafale) o tsamaisa litaba tse amanang le mekete e sa tšoaneng ea motse. Leha ho le joalo, hase bo-matai bohle ba sebetsanang le litaba tsa lipolotiki kapa tsa bolumeli. Ba bang ba etsa bonnete ba hore ba sebetsana feela le litaba tsa lelapa, tse kang hore masimo a lelapa a ngolisoe ka bona ’me ba na le matla a ho etsa qeto ea hore na a sebelisoe joang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 79]

“Motho oa Jehova”

SAUVAO TOETU

O HLAHILE KA 1902

O KOLOBELITSOE KA 1954

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke motho oa pele oa Faleasiu ea ileng a amohela ’nete. Hamorao Holo ea ’Muso e ile ea hahoa setšeng sa hae. Joalokaha ho boletse mora oa hae Tafiga Sauvao

KA 1952, motsoala e mong oa Ntate ea tsoang Apia o ile a etela lelapa leso le neng le lula Faleasiu. Motsoala enoa oa Ntate, ea neng a kopanela le Lipaki Tsa Jehova, o ne a batla ho tšohla Bibele le Ntate. Beng ka rōna ba ’maloa ba motseng ba ile ba etsa qeto ea ho tla mamela. Ba ile ba bua mocha-o-chele ho tloha ka Moqebelo hoseng ho fihlela ka Mantaha thapama, ba khefutsa hora e le ’ngoe feela hore ba ke ba bo hlothe ho se hokae. Ka mor’a hore ba boele ba etse se tšoanang ka mafelo-beke a mane a latellanang, qetellong Ntate o ile a re: “Joale ke khotsofetse. Ke fumane ’nete.” Finau Feomaia, e leng soare sa Ntate, le eena o ile a amohela ’nete, hammoho le ba malapa a bona.

Hang-hang Ntate o ile a qala ho paka. Beng ka rōna ba ile ba hlabeha, kaha ba ne ba nka Ntate e le Mosabatha oa popota. Ba ile ba mo soma ka ho mo bitsa motho oa Jehova. Empa eo e ne e le tlotla e kaakang! Le hoja Ntate a ne a se na ’mele, empa e ne e le motho ea sebete, ea nahanang ka tsela e hlakileng ’me a bua ka tsela e susumetsang. Sena se ile sa etsa hore a khone ho emela tumelo ea hae e ncha ka tsela e tsotehang. Ka mor’a nako, sehlopha sa rōna se senyenyane e bile phutheho ea bobeli e ileng ea thehoa Samoa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 83]

Ho Tšepahala ho sa Tsotellehe ho Fokolloa ke Bophelo

FAGALIMA TUATAGALOA

O HLAHILE KA 1903

O KOLOBELITSOE KA 1953

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a hana monyetla oa ho ba matai ea hlaheletseng ’me ea e-ba pula-maliboho oa kamehla.

HAMORAO, Fagalima o ile a qeta lilemo tse ngata e le pula-maliboho ea khethehileng Samoa, le hoja a ne a sa bone hantle a bile a e-na le leoto le holofetseng. Ka lekhetlo le leng ha molebeli oa potoloho a ne a sebetsa le Fagalima ka ntlo le ntlo, o ile a hlokomela hore Fagalima o bala mangolo ka nepo empa a sa roala likhalase eaba oa mo botsa hore na mahlo a hae a ntse a ntlafala na. Fagalima o ile a re o lahlehetsoe ke likhalase, ka hona, o ne a qotsa mangolo ka hlooho.

Kaha Fagalima o ne a batla ho ea kopanong Fiji, o ile a qeta libeke tse ’nè a sebetsa a le mong a bokella likokonate karolong e hōle ea Upolu. Le hoja a ne a holofetse leoto, o ne a jarella likokonate tse 15 ka nako e le ’ngoe ’me a tsamaea sebaka sa bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho ea moo a neng a il’o li ebolela teng ebe o nka karolo ea tsona e jeoang, oa e omisa. Ho tloha moo o ile a li rekisa eaba o ea Apia ho ea lefella leeto la ho ea Fiji, athe o tla fumana tefello ea leeto e se e nyolohile ’me e feta chelete eo a e nkileng. Ho e-na le hore a tletlebe, a tele, kapa a kōpe motho e mong hore a mo tlatseletse, o ile a khutlela morao ho ea bokella likokonate tse ling le ho li rekisa e le hore a fumane chelete eo a e hlokang. O ile a etsa sena sohle e le hore a be teng kopanong eo a neng a nahana hore e tla tšoaroa ka lipuo tse peli tseo a sa li tsebeng. E bile tlhohonolofatso e kaakang ha Fagalima a fihla Fiji ’me a fumana hore boholo ba lenaneo la kopano le tla ba ka puo ea habo!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 87]

“Ke Thabetse Letsatsi le Leng le le Leng”

RONALD SELLARS

O HLAHILE KA 1922

O KOLOBELITSOE KA 1940

PALE EA BOPHELO BA HAE Eena le mosali oa hae, Olive (Dolly), ba ile ba fallela Samoa ka 1953 e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. O ile a fumana lengolo sekolong sa boromuoa sa Gileade ka 1961. Ron e ntse e le pula-maliboho ea khethehileng American Samoa.

HA ’MUSO oa Samoa o hana ho re ekelletsa matsatsi, ’na le Dolly re ile ra ea American Samoa. Sekepe se tsamaeang pakeng tsa lihlekehleke tsena se ile sa re siea boema-kepe bo se nang batho Pago Pago ka hora ea boraro hoseng. E ne e le rōna feela bahoeletsi naheng ena ’me re ne re e-na le $12 feela. Hamorao hoseng hona hoo, ntate oa motho e mong ea neng a kile a ithuta Bibele o ile a re amohela ka mofuthu ha hae. Re ile ra robala k’honeng ntlong ea hae ea kamore e le ’ngoe, e neng e arotsoe ka kharetene. Le hoja re ne re batla moo re ka lulang teng, re ile ra qala ho pakela beng ba ntlo e haufi.

Libeke tse ’maloa hamorao re ile ra hira folete e khōlō e neng e le ka holim’a lebenkele motseng oa Fagatogo. Ha re le moo, re ne re bona Kou ea Pago Pago e ntle, empa ka tlung ho ne ho se na letho. Mor’abo rōna Knorr o ne a ile a re ho rōna: “Ho ka etsahala hore ha le fihla lihlekehlekeng tsa Pacific, le se ke la fumana mabothobotho a makaalo. Le ka ’na la tlameha ho ala mabokose a tšelang libuka e le hore le robale holim’a ’ona.” Ke sona seo re ileng ra se etsa! Ke feela ka mor’a likhoeli tse itseng moo re ileng ra fumana chelete e lekaneng hore re iketsetse bethe, tafole hammoho le litulo. Leha ho le joalo, re ne re thabetse hore re na le ha rōna.

Le hoja mosali oa ka eo ke neng ke mo rata haholo a ile a hlokahala ka 1985, ke ntse ke ea tšebeletsong matsatsi a mangata. Ha ke nahana ka lilemo tse fetang 50 tseo ke li qetileng ke le pula-maliboho le tseo ke li qetileng tšebeletsong ea boromuoa, ruri nka re ke thabetse letsatsi le leng le le leng!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 88]

“Ba Nthutile Hore ke Rate Jehova”

WALLACE PEDRO

O HLAHILE KA 1935

O KOLOBELITSOE KA 1955

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke eena motho oa pele ea ileng a kolobetsoa American Samoa. Eena le mosali oa hae, Caroline, e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ’me hamorao ba hōlisa bana. Hona joale ba sebeletsa Seattle, Washington, U.S.A.

HA KE qala ho ithuta Bibele le ho bolella ba bang ka eona, ke ile ka lelekoa lapeng ’me ka tsoa ka liphahlo tseo ke li apereng feela! Bosiung boo, ke ile ka tlameha ho robala lebōpong la leoatle. Ke ile ka rapela Jehova hore a mphe sebete e le hore ke mo sebeletse ho sa tsotellehe se ntlhahelang.

Ka le hlahlamang, ke ne ke le laebraring ea sekolo ha ka tšohanyetso Mor’abo rōna Paul Evans a kena. Ha a hlokomela hore ho na le ntho e sa tsamaeeng hantle o ile a re: “A re ee lehaeng la baromuoa u e’o mpolella hore na ho etsahala’ng.” Ka mosa baromuoa ba ile ba mpha bolulo eaba hamorao selemong seo kea kolobetsoa.

Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka bula maliboho hammoho le baromuoa. Hamorao ke ile ka nyala Caroline Hinsche, eo e neng e le pula-maliboho ea chesehang ea tsoang Canada ea neng a sebeletsa Fiji ’me re ile ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng American Samoa.

Tsela eo batsoali ba ka ba neng ba ikutloa ka eona e ile ea fetoha butle-butle. Ntate o ile a ithuta Bibele pele a hlokahala, ’Mè eena a kolobetsoa a le lilemo li 72. Ke motlotlo ka mohlala o motle oa baromuoa bao ba mehleng eo. Ba nthutile ho rata Jehova ’me seo ke sona se ’matlafalitseng ho fihlela lena le holimo!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 91]

Mamello e Tsoala Katleho

PAUL EVANS

O HLAHILE KA 1917

O KOLOBELITSOE KA 1948

PALE EA BOPHELO BA HAE Eena le mosali oa hae, Frances, ba qetile lilemo tse fetang 40 e le baromuoa Samoa le American Samoa.

HA ’NA le mosali oa ka re ne re qala mosebetsi oa potoloho ka 1957, ho ne ho se bonolo ho kena Samoa hobane ’muso o ne o leka ho sitisa Lipaki tsa moo hore li fumane thuso e tsoang linaheng tse ling. Ho ne ho bile ho hlokahala hore baeti le bahahlauli ba tekenele polelo e tšepisang hore ba ke ke ba sokolla batho ha ba ntse ba etile. Ka hona, ha ke qala ho fihla Samoa ke le molebeli oa potoloho, ke ile ka botsa ofisiri ea lefapha la bojaki hore na ho boleloa eng ka ho sokolla. Ha ke bona hore ekare oa ferekana, ke ile ka mo botsa:

“E-re ke u etsetse mohlala, ke re, mohlomong u Mok’hatholike ’me u etetse naheng e ’ngoe, ebe u ea kerekeng. Ha u fihla ba u kōpa hore u fane ka thero, na u tla ema ’me u fane ka eona?”

O ile a arabela: “Ha ho na ntho e u thibelang ho etsa joalo.”

Ke ile ka tsoela pele ka re: “Ua tseba hore Lipaki Tsa Jehova li etela batho mahaeng a bona ka molaetsa oa Bibele. Haeba metsoalle ea ka e batla ho tsamaea le ’na ha e etsa mosebetsi oo, na nka tsamaea le eona?”

O ile a arabela: “Ke nahana hore ha ho na bothata.”

Ka boela ka botsa: “Joale ha mong’a ntlo a ka mpotsa potso ke etse’ng? Na nka mo arabela?”

O ile a re: “Ha ke bone ho e-na le bothata.”

Eaba ke qetella ka ho re: “Oo, kea utloa. Bonyane kea tseba hore na ke lokela ho etsa’ng.”

Ha re se re tsoa naheng eo ka mor’a hore re tsamaee hantle mosebetsing oa potoloho, ke ile ka botsa ofisiri eo hore na ho na le tlaleho e mpe eo a e utloileng ka rōna ha re ntse re le ka har’a naha.

O ile a re: “Che, tsohle li tsamaile hantle.”

Eaba kea botsa: “Joale re ka fumana joang tumello ea ho kena nakong e tlang?”

O ile a mpha keletso e reng: “Le se ke la kenya kōpo lefapheng la bojaki. Lōna le ’ngolle ka ho toba ’me ke tla le thusa hore le fumane tumello.”

Ke sona seo re ileng ra se etsa makhetlo a mangata ha re ne re etela moo.

Ka bomalimabe, liofisiri tse ileng tsa kena lieteng tsa eo ea pele e neng e sa ee ka leeme, li ne li sa batle ho re thusa ’me li hana ho fa balebeli ba potoloho tumello ea ho kena Samoa. Boemo bo ile ba e-ba tjena ho fihlela ka 1974 ha ’muso o re fa tumello ea ho kena re le baromuoa. Qetellong, ho mamella le ho phehella ha rōna ho ile ha putsoa.

[Setšoantšo]

Frances le Paul Evans

[Lebokose le leqepheng la 97]

Puo ea Babuelli ba Morena

Sesamoa ke puo e molumo o monate, o phahamang le ho theoha ka tsela e sa hlabeng ka tsebeng. Leha ho le joalo, Fred Wegener, o re: “Kaha mantsoe a mangata a bonahala e le hlakantsutsu ea liluma-nosi feela, baromuoa ba lokela ho ikoetlisa haholo (faata‘ita‘iga) hammoho le ho khothatsoa (faalaeiauina) e le hore ba tsebe puo ea moo hantle.”

Puo e bokheleke e nang le maele e nkoa e le ea bohlokoa setsong sa Basamoa. Lihlooho (tsa malapa) (bo-matai) le babuelli ba morena (bo-tulafale) ba rata ho qotsa Bibele le ho sebelisa mokhabo-puo ha ba le liketsahalong tsa bohlokoa. Mekhoa e metle ea Basamoa e bonahala haholo-holo tseleng eo ba leng hlokolosi ka eona ha ho hlokahala hore ba bue puo e hlomphehang le e nang le seriti. Basamoa ba na le puo e nang le seriti e hlomphehang haholo ea “marena” (tautala lelei) e buuoang ha ho rapeloa kapa ho buuoa ka Molimo, ha ho buuoa le marena, batho ba boholong le baeti ba tsoang linaheng tse ling kapa ha ho buuoa ka bona. Ka lehlakoreng le leng, moqoqong oa letsatsi le letsatsi kapa ha motho a bua ka eena, Basamoa ba na le puo ea ho iqoqela (tautala leaga), e leng e sa phahamang haholo, eo batho ba ipuelang eona ba lokolohile.

E le ho qoba ho khopisa ba bang ha ho buuoa ka litaba tsa puso le tsa meetlo, kapa ha ho buuoa ka Bibele, Sesamoa se na le mantsoe a khethehileng a sebelisoang puong e nang le seriti ea “marena.” Geoffrey Jackson, oa Sehlopha se Busang, ea ileng a sebeletsa Samoa e le moromuoa, oa hlalosa: “Kaha mekhoa e metle le tlhompho ke tsona tse laolang puo, ke ntho ea bohlokoa hore ha motho a etsa mosebetsi oa boboleli a bue le Basamoa ka tlhompho eo ka tloaelo e fuoang marena, empa a ntse a hopola hore ha a bua ka eena o lokela ho bontša boikokobetso ’me a sebelise puo ea letsatsi le letsatsi.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 99]

‘Re Ile ra Tloha ka Lipelo Tse Bohloko’

ROBERT BOIES

O HLAHILE KA 1942

O KOLOBELITSOE KA 1969

PALE EA BOPHELO Eena le mofumahali oa hae, Elizabeth (Betty), e ile ea e-ba baromuoa lihlekehlekeng tsa Samoa ho tloha ka 1978 ho fihlela ka 1986.

HO TLOHA ha re fihla, re ile ra fumana hore batho ba American Samoa ba ne ba ananela boiteko ba rōna ba ho ithuta Sesamoa, ba bile ba sa tsotelle liphoso tse ngata tseo re neng re li etsa. Ka le leng la matsatsi, ke ile ka sebelisa Tšenolo 12:9 hore ke hlalose kamoo Satane a susumetsang lefatše kateng. Leha ho le joalo, mantsoe a sebelisoang ka Sesamoa bakeng sa diabolose (tiapolo) le sirilamunu (tipolo) a tšoana haholo. Ke ile ka fapanya mantsoe ao, eaba ke hlalosa hore “sirilamunu” e ile ea lelekoa leholimong ebile e khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona. Empa ke ile ka bolela hore haufinyane Jehova o tla silakanya ’me a felise “sirilamunu” eo. Mong’a ntlo le moromuoa eo ke neng ke tsamaea le eena ba shoa ke litšeho.

Ka nako e ’ngoe, ha ke ntse ke sebetsa ka ntlo le ntlo ke ile ka bua le mosali e mong oa Mosamoa ka mantsoe ao ke neng ke a tšoere ka hlooho. Hamorao ke ile ka tseba hore ntlha feela eo a ileng a e utloa ke ha ke buella Tšenolo 21:4 ka bokhutšoanyane. Eitse ha a lemoha hore molaetsa oo ke o tlisitseng ke oa bohlokoa, eaba o kena ka tlung hang-hang ’me a bala temana eo Bibeleng ea hae. Lengolo leo le le leng le ile la ama mosali eo hoo hamorao a ileng a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me eena le bana ba hae ba ile ba kena ka phuthehong!

Litaba tse monate ke hore re ile ra qetella re tseba puo ea Sesamoa ’me ra ba le liphihlelo tse ngata tse thabisang. Ha re tlameha ho khutlela United States ka lebaka la maemo a bophelo, re ile ra tloha Samoa ka lipelo tse bohloko.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 101, 102]

“Motse Kaofela o ne o Tlile”

Le leng la mapato a maholohali a kileng a e-ba teng Apia e bile la Fred Williams khale koana ka bo-1950. Monna enoa eo batho ba neng ba mo bitsa Captain (Molaoli oa Likepe), e ne e le monna-moholo oa seqhenqha, ea itokolotseng mosebetsing oa likepeng ’me mosali oa hae e ne e le Paki ea Jehova. O ne a ile a pota lefatše ka sekepe a bile a tumme ho pholletsa le libaka tsohle tsa Pacific Boroa. A mang a makhabane a mangata ao a neng a tumme ka ’ona, ke hore ka lekhetlo le leng ka mor’a hore sekepe sa hae se soahlamane mafikeng hare-hare ho leoatle, o ile a khona ho pholosa sehlopha sohle sa hae ’me a se isa moo ho sireletsehileng ka seketsoana sa pholoso lik’hilomithara tse ka bang 1 500 ba e-na le lijo tse fokolang haholo.

Captain o ne a lumela hore batho ba bangata ba mpa ba latela bolumeli feela eseng hobane ba hlile ba batla ho etsa se nepahetseng. Leha ho le joalo, mosesisi enoa eo pele e neng e le senoi sa whiskey, a bile a becha likarete, o ile a ithuta Bibele le Bill Moss ’me ea e-ba Paki e chesehang. Ha Captain a kolobetsoa, mahlo a ne a se a le lerootho ’me a se a qeta nako e ngata liphateng. Empa o ne a sa khaotse ho bolella baeti ba hae ba bangata ka tumelo eo a neng a sa tsoa e fumana, ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli.

Ha Captain a hlokahala, lengolo la thato ea mofu le ile la bontša ka ho qaqileng hore a patoe ke Lipaki Tsa Jehova ’me a pateloe leoatleng. Ha Girlie Moss a ngola, o re: “Ho ne ho bonahala eka motse kaofela o ne o tlile lepatong la hae. Seea-le-moea se ile sa tsebisa hore o hlokahetse ’me lifeme tsa Apia tsa theolela lifolakha tsa tsona tlaasana e le letšoao la tlhompho.” Kantle ho Lipaki tsohle tse neng li le teng, ho ne ho boetse ho tlile liakhente, matichere, baeta-pele ba tummeng ba bolumeli le bo-rakhoebo ba bangata.

E mong le e mong o ne a mametse ka hloko ha sebui, e leng Bill Moss a sebelisa litemana tse ngata tsa Bibele ho hlalosa tšepo eo Captain a neng a e-na le eona ea hore o tla tsohela lefatšeng la paradeise. Girlie o re: “Ke ile ka utloa ke rata Captain haholo, hobane o ne a lokiselitse hore batho ba bangata bao ho neng ho le thata ho ba fumana malapeng kapa ho bua le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ba fuoe bopaki bona lepatong la hae. Ke ile ka nahana ka Abele, eo ‘le hoja a shoele, a sa ntseng a bua.’” (Baheb. 11:4) “Lepato la Captain le ile la fana ka bopaki bo matla.”

Ka mor’a puo ea lepato e neng e tšoaretsoe ha Captain, moifo oa likoloi tse ka fetang 50 o ile oa leba boema-kepe. Ha Girlie a ngola, o re: “E ne e le sepenya sa bashebelli feela boema-kepe hoo mapolesa a ileng a lokela ho re bulela tsela e le hore re e’o palama seketsoana. Eaba re palama seketsoana se bitsoang Aolele (e bolelang Maru a Fofang) le lelapa la hae, mokomishinara ea ka sehloohong le baahi ba hlaheletseng ’me sa sesisetsoa bohareng ba leoatle.” Lebitso la sekepe sena le ne le se tšoanela hantle hobane Bill o ne a lokela ho mamarela palo e tšehetsang seile ea seketsoana hobane maqhubu a ne a se akhotsa joalokaha eka ke poropo ’me moea o mo phutla ka matla, o fefola liaparo tsa hae o bile o loebehlanya maqephe a Bibele eo a nkileng. Qetellong, Bill o ile a bala tšepiso ea Bibele e reng ‘leoatle le tla ntša bafu ba ho lona’ eaba oa rapela. (Tšen. 20:13) Ka mor’a moo, setopo sa Captain se neng se thatetsoe se bile se kentsoe ntho e tla se tebisa se ile sa akheloa har’a metsi a befileng a Leoatle la Pacific leo a neng a le rata. Ka nako e telele batho ba ne ba sa ome mathe mabapi le lepato leo, e leng se neng se re fa monyetla oa ho fana ka bopaki bo eketsehileng.

[Setšoantšo]

“Captain” Fred Williams pele a kolobetsoa

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 109, 110]

“Re Ile ra ’na ra Khutlela”

FRED WEGENER

O HLAHILE KA 1933

O KOLOBELITSOE KA 1952

PALE EA BOPHELO BA HAE Eena le mofumahali oa hae, Shirley, ba sebeletsa Bethele ea Samoa. Fred ke setho sa Komiti ea Naha.

HA RE qeta ho nyalana ka 1956, re ile ra tloha Australia ra fallela American Samoa ho ea ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Kabelo ea rōna ea pele e ile ea e-ba Lauli‘i, e leng motsana o ka bochabela ha u kena Koung ea Pago Pago. Moo re ile ra fumana bolulo leqhofeng le se nang mamati, lifensetere, siling, kapa metsi. Hang hoba re le lokise, ho na le motho ea ileng a tla lula le rōna. Eena e ne e le Wallace Pedro, e leng mocha ea tsoaletsoeng moo, eo batsoali ba hae ba hanyetsang ba ileng ba mo leleka lapeng, eaba o lula le rōna ’me o qala ho bula maliboho.

Lilemo tse peli hamorao, re ile ra ea sekolong sa Gileade eaba re romeloa Tahiti re le baromuoa. Leha ho le joalo, re ile ra lula nako e khutšoanyane Tahiti. ’Muso o ile oa qhela likōpo tsa rōna tsa ho ba baromuoa naheng eo ka ho re ngolla lengolo leo ho lona, ka boikokobetso bohle re ileng ra kōptjoa hore ha sefofane se latelang se tloha Tahiti, re be re le ka har’a sona. Re ile ra khutlela American Samoa moo re ileng ra sebetsa le Paul le Frances Evans hammoho le Ron le Dolly Sellars lehaeng la baromuoa le Fagatogo, Pago Pago. Ha ke le moo ke ne ke hatisa Molula-Qhooa le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka mochine oa khale o etsang likopi o neng o behiloe tafoleng ka kamoreng ea ho jela. Ka 1962, ’na le Shirley re ile ra kōptjoa hore re qale mosebetsi oa ho potoloha. Potoloho ea rōna ea pele e ne e akarelletsa libaka tse ngata tsa Pacific Boroa, tseo har’a tsona e neng e le American Samoa, Lihlekehleke Tsa Cook, Fiji, Kiribati, Niue, Samoa, Tonga, Tuvalu le Vanuatu.

Lilemo tse robeli hamorao re ile ra ba le mora, eo re ileng ra mo reha Darryl ’me re ile ra lula American Samoa. Ke ile ka ba pula-maliboho ea khethehileng eaba Shirley o qeta nako e ngata a fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka Sesamoa.

Ka eona nako eo, ke ne ke sebetsa le mor’abo rōna e mong oa seqoeli se tšoasang litlhapi tsa abalone e le hore ke phelise lelapa la ka. Ka letsatsi le leng enjene e nyenyane ea seketsoana sa hae e ile ea robeha eaba re lahleha leoatleng ka matsatsi a mane. Re ile ra ’na ra kenella hare leoatleng lik’hilomithara tse makholo ka seketsoana sa rōna, ra pholoha lifefong tse matla, ra bona likepe tse 32 tse fetang, ra ba ra batla re chaisoa ke sekepe se seholo sa thepa pele re pholosoa. Nakoana ka mor’a moo, ’na le Shirley re ile ra fumana hore re se re tla hlahlamisa, kahoo ka 1974 re ile ra khutlela Australia ka lipelo tse bohloko, e leng moo morali oa rōna, ea bitsoang Tamari a ileng a hlahela teng.

Lilemong tse ileng tsa latela, re ne re lula re nahana ho khutlela tšebeletsong ea rōna ea boromuoa eo re e ratang. U se u ka inahanela hore na ’na le Shirley re ile ra thaba hakaakang ha re memeloa hore re khutlele Samoa ka 1995 hammoho le Tamari, ho ea sebeletsa Bethele. Selemo hamorao, ’na le Shirley re ile ra kōptjoa hore re qalelle hape ka mosebetsi oa ho potoloha—ka mor’a khefu ea lilemo tse 26! Ka sebele ho ne ho thabisa ho kopana le batho ba bangata bao e leng khale ba tšepahala ka phuthehong bao re neng re kile ra sebetsa le bona Samoa, American Samoa le Tonga mehleng eane ea rōna!—3 Joh. 4.

Kajeno, ’na le Shirley re sebetsa ’moho le Tamari le monna oa hae, Hideyuki Motoi, Bethele e Samoa. Ka sebele re motlotlo hore ebe re ile ra ’na ra khutlela!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 113, 114]

“Jehova o Arabile Lithapelo Tsa Ka”

FAIGAAI TU

O HLAHILE KA 1932

O KOLOBELITSOE KA 1964

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a bula maliboho sehlekehlekeng sa Upolu le sa Savaii ho tloha ka 1965 ho ea ho 1980. Hona joale o lula Savaii.

KE HLAHILE ke holofetse maoto ka ho feletseng. Ka hona, bohato ba maoto a ka bo finahane, e leng se hlileng se nthatafaletsang ho tsamaea.

Ha ke qala ho utloa ’nete, e ile ea nkama ka ho tebileng. Ke ne ke batla ho ea libokeng, empa ho ne ho le thata ho tsamaea tseleng e mpe e nang le majoe, e leng se neng se etsa hore ho bonahale eka nke ke ka khona ho ea libokeng. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka ba le boiphihlelo ba ho iketsetsa lieta ka meqathatso ea rabara. Li ne li nthusa hore ke tsamaee hamonate.

Kapele ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka qala ho bula maliboho. Eaba ka mor’a ho qeta lilemo tse robong ke bula maliboho sehlekehlekeng sa Upolu, ’na, Ausi le monna oa hae re fallela Savaii moo ho neng ho hlokahala baboleli ba eketsehileng ba ’Muso. Ke ile ka ba pula-maliboho ea khethehileng hammoho le morali oa Ausi, Kumi Falema‘a.

’Na le Kumi re ne re tsamaea ka bese beke e ’ngoe le e ’ngoe re tloha Faga re ea Lata, e leng motsana o monyenyane o lebōpong le ka bophirimela la Savaii. Ka mor’a ho khannela mosali e mong thuto ea Bibele Lata, re ne re tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse robeli ho ea motseng oa Taga moo re neng re il’o ithuta le mosali e mong. Re ne re hlola bosiu moo re e-na le mosali eo hammoho le lelapa la hae ebe re khutlela Faga ka bese ea hoseng ka le hlahlamang. Re tsamaile tsela ena hoo e ka bang ka lilemo tse peli. Litaba tse monate ke hore, hamorao basali bao ka bobeli hammoho le ba malapa a bona e ile ea e-ba Lipaki tse chesehang.

Ha beng ka ’na ba falla Savaii, ke ile ka sala e le hore ke hlokomele sehlopha se senyenyane sa Faga sa baralib’abo rōna le basali ba thahasellang. Beke le beke ke ne ke khanna Thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Buka ea Phutheho ’me ke etella baralib’abo rōna pele ha re ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Hang ka khoeli ho ne ho e-ba le moholo ea tlohang Apia ho tla re khannela se seng sa liboka tsa Sontaha. Kaha morena oa motse o ne a re hanetse ho bina lipina tsa ’Muso ha re le libokeng tsa rōna, re ne re balla mantsoe a tsona holimo. Lilemo tse hlano hamorao, ho ile ha fihla lelapa le leng la baromuoa le neng le tsoa New Zealand ho tla thusa sehlopha sa rōna se senyenyane, e leng Leva le Tenisia Faai‘u. Hamorao ba bang le bona ba ile ba latela. Kajeno, ho na le liphutheho tse peli Savaii tse hōlang ka potlako, e ’ngoe e Faga ha e ’ngoe e le Taga.

Le hoja ke sa ka ka nyaloa, ke rata bana ’me ka linako tsohle ke ne ke e-ba motsoalle oa bona. Bana ba bang ba ne ba bile ba lula le ’na nako e itseng. Ho bona ha “bana” ba ka ba moea ba hōla ba bile ba ema ka lehlakoreng la Jehova ho nthabisitse haholo.

Joale ke tsofetse ’me ha ke sa khona ho ea ka ntlo le ntlo. Ke khanna lithuto tsa Bibele ke le lapeng ebile ke pakela batho bao ke kopanang le bona ha ke ile sepetlele motseng oa heso. Ho ntse ho le joalo, lintho tseo ke sitoang ho li etsa li ne li ’nyahamisa, kahoo ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke etse ho hongata. Eaba baromuoa phuthehong ea heso ba nthuta ho paka ka thelefono. Ha ke hlahloba pale ea bophelo ba ka, kea bona hore ka sebele Jehova o arabile lithapelo tsa ka.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 118]

Maobane, Kajeno le Hosasa

Baahi ba Samoa le ba Tonga ba beha nako e tšoanang lioacheng tsa bona, empa k’halendara ea Tonga e pele ka letsatsi! Ho tla joang? Samoa le Tonga li aroloa ke mola oa machaba oa nako—Tonga e ka bophirimela ’me Samoa e ka bochabela. Ka hona, le hoja lihlekehleke tsena tse peli li atamelane, Tonga ke e ’ngoe ea linaha tsa pele lefatšeng tse tšoarang Sehopotso sa lefu la Kreste, athe Samoa ke e ’ngoe ea tsa ho qetela tse tšoarang Sehopotso.

[Setšoantšo]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

\

\

\

\

\ SAMOA

| 7:00 p.m.

| Laboraro

|

|

|

|

|

TONGA |

7:00 p.m. | LEOATLE LA PACIFIC BOROA

Labone |

|

|

Mola oa Machaba | oa Nako

|

| NIUE

|

|

|

|

|

|

|

|

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 123, 124]

Phetolelo ea Bibele e Tlotlisang Lebitso la Molimo

Ka 1884, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hatisa phetolelo ea Bibele ka Sesamoa e neng e sebelisa lebitso, Jehova, Mangolong a Seheberu kaofela. Mangolong a Segerike a Bakreste ho ne ho boetse ho e-na le khutsufatso ea lebitso la Molimo ka makhetlo a mane, e leng Aleluia, e bolelang “Rorisang Jah.” (Tšen. 19:1-6) Leha ho le joalo, ka 1969 ho ile ha ntšoa khatiso e nchafalitsoeng ea phetolelo ena eo ho eona lebitso Jehova le neng le ntšitsoe litemaneng tsohle, la sala ho e le ’ngoe feela—eo ho hlakileng hore bafetoleli ba e tlōtse ka phoso! (Ex. 33:14) Batho ba etellang pele kerekeng ba ile ba ba ba ntša lebitso la Molimo libukeng tsa bona tsa lifela ’me ba khothalletsa litho tsa kereke hore li se ke tsa sebelisa lebitso, Jehova.

Leha ho le joalo, ka November 2007, batho ba ratang Bibele ba Samoa ba ile ba thabela ho fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sesamoa. Phetolelo ena e nepahetseng, eo ho leng bonolo ho e utloisisa, ka botšepehi e ile ea khutlisetsa lebitso la Molimo mangolong a bululetsoeng. Geoffrey Jackson, eo e kileng ea e-ba moromuoa Samoa ’me hona joale e se e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a lokolla khatiso ena e ncha kopanong e khethehileng e kopantseng lihlekehleke e neng e tšoaretsoe Apia, Samoa.

Litaba tsa ho lokolloa ha eona tse ileng tsa hasoa thelevisheneng li ile tsa etsa hore batho ba bangata ba be le thahasello. Batho ba bang ba ile ba founela Bethele ea Samoa ba kōpa likopi tsa phetolelo ena. E mong oa ba boholong ’musong o ile a kōpa likopi tse leshome hore a il’o li fa batho ba sebetsang tlas’a hae. Mosuoe-hlooho e mong o ile a kōpa likopi tse hlano hore a li fe bana ba sebelitseng hantle ka ho fetisisa ha selemo se fela.

Batho ba bangata ba ile ba thoholetsa phetolelo ena e ncha ka lebaka la hore e beha litaba ka tsela e hlokolosi, e leng se fang ’mali kutloisiso ea bohlokoa ea hore na puo ea mathomo e ne e fetisa moelelo ofe. Phetolelo ea Lefatše le Lecha e boetse e thusa Basamoa hore ba boele ba ithute hore ke habohlokoa ho sebelisa lebitso la Molimo. Pula-maliboho e mong ea khethehileng oa Vailele, Upolu, ea bitsoang Finau Finau, o ile a sebelisa thapelo ea mohlala e ileng ea fanoa ke Jesu hore a thuse mosali e mong hore a hlakeloe ke ntlha ena.

Ka mor’a ho bala Matheu 6:9, Finau o ile a mo botsa: “U nahana hore ke lebitso lefe le lokelang ho halaletsoa?”

Mosali eo o ile a araba: “La Morena.”

Ha Finau a mo behela mabaka o ile a re: “Empa 1 Bakorinthe 8:5 e re ho na le ‘melimo’ e mengata le ‘marena’ a mangata. Lebitso la Molimo e ka ba Morena joang empa ho e-na le melimo e mengata ea bohata e bitsoang ka lona lebitso leo, Morena?”

Ho tloha moo, a mo bontša lebitso, Jehova, eaba o mo hlalosetsa hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ntšitse lebitso leo liphetolelong tsa tsona tsa Bibele. E le hore a hlakise ntlha, o ile a phaella ka ho re: “Joale nahana feela motho e mong a se a ka leka ho tlosa kapa ho fetola lebitso le fuoeng hlooho ea lelapa (matai) leno. Le ne le tla ikutloa joang?”

Mosali eo o ile a araba ka ho re: “Re ne re tla loloma ke bohale.”

Finau a mo araba tjena: “Ua bona! Jehova o hlile o ikutloa joalo ka bohle ba lekang ho ntša lebitso la hae Lentsoeng la hae.”

[Setšoantšo]

“Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste” ka Sesamoa

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 126, 127]

“Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo”

LUMEPA YOUNG

O HLAHILE KA 1950

O KOLOBELITSOE KA 1989

PALE EA BOPHELO BA HAE Morali enoa oa tona-khōlō ea mehleng ke pula-maliboho oa kamehla Apia.

KE HŌLETSE sehlekehlekeng sa Savaii ke le morali oa rakhoebo ea atlehileng eo e neng ebile e le ralipolotiki ea tummeng. Kaha Ntate o ne a e-na le tšimo e khōlō ea k’houk’hou a bile a hirile basebetsi ba fetang 200, likoranta tsa Samoa li ne li mo bitsa Nkokonono ea K’houk’hou, ebile o ile a qeta lilemo tse ’maloa e le tona-khōlō ea Samoa.

Re tsoetsoe re le bana ba 11. Ntate e ne e se motho ea hlileng a ratang bolumeli, empa ’Mè o ile a re ruta lintho tse itseng tsa motheo tse ka Bibeleng. Ka mor’a hore a hlokahale, ke ile ka mo hloloheloa habohloko. Kahoo, ha morali’abo rōna e mong oa moromuoa ea bitsoang Judy Pritchard a ne a mpakela mabapi le tšepo ea tsoho, ke ile ka thaba haholo ha ke utloa hore nka boela ka bona ’mè oa ka.

Ke ile ka botsa Judy lintho li hana ho fela, empa a araba lipotso tsohle tsa ka ka Bibele. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra ithuta Bibele hammoho. Hamorao ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki.

Qalong, monna oa ka, e leng Steve, eo e neng e le modiakone ea hlaheletseng oa kereke ea motse, o ile a nkhanyetsa ha ke ithuta. O ile a nkisa ho baruti ba ’maloa hore ba leke ho nkholisa hore ke tlohele ho ea libokeng tsa Lipaki. Empa keletso ea bona e ile ea kena le ka mona, ea tsoa le ka mona. Ho tloha moo, o ile a nkisa ho Ntate, ea ileng a mpa a etsa tlhahiso ea hore ha ke ithuta le Lipaki, ke se ke ka ithutela lapeng. Leha ho le joalo, banab’eso ba ile ba ’nyefola ha ke fetola bolumeli. Empa ke ne ke sa ikemisetsa ho tlohela ho ithuta ’nete ea Bibele.

Qetellong ha ke tšoaneleha ho ba mohoeletsi oa ’Muso, ntlo ea pele eo ke ileng ka ea ho eona ha ke le mosebetsing oa ho bolela e ne e le ha letona le leng le kabineteng ea Ntate. Le ne le atisa ho ea libokeng tsa lipolotiki heso ’me le ne le ntseba hantle. Ke ne ke tšohile hoo ke ileng ka ipata ka mor’a motho eo ke neng ke tsamaea le eena! Batho ba ne ba maketse ha ba mpona ke ea tšimong ’me ba ne ba mpotsa, “Ntat’ao o ntse a re’ng?” Leha ho le joalo, Ntate e ne e le motho ea utloisisang ’me a emela bolumeli ba ka bo bocha. Ho feta moo, ka nako eo o ne a se a bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me a li thabela.

Qetellong ha kea ka ka hlola ke tšaba batho eaba ke qala ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ke rata ho khanna lithuto tsa Bibele ebile ke lula ke e-na le lethathamo la batho ba ka bang 50 bao ho nang le tšepo ea hore e ka ba lithuto tsa Bibele e le hore ha monyetla o hlaha, ke ba khannele thuto. Leha ho le joalo, ntho e nthabisang ka ho fetisisa ke hore ke ile ka khona ho ruta bana ba ka ba bane ’nete. Hona joale morali oa ka Fotuosamoa le mora oa ka Stephen esita le balekane ba bona, e leng Andrew le Ana, ba sebeletsa Bethele ea Samoa. Ke ile ka ba ka thusa ngoan’eso ea bitsoang Manu hore a amohele ’nete. Esita le monna oa ka Steve, ea kileng a nkhanyetsa o se a qalile ho ithuta Bibele ebile o ba teng libokeng. Ka sebele, Jehova o ntlhohonolofalitse haholo.

[Litšoantšo]

Ka ho le letšehali: Fotuosamoa le Andrew Coe; ka ho le letona: Ana le Stephen Young

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 129, 130]

Ke Etsa Khetho Pakeng Tsa ho Sebeletsa Jehova le ho ba Setsebi sa Kolofo

LUSI LAFAITELE

O HLAHILE KA 1938

O KOLOBELITSOE KA 1960

PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a khetha ho ba pula-maliboho ho e-na le ho ba setsebi sa kolofo.

KE NE ke le lilemo li 18 ha ke utloela hore lelapa le leng le neng le lula ka mose ho tsela e ne e se e le Lipaki Tsa Jehova. Ka bohelehele ke ile ka etela ntate oa moo, e leng Siemu Taase, ho ea mo botsa hore na ke hobane’ng ha ba sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, ka tsela eo ba le sebelisang ka eona. Ke ile ka hlolloa ke tsela e mosa eo a ileng a nkaraba ka eona le kamoo a neng a mpehela mabaka ka Mangolo kateng. Kahoo o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na eaba ke qala ho ea libokeng. Ha Ntate a utloela ka seo ke neng ke ntse ke se etsa, o ile a re ke tle ke be ke phete. Ke ile ka mo kōpa hore a ntumelle hore ke ee libokeng, empa o ile a re ke khaotse ho kopana le Lipaki Tsa Jehova a lomahantse meno. Leha ho le joalo, se makatsang ke hore ka le hlahlamang o ile a fetola maikutlo. Hamorao rakhali oa ka o ile a re ho ’na, “Ha u ntse u robetse, u ne u ntse u hoeletsa u re, ‘Jehova, ke kōpa u nthuse!’” Ho hlakile hore ke ne ke phofa. Se thabisang ke hore sello seo sa ka se ile sa ama Ntate maikutlo.

Ha u tšela ’mila u tloha lapeng, ho ne ho e-na le lebala la kolofo leo e neng e le lona feela Samoa, moo ke neng ke iphumanela cheletana ka ho thola libolo tsa kolofo tse lahlehileng ebe kea li rekisa. Hamorao ke ile ka jarela hlooho ea mehleng ea Naha ea Samoa, e leng Morena Malietoa, mokotla oa hae oa kolofo. Morena o ne a nahana hore nka ba sebapali se hloahloa sa kolofo eaba o mpha melangoana ea hae ea khale ea kolofo. O ile a boela a lokisetsa hore bo-rakhoebo ba babeli ba motseng oa heso ba ntšehetse ka lichelete e le hore ke be setsebi sa papali ea kolofo. O ne a lumela hore nka ipabola papaling ea kolofo e leng se neng “se tla etsa hore Samoa e tsebahale lefatšeng lohle.” Ke ne ke thabile hona hoo! Empa ka mor’a nakoana kolofo e ile ea qala ho kena-kenana le ho sebeletsa Jehova ’me seo se ne se ntšoenya.

Litaba li ile tsa fihla sehlohlolong ha ke ne ke hlōla litsebi tse tsoang linaheng tse ling tsa papali ea kolofo mohopeng oa Samoan Open Golf Championship. Morena o ne a thabile hoo a neng a batla hore mantsiboeeng ao ke ee lijong tsa mantsiboea le eena moo a neng a tla ntsebisa sebapali se hlaheletseng sa Moamerika sa papali ea kolofo. Ke ile ka ikutloa ke sa phutholoha, kahoo ka ipolella ho re: ‘Joale ke nako ea ho etsa qeto. Ke khetha ho bapala kolofo kapa ho sebeletsa Jehova?’ Mantsiboeeng ’ona ao ke ile ka ea litlhahlobong tsa lipontšo tsa kopano ea potoloho ho e-na le ho ea lijong tsa mantsiboea tseo ke neng ke memetsoe ho tsona.

Hoa utloahala hore morena o ne a loloma ke bohale. Ha Ntate a mpotsa hore na molato ke eng, ke ile ka bua le eena nako e telele, ke mo behela mabaka ka Bibele hore na ke hobane’ng ha ke nka ho sebeletsa Jehova e le ntho ea bohlokoa hakaalo. Ke ile ka makala ha ke bona a qala ho lla. Eaba o re ho ’na: “Ha u le lilemo li hlano, u ile ua kulela lefu ’me qetellong ha boleloa hore u shoele. Nakong eo re u theolelang lebitleng, u ile ua longoa ke notši sefahlehong. Hang-hang u ile ua hlaba seboko ’me seo sa etsahala hantle ka nako e loketseng! Joale kea lumela hore u ile ua pholosetsoa hore u tle u be paki ea Jehova Molimo.” E ile eaba o qetetse ho nkhanyetsa.

Ka mor’a hore ke fallele New Zealand, ke ile ka qeta lilemo tse leshome ke le pula-maliboho oa kamehla eaba ke ba pula-maliboho ea khethehileng, ka mor’a moo ka nyala Robyn, eo le eena e neng e le pula-maliboho ea khethehileng. Ka mor’a nako re ile ra ba le bana ba bararo eaba re fallela Australia. Lilemong tse 30 tse latelang, ke ile ka sebetsa e le hore ke hlokomele lelapa la ka. Khabareng re ile ra thusa beng ka rōna ba ’maloa hore ba tsebe ’nete. Ke ne ke atisa ho rapela Jehova hore a nthuse ke boele ke be pula-maliboho. Ke ile ka thaba hakaakang ha qetellong ka 2004, ke finyella sepheo seo sa ka ka mor’a hore ke itokolle mosebetsing! Ka sebele ke thabile hore ebe ke ile ka khetha ho sebeletsa Jehova ho e-na le ho hahamalla ho ba setsebi sa papali ea kolofo!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 135]

Litholoana Tsa Koetliso ea Batsoali

PANAPA LUI

O HLAHILE KA 1967

O KOLOBELITSOE KA 1985

PALE EA BOPHELO BA HAE Eena le mosali oa hae, Mareta, ke bo-pula-maliboho ba khethehileng Samoa.

HA RE ngolisa mor’a oa rōna Sopa, sekolong sa mathomo, ke ile ka fa mosuoe-hlooho oa hae bukana ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto eaba ke mo hlalosetsa boikutlo ba rōna litabeng tsa bolumeli le bochaba.

Leha ho le joalo, letsatsing le hlahlamang, Sopa o ile a re bolella hore mosuoe-hlooho o ile a tabola bukana eo ka pel’a bana bohle le matichere eaba o qobella bana ba Lipaki hore ba bine sefela. Eitse ha ba hana, eaba o ba emisa ka pel’a bana bohle ’me a ba laela hore ba bine e ’ngoe ea lipina tsa bolumeli ba bona. O ne a lebeletse hore seo se tla ba tšosa ebe ba bina sefela. Leha ho le joalo, Sopa o ile a re ho bana ba bang ba Lipaki, “Ha re bineng ‘Rea U Boka, Jehova,’” eaba o phokola pina eo.

Mosuoe-hlooho o ne a hloletsoe hoo a ileng a babatsa Sopa ka ho ba sebete. Hamorao, eena le matichere a mang ba ile ba thahasella ’nete. Neng kapa neng ha mosuoe-hlooho enoa a re bona, oa re botsa hore na Sopa o ntse a e-ea joang ebile o re re mo lumelise. Sopa o ile a ’na a hatela pele hantle moeeng ’me o kolobelitsoe ka 2005.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 138, 139]

“Ha ho Hōle ho ea Libokeng ka Maoto”

VALU LOTONUU

O HLAHILE KA 1949

O KOLOBELITSOE KA 1995

PALE EA BOPHELO BA HAE Eena le bana ba hae ba ne ba tsamaea ka maoto lithabeng lik’hilomithara tse 22 ho ea libokeng.

KA 1993, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etela ha ka Lefaga, eaba ke lumela ho ithuta Bibele. Nakoana ka mor’a moo, ’na le bana ba ka re ile ra qala ho ea libokeng tsa Bokreste Faleasiu, e bohōle ba lik’hilomithara tse 22 ka nģa e ’ngoe ho sehlekehleke.

Mantsiboeeng ao ho tšoaroang liboka tsa har’a beke ka ’ona, ke ne ke lata bana kapele sekolong. Pele ke hlalosetsa matichere hore ke ka mabaka a bohlokoahali a bolumeli re eang libokeng tseo, matichere a mang a ne a batla ho leleka bana sekolong. Ngoana e mong le e mong o ne a tšela liaparo tsa hae tsa liboka, Bibele, pina le buka e ithutoang ka polasetiking. Ka linako tse ling, bese e fetang moo e ne e re palamisa, empa hangata re ne re tsamaea sebaka seo sa lik’hilomithara tse 22 ka maoto.

E ne e re qetellong ha re fihla Holong ea ’Muso ea Faleasiu, ebe Lipaki tsa moo li re amohela ka mofuthu li be li re fe se eang ka maleng. Re ne re hlapela ha tsona ’me re apare liaparo tse hloekileng tsa liboka. Ka mor’a liboka re ne re qalella ka leeto le lelelele la maoto ho khutlela hae. Ha re fihla ka holim’a letsoapo la thaba e arolang sehlekehleke sena, re ne re phomola e le hore bana ba ke ba bo tsipe hanyenyane. Ke ne ke lula ke falimehile ho bona hore na ha ho na koloi e fetang e ka re palamisang ho ea fihla hae. Hangata re ne re fihla lapeng ka mor’a khitla. Hoseng ha le hlahlamang, etlare ka hora ea bohlano, ebe ke se ke li rahile hape e le hore nka palama bese ea pele hore ke khutlele Faleasiu ho ea bolela litaba tse molemo.

Ka nako e ’ngoe, ke ile ka ea nyeoeng ka pel’a lekhotla la bo-matai ba motse ’me molula-setulo oa lona e ne e le morena ea ka sehloohong motseng. Le ne le batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke tsamaea sebaka se selelele hakaalo ho ea Faleasiu ho e-na le hore ke ee kerekeng e motseng oa heso, haholo-holo kereke e thehiloeng ke Ntate-moholo. Qetellong le ile la ntaela hore ke khaotse ho ea libokeng tsa Faleasiu. Empa ho ne ho se letho leo ke neng ke tla le lumella hore le nkarohanye le liboka. Ke ne ke ikemiselitse ho mamela Molimo ho e-na le batho.—Lik. 5:29.

Nakoana hamorao litaba li ile tsa mpefala. Eitse ha ke sa ee moketeng o bitsoang toonai (e leng mokete o bang teng ka Sontaha oo ho oona ho eang baruti ba kereke, badiakone le bo-matai ba motse), eaba lekhotla la motse le nkahlolela ho lefa likolobe tse hlano tse khōlō. Kahlolo eo e ile ea etsa hore ke imeloe licheleteng, etsoe ke ne ke le ’mè ea hōlisang bana ba tšeletseng ba banyenyane ke le mong. Leha ho le joalo, ke ile ka qetella ke lefile kahlolo eo ka likolobe tse tsoang mohlapeng oa ka. Empa ka mor’a nako baahi ba motse ba ile ba re hlompha ka lebaka la hore re ile ra ema re tiile eaba ba khaotsa ho re hanyetsa.

Ka lilemo-lemo ho ne ho hlokahala hore re etse boiteko bo matla hore re be teng libokeng. Empa boiteko boo ha ea ka ea e-ba ba lefeela. Bana ba ka kaofela ke Lipaki tse chesehang, ebile e mong oa bona ke mohlanka ea sebeletsang.

’Na le bana ba ka re sa ntse re tsamaea ka maoto ho ea libokeng. Empa ha re sa tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 22 ho ea Faleasiu hobane liboka li se li le qholong ea nta mona. Ka 2001 ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso e ncha e ntle hona motseng ona oa heso. Kajeno ho na le phutheho e ntseng e hōla e kopanelang Holong ena. Ka hona, ha ho hōle ho ea libokeng ka maoto!

[Chate/Krafo e leqepheng la 132, 133]

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA​—Samoa

1930

1931 Litaba tse molemo li fihla Samoa.

1940

1940 Harold Gill o tsamaisa bukana ea Where Are the Dead?, e leng sengoliloeng sa pele ka Sesamoa.

1950

1953 Ho thehoa phutheho ea pele Apia.

1955 Baromuoa ba tsoang Sekolong sa Gileade ba fihla American Samoa.

1955 Filimi ea The New World Society in Action e bontšoa ho pholletsa le American Samoa.

1957 Ho tšoaroa Kopano ea pele ea potoloho American Samoa.

1958 Molula-Qhooa o qala ho fetoleloa ka Sesamoa.

1959 Ho tšoaroa kopano ea pele ea potoloho Samoa Bophirimela.

1960

1970

1974 Baromuoa ba fihla Samoa. Litaba tse molemo li fihla Tokelau.

1980

1984 Ho thehoa ofisi ea lekala lehaeng la baromuoa le Sinamoga, Apia.

1990

1991 Leholiotsoana Val le ruthutha lihlekehleke.

1993 Molula-Qhooa oa Sesamoa o tsoa hong le oa Senyesemane. Lehae le lecha la Bethele le Holo ea Kopano lia neheloa.

1996 Beke le beke ho hasoa lenaneo la “Likarabo Tsa Lipotso Tseo U Nang le Tsona Tsa Bibele” seea-le-moeeng.

1999 Ho hahuoa ha Liholo Tsa ’Muso hoa potlaka.

2000

2007 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e lokolloa ka Sesamoa.

2010

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

700

400

100

1930 1940 1950 1960 1970 1980 1990 2000 2010

[Setšoantšo]

Frances le Paul Evans

[Limmapa leqepheng la 73]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HAWAII

AUSTRALIA

NEW ZEALAND

TOKELAU

Sehlekehleke sa Swains

SAMOA

AMERICAN SAMOA

Lihlekehleke Tsa Manu‘a

Lihlekehleke Tse Nyenyane Tsa Rose

LEOATLE LA PACIFIC BOROA

NIUE

Mola oa Machaba oa Nako Laboraro

‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐‐

Labone

TONGA

AMERICAN SAMOA

Tutuila

PAGO PAGO

Petesa

Tafuna

Fagatogo

Lauli‘i

‘Aunu‘u

SAMOA

Savaii

Aopo

Lata

Taga

Faga

Salimu

Fogapoa

Upolu

APIA

Faleasiu

Siusega

Vailele

Lefaga

Vava‘u

APIA

Vaiala

Faatoia

Sinamoga

[Setšoantšo se Tletseng leqephe la 66]

[Setšoantšo se leqepheng la 74]

Pele le Ailua Fuaiupolu ke bona Basamoa ba pele ba ileng ba nehela bophelo ba bona ho Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 81]

Ron le Dolly Sellars ba ile ba fallela Samoa ka 1953 moo ho neng ho hlokahala baboleli ba eketsehileng

[Setšoantšo se leqepheng la 84]

Richard le Gloria Jenkins ka lechato la bona, ka January 1955

[Setšoantšo se leqepheng la 85]

Girlie le Bill Moss ha ba ne ba ea Samoa

[Setšoantšo se leqepheng la 95]

Matlo a tloaelehileng a Basamoa

[Setšoantšo se leqepheng la 100]

Holo ena ea ’Muso e ileng ea hahuoa Apia ke ea pele Samoa

[Setšoantšo se leqepheng la 107]

Holo ea ’Muso ea pele ea Tafuna, American Samoa

[Setšoantšo se leqepheng la 115]

Metusela Neru

[Setšoantšo se leqepheng la 116]

Saumalu Taua‘anae

[Setšoantšo se leqepheng la 131]

Ane Ropati (eo e seng e le oa ha Gauld) o ile a ema ka lehlakoreng la Jehova a tiile ha a sa le mocha

[Litšoantšo tse leqepheng la 141]

Ofisi le Bethele ea Samoa

Komiti ea Naha ea Samoa: Hideyuki Motoi, Fred Wegener, Sio Taua le Leva Faai‘u

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela