Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt leq. 8-leq. 9
  • Potso ea 2: U ka ithuta ka Molimo joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso ea 2: U ka ithuta ka Molimo joang?
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Potso ea 2: U ka ithuta ka Molimo joang?

POTSO EA 2

U ka ithuta ka Molimo joang?

“Buka ena ea Molao e se ke ea tloha molomong oa hao. U e bale ka lentsoe le tlase bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona. Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.”

Joshua 1:8

“Ba tsoela pele ho bala Molao oa Molimo oa ’nete o bukeng ka lentsoe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolela’ng. Kahoo, ba thusa batho hore ba utloisise se neng se baloa.”

Nehemia 8:8

“Ho thaba motho ea sa lateleng keletso ea ba khopo, . . . empa o thabela molao oa Jehova, o bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare. . . . O tla atleha linthong tsohle tseo a li etsang.”

Pesaleme ea 1:1-3

“Filipi a mathela kariking ’me a utloa letona le ntse le bala buka ea moprofeta Esaia ka lentsoe le phahameng eaba o re: ‘Na u utloisisa ntho eo u e balang?’ A re: ‘Nka utloisisa joang ho se na motho ea ntlhalosetsang?’”

Liketso 8:30, 31

“Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba. Lintho tseo a li bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng le hore ke Molimo. Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela.”

Baroma 1:20

“Nahanisisa ka lintho tsena, u li etse ka mafolofolo ’ohle e le hore batho bohle ba bone hore oa hola.”

1 Timothea 4:15

“A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa lintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana ’moho.”

Baheberu 10:24, 25

“Haeba mang kapa mang ho lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a bo kope ho Molimo ’me o tla bo fuoa hobane Molimo o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.”

Jakobo 1:5

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela