Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 1/8 maq. 16-18
  • Thuso Bakeng sa ba Hlokofalitsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso Bakeng sa ba Hlokofalitsoeng
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phello ea Hona
  • Tsela ea ho Fana ka Tšehetso
  • Ba Pholohileng Likampong Tsa Mahloriso
  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebeletsa Jehova ka Moea oa Boitelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • U se ke Ua Lumela ho Hatelloa ke Maikutlo a Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Thuso Bakeng sa ba Hlekefetsoang ke Balekane ba Bona Malapeng
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 1/8 maq. 16-18

Thuso Bakeng sa ba Hlokofalitsoeng

KA MONGOLLI OA TSOHA! DENMARK

“HO BATLA HO LE BONOLO HO FOLISA MASAPO A ROBEHILENG HO E-NA LE HO FOLISA MOEA O ROBEHILENG.”—Dr. Inge Genefke.

MOHLANKANA e mong o theosa a iketlile seterateng sa motse o renang khotso Europe ’me oa khefutsa ho boha thepa e rekisoang e fensetereng ea lebenkele le leng. Ka tšohanyetso, matsoho a hae a qala ho thothomela. Mangole a hae aa tšerema. O itšoara molaleng joalokaha eka o tloha a khangoa. O qeta ho bona liriti tsa mapolesa a mabeli a apereng unifomo fensetereng. Mohlankana enoa ha aa etsa tlōlo ea molao, ’me ha ho na lebaka la hore a tšohe. Leha ho le joalo, ho bona ha hae banna ba apereng unifomo feela ho mo hopotsa sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse likete lilemong tse ’maloa tse fetileng ha a ne a hlokofatsoa.

Sena e ka ’na ea e-ba se etsahaletseng leha e le mang oa banna, basali, esita le bana ba limilione. E ka ’na ea e-ba se etsahaletseng motho e mong eo u mo tsebang. E ka ’na eaba motho ea hlokofalitsoeng ka tšoaro e sehlōhō ke mophaphathehi kapa mojaki ea falletseng tikolohong ea heno. E ka ’na eaba bana ba hae ba kena sekolo le bana ba hao. Mohlomong u mo tseba e le moahisani ea thōtseng, ea ipotlileng, ea nang le mekhoa e metle eo hangata a sa tsoaka-tsoakaneng le batho ba bang. Empa ponahalo ea ka ntle e ka ba e thetsang; e ka pata pherekano ea ka hare eo motho ea hlokofalitsoeng a nang le eona ha a ntse a loantšana le mehopolo ea bohloko bo fetileng ba ’meleng le ba kelellong. Ntho leha e le efe eo a e bonang—kapa a e utloang—e ka ’na ea mo hopotsa masetla-libete a nakong e fetileng. Motho e mong ea kileng a hlokofatsoa oa hlalosa: “Neng le neng ha ke utloa lesea le lla, ke hopola batho bao ke neng ke ba utloa ba lla teronkong. Neng le neng ha ke utloa molumo o mosesaane moeeng, ke nahana ka molamu ha o tsokotseha moeeng—molumo oo o neng o o etsa pele o nkotla.”

Ho hlokofatsoa ha ho etsoe feela ke batho ba chesehelang lipolotiki ka ho feteletseng le lihlopha tsa likhukhuni. Linaheng tse ’maloa, ho boetse ho sebelisoa ke mabotho a sesole le a sepolesa. Hobane’ng? Ho hlokofatsa e ka ba tsela e potlakang le e sebetsang ea ho fumana boitsebiso, ho qobella motho ho ipolela, ho fumana bopaki ba hore ho entsoe tlōlo ea molao, kapa ho iphetetsa. Ho ea ka Dr. Inge Genefke oa Denmark, eo e leng setsebi se hlahelletseng litabeng tsa tlhokofatso, mabakeng a mang mebuso “e hloeletse litulong le ho sireletsa boemo ba eona ka ho hlokofatsa.” Motho e mong ea ileng a hlokofatsoa o e beha ka tsela ena: “Ba ne ba batla ho nthuhakanya e le hore ba bang ba ka bona se u etsahallang ha u tšoaea ’muso phoso.”

Ho batho ba bangata khopolo ea ho hlokofatsa batho ba bang e ba hopotsa Mehla ea Lefifi feela. Etsoe, ka 1948 Machaba a Kopaneng a ile a amohela Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho, e reng: “Ha ho motho ea lokelang ho hlokofatsoa kapa ho tšoaroa ka sehlōhō, ka tsela e se nang botho kapa e theolang seriti kapa ho otloa.” (Temana ea 5) Leha ho le joalo, litsebi tse ling li lumela hore hoo e ka bang karolo ea 35 lekholong ea baphaphathehi lefatšeng e ’nile ea hlokofatsoa. Ke hobane’ng ha ho hlokofatsa ho atile hakaale? Batho ba hlokofatsoang ba ameha joang, hona ke’ng se ka etsoang ho ba thusa?

Phello ea Hona

Ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba hlokofalitsoeng baa baleha linaheng tsa habo bona ho ea qala bophelo linaheng tse ling. Empa le hoja sebaka sa bolulo se ka ’na sa fetoha, mahlomola—’meleng le kelellong—a tsoela pele. Ka mohlala, motho ea hlokofalitsoeng a ka ’na a ba le boikutlo ba ho ba molato hobane a hlōlehile ho sireletsa metsoalle kapa beng ka eena tšoarong e mpe. Hape a ka ’na a se ke a hlola a tšepa batho ba bang, ka ho tšaba hore motho e mong le e mong eo a kopanang le eena e ka ’na ea e-ba mpimpi. Mongoli Carsten Jensen o re: “Motho ea ileng a hlokofatsoa o tla ’ne a lule e le ea sa tloaelaneng le batho. O lahlehetsoe ke tšepo ho motho ka ho feletseng lefatšeng.”

Phello e ba motsoako oa boemo ba ho utloa bohloko ’meleng le kelellong bo ka ferekanyang motho ea hlokofalitsoeng leha e le mang ea lekang ho mo thusa. Ka linako tse ling mathata a ’meleng a ka ’na a phekoleha habonolo, empa ha ho joalo ka a kelello. Dr. Genefke oa lumela: “Qalong re ne re nahana hore, ‘Ha ho nang, re tla ba folisa ’meleng—e le hore ba khone ho khutlela hae.’ Empa kapele re ile ra hlokomela hore ke bohloko ba lipelo tsa bona bo ba sithabetsang.” Leha ho le joalo, Dr. Genefke o re: “E bile ho makatsang ho hlokomela hore hoa khoneha ho imolla le ho thusa batho ba hlokofalitsoeng, esita le haeba ho se ho fetile lilemo tse ngata.”

Ka 1982, Sepetleleng sa Sechaba sa Copenhagen, Dr. Genefke hammoho le lingaka tse ling tsa Denmark ba ile ba theha lefapha le lenyenyane bakeng sa ho phekola baphaphathehi ba hlokofalitsoeng. Lefapha lena le lenyenyane le ile la hōla ho ba mokhatlo oa lefatše lohle o bitsoang International Rehabilitation Council for Torture Victims (IRCT). Ho tsoa ntlo-khōlō ea lona e Copenhagen, lekhotla lena le laola mosebetsi oa liphallelo ka litsi tsa lona tse fetang 100 lefatšeng ka bophara. Ha lilemo li ntse li feta, lekhotla lena le ile la ithuta ho hongata haholo ka ho phekola batho ba hlokofalitsoeng.

Tsela ea ho Fana ka Tšehetso

Hangata hoa thusa hore batho ba hlokofalitsoeng ba bue ka liphihlelo tsa bona. Pampiri ea boitsebiso ea IRCT e re: “Lilemong tse ka bang 20 tse fetileng, batho ba hlokofalitsoeng ba ne ba atisa ho hlokofatsoa ka litsela tse peli. Ea pele, ba ne ba hlokofatsoa ’meleng le kelellong, ’me ea bobeli ke hore ba ne ba sa khone ho bua ka hona.”

Ke ’nete hore ha ho monate ho bua ka taba e sithabetsang joaloka ea ho hlokofatsoa. Empa haeba motho ea utloileng bohloko a lakatsa ho phetlela motsoalle sefuba ’me motsoalle a hana ho mamela, motho ea utloileng bohloko a ka ’na a nyahama le ho feta. Ka hona, ke habohlokoa hore motho ea hlokofalitsoeng a tiisetsoe hore e mong oa mo tsotella. Ke ’nete hore ha ho motho ea lokelang ho itšunya-tšunya litabeng tsa motho e mong tsa botho. Qetellong, ke motho ea hlokofalitsoeng ea lokelang ho khetha hore na o batla ho phetlela motho e mong sefuba, le hore na neng, le hona hore na ke mang eo a batlang ho mo phetlela sefuba.—Liproverbia 17:17; 1 Bathesalonika 5:14.

Litsebi tse ngata li buella hore ho nahaneloe liphello tseo tlhokofatso e bileng le tsona ’meleng le kelellong. Batho ba bang ba hlokofalitsoeng ba hloka thuso ea botsebi e le hore ba boele boemong ba bona ba pele. Mekhoa ea phekolo e akarelletsa ho ikoetlisa ka ho hema le puisano.a Hangata e ’ngoe ea lintho tseo ho qalang ho sebetsanoa le tsona ke maikutlo a ho hlajoa ke lihlong. Setsebi se seng sa phekolo se ile sa bolella mosali ea neng a ile a betoa le ho otloa ka makhetlo hore: “Boikutlo ba ho hlajoa ke lihlong boo u nang le bona ke bo tloaelehileng le bo utloahalang. Empa hopola hore hase uena ea lokelang ho hlajoa ke lihlong. Ke batho ba entseng sena ho uena ba lokelang ho hlajoa ke lihlong.”

Ba Pholohileng Likampong Tsa Mahloriso

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, batho ba limilione ba ile ba feta tlas’a masetla-libete likampong tsa mahloriso tsa Hitler. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse likete tse ileng tsa hlorisetsoa ho hana ho latola litumelo tsa tsona tsa bolumeli. Ho ke ke ha latoloa hore tumelo ea tsona e ile ea li thusa ho tiisetsa maemo a lekang joalo. Joang?

Nako e telele pele ba koalloa teronkong, Bakreste bana e ne e bile liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo. Kahoo, ha baa ka ba makala ha liteko li hlaha, leha e le hore ba ile ba beha Molimo molato ha bohloko boo ba neng ba le ho bona bo sa fele hang-hang. Ka ho ithuta Bibele, Lipaki li ne li ithutile lebaka leo Molimo a lumeletseng bokhopo ka lona le kamoo a tlang ho bo felisa kateng ka nako ea hae e loketseng. Ho ithuta Bibele ho ne ho li rutile hore Jehova o “rata ho loka” le hore oa halefa ha batho ba tšoara batho ba bang hampe.—Pesaleme ea 37:28; Zakaria 2:8, 9.

Ke ’nete hore ba bangata ho bana ba pholohileng likampong tsa mahloriso ba ile ba tlameha ho sebetsana ka katleho le liphello tse sithabetsang tsa ho hlokofatsoa hoo ba fetileng ho hona. Ha ba ntse ba sebetsana le tsona, ba ’nile ba matlafatsoa haholo ke ho latela keletso ea moapostola Pauluse. Ha Pauluse a ntse a le boemong bo sithabetsang teronkong ea Roma, e leng boemo boo e tlamehang ebe bo ile ba mo bakela ho tšoenyeha ho matla, o ile a ngolla balumeli-’moho le eena: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilippi 1:13; 4:6, 7.

Ka ho ithuta Bibele, baboloki bana ba botšepehi ba ithutile hore Molimo o tšepisitse ho etsa lefatše lena paradeise, eo ho eona liphello tse bohloko tsa lintho tse theolang seriti joaloka ho hlokofatsoa li tlang ho qetella li felisitsoe.

Lipaki tsa Jehova li abela baahisani ba tsona ba linaheng tse fetang 230 tšepo ena e thehiloeng Bibeleng. Maemo a lefatše a befileng a etsa hore li kopane le ba bangata ba hlokofalitsoeng ke ho hloka botho ha motho ho motho e mong. Ha li kopana le batho ba hlokofalitsoeng, Lipaki li leka ho abela batho bana tšepiso ea Bibele ea bokamoso bo khanyang. Li thaba hakaakang ho phatlalatsa litaba tse thabisang tsa nako e tlang ea ha ho hlokofatsoa e tla be e le ntho ea nakong e fetileng!—Esaia 65:17; Tšenolo 21:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsoha! ha e buelle phekolo leha e le efe e itseng ka ho khetheha. Bakreste ba lokela ho netefatsa hore phekolo leha e le efe eo ba e latelang ha e hanane le melao-motheo ea Bibele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

“HA HO MOTHO EA LOKELANG HO HLOKOFATSOA KAPA HO TŠOAROA KA SEHLŌHŌ, KA TSELA E SE NANG BOTHO KAPA E THEOLANG SERITI KAPA HO OTLOA.”—Temana ea 5, ea Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho

[Lebokose le leqepheng la 18]

KAMOO U KA THUSANG KATENG

HAEBA U TSEBA MOTHO E MONG EA NTSENG A HLAPHOHELOA LIPHELLONG TSA HO HLOKOFATSOA, LITLHAHISO TSE LATELANG LI KA ’NA TSA IPAKA LI LE MOLEMO:

● Bontša kutloelo-bohloko. U ka ’na ua re: “Kea tseba hore ho na le meferefere e mengata naheng ea heno. U ntse u ea joang?”—Matheu 7:12; Baroma 15:1.

● U se ke ua iketsa ntšunya-khare kapa ua tsitlallela ho fana ka thuso. Ho e-na le hoo, e-ba mosa ’me u bontše ho nahanela. Etsa hore motho ea hlokofalitsoeng a tsebe hore u ikemiselitse ho mamela.—Jakobo 1:19.

● Qoba ho thusa ka ho feteletseng. U se ke ua hlokisa motho ea bothateng seriti kapa monyetla oa ho ba boinotšing. Sepheo ke ho jarisana moroalo le motho ea bothateng, eseng ho leka ho mo jarela oona ka ho feletseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela