‘Ba ne ba Fela ba Khatholla!’
HAUFINYANE tjena, mookameli e moholo oa hotele e ’ngoe e haufi le boema-fofane ba machaba, Japane, o ile a etela ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Ebina. O ne a bonahala a hlile a thabile. Hobane’ng?
Selemong sa 1998, Lipaki tse fetang 200 li ile tsa fihlela hoteleng ea mookameli eo leetong la tsona ha li e-ea le ha li khutla likopanong tsa machaba tse neng li le Afrika, Australia, Korea le Amerika Leboea. Ha basebetsi ba hotele ba tšoara seboka sa ho hlahloba tšebetso ea selemo se fetileng, ba ile ba hlalosa hore har’a baeti ba 30 000 ba tlang hoteleng eo ka selemo, baemeli bana ba kopano e bile ba khahlang ka ho fetisisa bao ba ileng ba ba sebeletsa.
Ka hona, mookameli oa hotele eo o ile a ea Ebina ho ea hlalosa kananelo ea hae. O ile a re: ‘Baeti bao ba ne ba bontša mekhoa e metle ’me ba ne ba siea likamore tsa bona li hloekile li bile li le makhethe. Ba ne ba hlalosa kananelo ea bona khafetsa. Ho feta moo, ba ne ba fana ka mantsoe a khothatso a tsoang Bibeleng. Ba ne ba fela ba khatholla!’
Mookameli eo o ile a tsoela pele: ‘Re bona baeti ba bangata ba khathatsehileng. Kahoo, re ’nile ra batla boitsebiso bo ka ba thusang. Re lakatsa hore ba rue molemo thutong ea Bibele kaha e fana ka tšusumetso e ntle bophelong ba batho.’
Ka lebaka leo, mookameli eo o ile a kōpa likopi tse 80 tsa likhatiso tse ’maloa tsa Lipaki tsa Jehova e le hore a ka li beha ka likamoreng tsa hotele. Har’a likhatiso tseo a ileng a li kōpa ho ne ho e-na le buka e maqephe a 192 ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Haeba u lakatsa ho ba le kopi, ka kōpo tlatsa setlankana se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Nthomelleng buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
Bontša hore na ka puo efe
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.