Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 5/8 leq. 32
  • Kamoo U ka Thabelang Bophelo ba Lelapa bo Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Thabelang Bophelo ba Lelapa bo Thabileng
  • Tsoha!—2000
Tsoha!—2000
g00 5/8 leq. 32

Kamoo U ka Thabelang Bophelo ba Lelapa bo Thabileng

GRACIELA oa Argentina, Amerika Boroa, oa ngola: “Ke ’nile ka bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka lilemo tse 40. Kajeno, ka mor’a lilemo tse ngata hakana, ka sebele nka re li nkhotsofalitse litlhokong tsa ka. Li nthusitse ho tloha bongoaneng, ha ke le mocha, nakong ea ha ke le leferehong le ha ke kena lenyalong, le ho hōliseng bana ba ka ba tšeletseng.

“Limakasine tsena li thusa ’na le monna oa ka hore re hōlise bana ba rōna ba bane ba ntseng ba le lapeng. Ke sebelisa limakasine tsena hantle ho qoqa le bana ba ka le matichere a bona sekolong. Ke ’nile ka bala Tsoha! ka ho toba ha ke bua le lingaka ka mathata a bophelo. Ka thuso ea letoto la lihlooho tse neng li tšohla taba ea bana ba nang le litšitiso tsa ho ithuta (March 8, 1997), re ile ra hlokomela hore e mong oa barali ba rōna o na le bothata ba ho ithuta.”

Lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ka thusa malapa hore a tobane ka katleho le mathata a mangata ao a thulanang le ’ona ’me a be le bophelo ba lelapa bo thabileng hammoho. Ka mohlala, buka e maqephe a 192 ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e ka thusa banna, basali, batsoali, bana, bo-ntate-moholo le bo-nkhono—e, setho se seng le se seng sa lelapa. Har’a tse ling tsa lihlooho tsa eona tse rutang ke tse latelang: “Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng,” “Thusa Mocha oa Hao ho Atleha,” “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang” le “U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa.”

Hore u iphumanele kopi ea eona, ka kōpo tlatsa setlankane se kenyelelitsoeng ’me u se romele, u sebelisa aterese e fanoeng kapa e loketseng ho tse leqepheng la 5 la makasine ena. U tla fumana litlhahiso tse tobileng tse ka u thusang hore u rarolle mathata le tse ka etsang hore bophelo ba lelapa e be bo thabileng joalokaha ’Mōpi a ne a rerile hore bo be joalo.

□ Nthomelleng buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

Bontša hore na ka puo efe

□ Ka kōpo ikopanyeng le ’na mabapi le thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Graciela le lelapa la hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela