Lefatše le se Nang Liqhomane Tsa Fatše
KE MANG ea ka rarollang mathata a liqhomane tsa fatše? Joalokaha re bone, boiteko ba batho bo ke ke ba motsula lehloeo, khethollo le meharo. Leha ho le joalo, liithuti tsa Bibele lia lemoha hore ’Mōpi a ka tlisa tharollo ea ka ho sa feleng. Empa o tla etsa seo joang?
Ho Theha Mokhatlo oo ho Oona ho Renang Khotso
Lintoa li loanoa ke batho, ha li loanoe ke libetsa. Ka hona, haeba re batla ho ba le khotso, ho lokela ho felisoe lehloeo le arolang batho ka lihlopha tsa merabe, meloko le lichaba. Molimo o tšepisa hore o tla etsa sena ka ’Muso oa hae, oo ba limilione lefatšeng lohle ba rutiloeng ho o rapella.—Matheu 6:9, 10.
Bibele e bua ka Jehova e le “Molimo ea fanang ka khotso.” (Baroma 15:33) Khotso e fanoang ke Molimo ha ea thehoa lithibelong kapa ho etseng lilekane, leha e le hona hore e thehiloe tšabong ea ho hlaseloa ke lichaba tsa lireng tse ikemetseng ka lihlomo. Ho fapana le hoo, khotso e fanoang ke Molimo e akarelletsa liphetoho tseleng eo batho ba nahanang ka eona le boikutlong boo ba nang le bona ka batho ba bang.
Jehova Molimo o tla ruta ba ikokobelitseng litsela tsa hae tsa khotso. (Pesaleme ea 25:9) Lentsoe la hae, Bibele, le tšepisa nako eo ka eona bohle ba phelang e tlang ho ba “batho ba rutoang ke Jehova‚ ’me khotso ea bara ba hao e tla ba e khaphatsehang.” (Esaia 54:13, NW) Sena se se se ntse se etsahala ho ea bohōleng bo itseng. Lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li tsejoa ka ho khothalletsa khotso har’a batho, esita le ba litso tse fapaneng haholo. Batho ba rutoang melao-motheo e phahameng ea Bibele ba loanela ho phela ka kutloano ho sa tsotellehe lintho tse neng li ka ’na tsa ba arola. Thuto ea Bibele e fetola pono ea bona ea litaba hore e se hlole e e-ba ea lehloeo empa e be ea lerato.—Johanne 13:34, 35; 1 Bakorinthe 13:4-8.
Ntle ho thuto, ke khale ho talingoa tlhokahalo ea tšebelisano-’moho lefatšeng lohle e le oona mokhoa o ka sehloohong oa ho felisa libetsa. Ka mohlala, Komiti ea Machaba ea Sefapano se Sefubelu e khothalletsa hore mokhatlo oa machaba o momahane ho buelleng mehato e tla thibela le ho felisa tšokelo ea liqhomane tsa fatše.
Jehova o tšepisa ho etsa ho fetang seo hōle. Moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [e teng], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
’Muso oa Molimo o tla finyella seo motho a sitoang ho se finyella. Ka mohlala, ka mokhoa oa boprofeta Pesaleme ea 46:9 e re: “[Jehova] o felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.” ’Muso oa Molimo o tla tlisa maemo ao ho ’ona ka sebele motho a tla thabela khotso le ’Mōpi oa hae le batho.—Esaia 2:4; Sofonia 3:9; Tšenolo 21:3, 4; 22:2.
Augusto ea boletsoeng selelekeleng sa sehlooho se etellang sena pele o fumana matšeliso molaetseng ona oa Bibele. Batsoali ba hae, bao e leng Lipaki tsa Jehova, ba mo thusa hore a behe tumelo ea hae litšepisong tse babatsehang tsa Bibele. (Mareka 3:1-5) Ke ’nete hore hona joale o tlameha ho mamella liphello tse bohloko tsa ho phatloha ha seqhomane sa fatše se mo holofalitseng. Leha ho le joalo, Augusto o letetse ka thabo letsatsi leo ka lona tšepiso ea Molimo ea lefatše la paradeise e tla phethahala. Moprofeta Esaia o boletse esale pele: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, le . . . ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”—Esaia 35:5, 6, NW.
Paradeiseng eo e tlang, liqhomane tsa fatše li ke ke tsa hlola li e-ba kotsi bakeng sa bophelo kapa litho tsa ’mele. Ho e-na le hoo, batho ba lulang likarolong tsohle tsa lefatše ba tla lula ba sireletsehile. Moprofeta Mikea o hlalositse tjena: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mikea 4:4.
Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo joalokaha li boletsoe ka Lentsoeng la hae, Bibele? Ikopanye le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Tlas’a ’Muso oa Molimo, liqhomane tsa fatše ha li sa tla beha bophelo kotsing