Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 7/8 maq. 26-28
  • Na Nka ea Lula Naheng Esele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Nka ea Lula Naheng Esele?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlahlobisisa Sepheo sa Hao
  • Na U se U Loketse?
  • Fumana Lintlha Tsohle!
  • Ho Etsa Qeto
  • Nka Etsa Joang Hore ho Lula ha ka Naheng Esele e be ho Atlehileng?
    Tsoha!—2000
  • Ho Bala Litšenyehelo tsa ho Fallela Naheng e Ruileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Nka Etsa’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na U ka “Tšelela Macedonia”?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 7/8 maq. 26-28

Bacha Baa Botsa . . .

Na Nka ea Lula Naheng Esele?

“Ke ne ke batla ho lula sebakeng se seng se sele.”—Sam.

“Ke ne ke mpa ke le bohelehele. Ke ne ke batla ho bona ntho e itseng e ncha.”—Maren.

“Motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo o ile a mpolella hore ho tsoa lapeng ka nakoana ho tla ntsoela molemo.”—Andreas.

“Ke ne ke labalabela ho itekela bophelo ho sa tsotellehe se ka hlahang.”—Hagen.

NA U kile ua inahana u se u phela naheng e ’ngoe—mohlomong ka nakoana feela? Selemo se seng le se seng, bacha ba likete ba khona ho etsa seo. Andreas o re ka phihlelo ea hae ea ho lula naheng e ’ngoe: “Nka rata ho ea hape.”

Bacha ba bang ba ea sebakeng se itseng ka nakoana hobane ba batla ho fumana chelete kapa ba batla ho ithuta puo e ’ngoe. Ka mohlala, linaheng tse ngata ho sa ntse ho tloaelehile mokhoa oa hore banana ba sebeletse bolulo le ho ithuta puo ea lelapa leo ba le sebeletsang. Mokhoa ona o lumella bacha ba tsoang linaheng tse ling hore ba sebeletse malapa a itseng, ebe malapa ao ’ona a ba fa bolulo le lijo, ’me ba khona ho sebelisa nako ea bona e ka thōko ho ithuta puo ea moo. Joale ho na le bacha ba eang linaheng lisele bakeng sa thuto. Ba bang ba ea moo ka sepheo sa ho fumana mosebetsi e le hore ba khone ho thusa malapa a bo bona ka lichelete. Ba bang hape ba ea feela hobane ba sa tsebe hantle hore na ba batla ho etsa eng ha ba qeta sekolo, ka hona ba batla ho ea hahloa ke moea linaheng lisele.

Ka ho thahasellisang, bacha ba bang ba Bakreste ba falletse linaheng tse ling moo ho nang le tlhokahalo ea baevangeli, e le hore ba atolose tšebeletso ea bona. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la ho ea naheng e ’ngoe ke lefe, ho lula ho eona ho ka fana ka thuto ea bohlokoa e etsang hore motho a tle a itjare ha e se e le motho e moholo. Ho ka atolosa kutloisiso ea hao mekhoeng ea bophelo. U ka ba oa tseba puo e ’ngoe hantle—e leng ntho e ka eketsang menyetla ea hore u hiroe mosebetsing.

Leha ho le joalo, hase kamehla ho lula linaheng lisele e leng phihlelo e thabisang. Ka mohlala, Susanne o ile a qeta selemo e le seithuti sekolong sa naha e ’ngoe moo seithuti sa teng se chenchaneng le eena ho ea sekolong sa habo. O re: “Ke ne ke kholisehile hore lintho li tla tsamaea hantle ho tloha qalong ho fihlela qetellong. Ha hoa ka ha e-ba joalo.” Bacha ba bang ba bile ba hanyapetsoa kapa hona ho kena mathateng a tebileng. Ka hona, pele u paka lithoto tsa hao, e tla ba bohlale hore u lule fatše ’me u nahane ka lehlakore le letle le le lebe.

Hlahlobisisa Sepheo sa Hao

Ho nahana ka lehlakore le letle le le lebe ka sebele ho tla akarelletsa ho hlahloba sepheo sa hao sa ho batla ho ea linaheng lisele. Ho tsamaea ka lebaka la ho hahamalla lithahasello tsa moea kapa hobane u batla ho hlokomela lelapa ke ntho e fapaneng. Empa joaloka bacha ba qotsitsoeng qalong, ba bangata ba lakatsa ho tsamaea feela hobane ba batla ho itekela bophelo ho sa tsotellehe se ka hlahang, ba batla tokoloho e khōloanyane kapa hona ho ba le nako e monate. Tsena hase lintho tse hlileng li leng mpe. Etsoe Moeklesia 11:9 e khothalletsa bacha hore ba ‘thabele bocha ba bona.’ Leha ho le joalo, temana ea 10 (NW) ea lemosa: “Tlosa matšoenyeho pelong ea hao, ’me u qobe tlokotsi ’meleng oa hao.”

Haeba sepheo sa hao sa ho ea naheng e ’ngoe ke ho qoba melao ea batsoali ba hao, e ka ’na eaba u imemela “tlokotsi.” Na u hopola setšoantšo sa Jesu sa mora ea lehlasoa? Se bua ka mohlankana eo ka boithati a ileng a ea naheng esele, ka ho hlakileng a batla ho fumana tokoloho e eketsehileng. Leha ho le joalo, o ile a oeloa ke tlokotsi ka potlako, ’me a iphumana a lapile, a sotlehile a bile a kula moeeng.—Luka 15:11-16.

Joale ho na le ba batlang ho tsamaea hobane ba batla ho baleha mathata a teng lapeng. Empa joalokaha Heike Berg a ngotse bukeng ea hae ea What’s Up, “haeba u batla ho tsamaea hobane feela u sa thaba . . . ’me u lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla ba betere ha u le sebakeng se seng—lebala!” Ka sebele, ho molemo ho tobana le mathata ka ho toba. Ha ho molemo oa letho oo re ka o fumanang ka ho baleha maemo ao re sa a rateng.

Lipheo tse ling tse kotsi ke meharo le ho rata lintho tse bonahalang. Ba susumetsoa ke takatso ea leruo, bacha ba bangata ba ba le mehopolo e phahameng le eo e seng ea sebele ea kamoo bophelo bo leng kateng linaheng tse nang le liindasteri tse tsoetseng pele. Ba bang ba nahana hore batho bohle ba Bophirimela ba ruile. Empa sena hase ’nete. Ka mor’a hore ba falle, bacha ba bangata ba iphumana ba le naheng e sa tloaelehang, ba loana ka thata hore ba tsoe bofutsaneng.a Bibele ea lemosa: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:10.

Na U se U Loketse?

Ho boetse ho na le ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa: Na u se u hōlile ka ho lekaneng hoo u ka sebetsanang le litsietsi, mathata le likhohlano tse tla hlaha ha u le naheng esele? Mohlomong u tla lula le motho eo u arolelanang kamore le eena kapa le lelapa le leng ’me u tla tlameha ho tloaelana le tsela eo ba phelang ka eona. Ka hona, u sebelisana joang le litho tsa lelapa leno hona joale? Na batsoali ba hao ba tletleba ka hore u motho ea sa nahaneleng le ea nang le boithati? Na u tloaetse ho khetha hore na u ja eng ha u je eng? U ikemiselitse hakae ho phetha karolo ea hao mosebetsing oa lapeng? Haeba tsena ke lintho tse u thatafallang hona joale, nahana hore na ho tla ba thata le ho feta hakaakang ha u se u le naheng e ’ngoe!

Haeba u Mokreste, na u tla khona ho boloka bomoea ba hao? Kapa na batsoali ba hao ba lokela ho lula ba u hopotsa hore u se ke ua hlokomoloha ho bala Bibele, liboka tsa Bokreste le mosebetsi oa boboleli? Na u tla ba matla moeeng ka ho lekaneng hore u hanele likhatello le liteko tseo u tla thulana le tsona naheng esele tseo u ka ’nang ua se ke ua thulana le tsona moo naheng ea heno? Letsatsing la hae la pele sekolong naheng e ’ngoe, mocha e mong oa Mokreste eo e neng e le seithuti sekolong sa naha e ’ngoe moo seithuti sa teng se chenchaneng le eena ho ea sekolong sa habo o ile a bolelloa hore na a ka fumana lithethefatsi tse seng molaong hokae. Hamorao o ile a kōpuoa ke ngoanana ea kenang sekolo le eena hore a intše le eena. Naheng eo a hlahetseng ho eona, ngoanana o ne a ke ke a ’molella sefahla-mahlo joalo hore oa mo thahasella. Mocha e mong oa Moafrika ea ileng a fallela Europe oa hlokomela: “Naheng ea heso, le ka mohla u ke ke ua bona litšoantšo tsa boitšoaro bo hlephileng li manehiloe ’mananeng. Empa mona u li bona hohle.” Ho fallela naheng esele ho ka ’na ha lebisa ho shoeng moeeng haeba motho a sa ‘tiea tumelong.’—1 Petrose 5:9.

Fumana Lintlha Tsohle!

Pele u falla, u tlameha ho fumana lintlha tsohle. U se ke ua itšetleha ka boitsebiso boo u bo utloang ka bo-bare. Ka mohlala, haeba u batla ho kena lenaneong la ho ba seithuti sekolong sa naha e ’ngoe moo seithuti sa teng se chenchanang le uena ho tla sekolong sa heno, seo se tla batla chelete e kae? U ka ’na ua makala ho tseba hore seo se akarelletsa liranta tse likete. U boetse u tlameha ho tseba hore na thuto eo u eang ho e fumana naheng esele e tla nkoa e le thuto na mona naheng ea heno. Hape, fumana boitsebiso bohle boo u ka bo fumanang ka naha eo—melao ea teng, mekhoa ea teng ea bophelo le litloaelo tsa teng. Ho phela moo ho tsamaea le litšenyehelo tse kae? Ke makhetho afe ao u tla lokela ho a lefa? Ke likotsi life bophelong bo botle ba ’mele tseo u lokelang ho nahana ka tsona? U ka ’na ua ho fumana ho thusa ho bua le batho ba kileng ba lula moo.

Joale taba e ’ngoe ke ea bolulo. Hangata batsoali ba amohelang seithuti sa naheng e ’ngoe se chenchaneng le seithuti sa moo ho ea ithuta naheng ea habo sona ha baa lebella ntho leha e le efe e le puseletso. Leha ho le joalo, ho lula le batho ba sa hlompheng melao-motheo ea Bibele ho ka u sithabetsa le ho u bakela khatello ea maikutlo. Khetho e ’ngoe e ka ’na ea e-ba ho lula le metsoalle kapa beng ka uena. Empa hlokomela hore u se be mojaro ho bona—esita le haeba ba tsitlella hore u lule le bona. Sena se ka hlahisa mathata kapa sa ba sa senya kamano ea hao le bona.—Liproverbia 25:17.

Haeba u rera ho fumana chelete e itseng ha u le naheng esele, u se ke ua lebala tlamo ea hao ea Bokreste ea ho mamela ba boholong. (Baroma 13:1-7) Na molao o u lumella ho sebetsa naheng eo? Haeba ho joalo, tlas’a maemo afe? Haeba u sebetsa ntle ho tumello ea molao, u ka sekisetsa boemo ba hao ba ho ba Mokreste ea tšepahalang ’me ua ipeha kotsing u se na le se ka u sireletsang, se kang inshorense ea ha u ka hlaheloa ke kotsi. Esita le haeba molao o u lumella ho sebetsa, u tla tlameha ho ba hlokolosi le ho ba masene. (Liproverbia 14:15) Bahiri ba bomenemene ba ka nka monyetla ka batho ba tsoang linaheng lisele.

Ho Etsa Qeto

Ka hona, ho hlakile hore qeto ea ho fallela naheng e ’ngoe ke ea bohlokoa—’me ha ea lokela ho nkoa habobebe. Lula fatše le batsoali ba hao ’me le hlahlobe ka hloko melemo eo u ka e fumanang le likotsi tse ka nang tsa e-ba teng. Leka ho etsa hore cheseho ea hao e se ke ea pupetsa temoho ea hao. E-ba ea tšepahalang ha u hlahlobisisa sepheo sa hao. Mamela batsoali ba hao ka hloko. Etsoe ba ntse ba tla ikutloa ba ikarabella ka uena le ha u se u le hōle-hōle le bona. Mohlomong u tla hloka tšehetso ea bona ea lichelete hore u tsoele pele le bophelo.

Ka mor’a ho hlahloba lintho tsena tsohle, mohlomong ho falla e ka ’na ea se be bohlale—bonyane hona joale. Sena se ka ’na sa u nyahamisa, empa ho na le lintho tse ngata tse thahasellisang tseo u ka li etsang. Ka mohlala, na u se u kile ua nahana ka ho etela libakeng tse thahasellisang naheng ea heno? Kapa ke hobane’ng ha u sa qale hona joale ho ithuta puo e ’ngoe? Mohlomong ha nako e ntse e tsamaea u tla buleheloa ke monyetla oa ho ea linaheng lisele.

Empa ho thoe’ng haeba u etsa qeto ea ho tsamaea? Sehlooho sa nakong e tlang se tla tšohla hore na u ka atlehisa ho lula ha hao linaheng lisele joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Ho Bala Litšenyehelo Tsa ho Fallela Naheng e Ruileng,” tokollong ea Molula-Qhooa oa April 1, 1991, o hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Bacha ba bang ba fallela naheng e ’ngoe molemong oa ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Buisana le batsoali ba hao ka melemo le likotsi tsa ho fallela naheng e ’ngoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela