“Ke Rata Tsela eo e Behang Litaba ka Eona”
Ke ka tsela eo motlatsi e monyenyane oa tsamaiso ea khoebo Yucatán, Mexico, a ileng a bua kateng mabapi le mokhoa oo makasine ea Tsoha! e sebetsang litaba ka oona. Lengolong la hae o hlalositse hore o ile a tsebisoa Tsoha! ke Paki eo a sebetsang le eona femeng ea babuelli ba inshorense.
O buile tjena ka Tsoha!: “Ke mohloli oa sebele oa boitsebiso le oa ’nete. Ke rata tsela eo e behang litaba ka eona, kaha ha e sekamele lipolotiking ’me ha e bile ha e nke batho ba bang e le ba bohlokoa ho feta ba bang. Ke fumane tharollo ea mathata ka ho bala makasine ena. Sena ke sengoliloeng se ipiletsang, se leka-lekaneng, se khemang le linako le se ruisang molemo. Ke le thoholetsa ho tsoa botebong ba pelo!”
Lilemong tse ’maloa tse fetileng, Tsoha! e ile ea tšohla phephetso ea ho sebetsana le lefu la ea ratoang. Hamorao boitsebiso boo bo ile ba hlophisoa hape ’me ba hatisoa bukaneng e nang le sehlooho se reng Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Mohlomong uena kapa motho eo u mo tsebang a ka tšelisoa ke ho bala bukana ena e nang le maqephe a 32. U ka ikōpela kopi ea eona ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Nthomelleng bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Bontša hore na ka puo efe
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.