Seo Mahlo a Pala a ke Keng a se Bona
LERŌLE le lenyenyane le sa bonahaleng le fokaela sebakeng. Empa joale ho hlaha mahlaseli a khanya ka fensetere, ’me se neng se ntse se sa bonahale joale sea bonahala. Lehlaseli la khanya le kenellang le pepesa lerōle leo mahlong a motho.
Nahana hape ka khanya e bonahalang, e shebahalang e khanya kapa e se na ’mala mahlong a pala. Ho etsahala’ng ha letsatsi le khanyetsa hantle ka ho toba marotholing a metsi? Metsi a fetoha ntho e kang khalase, ’me re bona mookoli oa mebala-bala e metle!
Ha e le hantle, lintho tse re pota-potileng li bontša maqhubu a fapaneng a khanya eo mahlo a rōna a bonang e le mebala. Ka mohlala, joang bo botala hase hore bo hlahisa khanya e tala, empa ho e-na le hoo, bo nka maqhubu ’ohle a khanya e bonahalang, ntle le a botala. Joang bo khutlisetsa mahlong a rōna leqhubu le letala. Ka hona, mahlo a rōna a bona eka joang bo botala.
Ho Thusoa ke Lisebelisoa Tse Entsoeng ke Batho
Lilemong tsa morao tjena, lintho tse ngata tse sa bonahaleng mahlong a rōna a pala li ’nile tsa bonahala ka lebaka la lintho tsa morao tjena tse qapiloeng. Re ka sheba lerotholi la metsi le bonahalang le se na bophelo ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo, ’me ra sibolla hore le tletse ka linthoana-nthoana tse phelang. Le qōba ea moriri eo ka tloaelo e shebahalang e otlolohile ebile e lekana, ka mochine e bonahala e le makukuno e bile e sa leka-lekane. Mechine e matlahali e hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo e ka hōlisa lintho makhetlo a milione, e leng se tšoanang le ho hōlisa setempe ho fihlela se lekana le naha e nyenyane!
Hona joale, ka ho sebelisoa ha mechine e matla le ho feta e hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo, babatlisisi ba fuoa litšoantšo tsa bokaholimo ba athomo. Sena se ba bontša lintho tseo ho fihlela morao tjena ho neng ho ke ke ha khoneha hore li bonahale.
Ka lehlakoreng le leng, re ka sheba sepakapaka bosiu ’me ra bona linaleli. Tse kae? Ka mahlo a pala, bonyane re ka bona feela tse likete tse itseng. Empa ka ho qaptjoa ha sebonela-hōle lilemong tse ka bang 400 tse fetileng, batho ba ile ba qala ho bona tse ling tse eketsehileng. Joale, ka bo-1920, sebonela-hōle se matla se Sebakeng sa ho bona lihloliloeng se Thabeng ea Wilson se ile sa senola hore ho na le lihlopha tsa linaleli ka ’nģane ho tseo re li bonang, le hore le tsona li tletse ka linaleli tse se nang palo. Kajeno ba sebelisa lintho tse tsoetseng pele tse entsoeng ke batho ho hlahloba bokahohle, bo-rasaense ba hakanyetsa hore ho na le lihlopha tsa linaleli tse limilione tse likete li leshome, tseo tse ngata tsa tsona li nang le linaleli tse limilione tse likete li makholo!
Ka sebele hoa makatsa hore ebe libonela-hōle li senotse hore limilione tse sekete tsa linaleli, tse bonahalang e le Molala ka lebaka la ho bonahala eka li atamelane, li arohane ka sebaka se seholo ka tsela e ke keng ea utloisisoa. Ka ho tšoanang, mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo o ’nile oa thusa leihlo hore le bone hore lintho tse shebahalang li tiile, ha e le hantle li entsoe ka liathomo tseo ka ho khetheha li entsoeng ka lefeela.
Bonyenyane bo ke Keng ba Lekanngoa
Ntho e nyenyane ka ho fetisisa e ka bonoang ka mochine o tloaelehileng o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo e entsoe ka liathomo tse fetang limilione tse likete li leshome! Leha ho le joalo, ka 1897 ho ile ha sibolloa hore athomo e na le lintho tse nyenyane tse likolohang tse bitsoang lielektrone. Ha nako e ntse e feta, ho ile ha fumanoa hore khubung ea athomo, eo lielektrone li potolohang ho eona, ho ne ho e-na le liphatsa tse khōloanyane—e leng li-neutron le li-proton. Mefuta e fapaneng e 88 ea liathomo, kapa lirafshoa, e bang teng ka tlhaho lefatšeng, e batla e lekana ka boholo, empa e fapana ka boima kaha e ’ngoe le e ’ngoe e na le palo e tsoelang pele ho hōla haholoanyane ea lintho tsena tse tharo tsa motheo.
Lielektrone—elektrone e le ’ngoe tabeng ea athomo ea hydrogen—li ferella sebakeng ho potoloha khubung ea athomo makhetlo a limilione tse likete karoloaneng e ’ngoe le e ’ngoe ea bomilione ea motsotsoana, ka hona e fa athomo sebōpeho le ho etsa hore e itšoare ka tsela e kang e tiile. Ho ka nka lielektrone tse ka bang 1 840 hore li lekane le boima ba proton kapa ba neutron. Proton le neutron li nyenyane ho athomo e feletseng ka makhetlo a ka bang 100 000!
Ho fumana leseli la hore na athomo ha e na letho hakae, leka ho bona ka leihlo la moea khubu ea athomo ea hydrogen ha e bapisoa le elektrone e potolohang ea athomo. Haeba khubu eo, e nang le proton e le ’ngoe, e ne e le boholo ba bolo ea thenese, elektrone ea eona e potolohang e ne e tla ba hōle ka lik’hilomithara tse ka bang tharo!
Tlaleho mabapi le mokete oa bo100 oa ho ikhopotsa ho sibolloa ha elektrone e itse: “Ba ’maloa baa qea-qea tabeng ea ho keteka ntho eo ho seng motho ea kileng a e bona, e se nang boholo bo bonahalang empa e e-na le boima bo ka lekanngoang, matla a motlakase—le e bilikang joaloka topo. . . . Kajeno, ha ho na motho ea belaellang khopolo ea hore ho na le lintho tseo le ka mohla re ke keng ra li bona.”
Lintho Tse Nyenyane le ho Feta
Mechine e silakanyang athomo, e khonang ho thulanya lintho tse nyenyane, hona joale e fa bo-rasaense leseli ka se ka khubung ea athomo. Ka lebaka leo, ho se ho ngoloa ka liphatsa tse nyenyane tse ngata tse nang le mabitso a sa tloaelehang—positrons, photons, mesons, quarks le gluons, ha ho se ho boleloa a seng makae feela. Kaofela ha tsona ha li bonahale, esita le mochineng o matla ka ho fetisisa o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo. Empa ka thepa e kang cloud chamber, bubble chamber le scintillation counters, ho bonoa moroeroe oa boteng ba tsona.
Hona joale babatlisisi ba bona lintho tse neng li sa bonahale. Ho li bona ha bona ho etsa hore ba utloisise se boleloang ke seo ba lumelang hore ke matla a mane a tlhaho—matla a khoheli, matla a motlakase le matla a mabeli a tlaasana a nyutlelie a bitsoang “matla a fokolang” le “matla a maholo.” Bo-rasaense ba bang ba phehella ho tseba se bitsoang “khopolo ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” eo ba lumelang hore e tla fana ka tlhaloso e le ’ngoe e ka utloisisoang ka bokahohle, ho akarelletsa lintho tsohle tse nyenyane ka ho fetisisa.
Ho ka ithutoa eng ka ho bona lintho tseo mahlo a pala a ke keng a li bona? ’Me ba itšetlehile ka seo ba ithutileng sona, batho ba bangata ba fihletse liqeto life? Lihlooho tse latelang li tla fana ka likarabo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Litšoantšo tsa liathomo tsa “nickel” (ka holimo) le liathomo tsa plathinamo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy IBM Corporation, Research Division, Almaden Research Center