Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 9/8 leq. 32
  • Bobatana ba Batho—Na bo Tla ke bo Fele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bobatana ba Batho—Na bo Tla ke bo Fele?
  • Tsoha!—2000
Tsoha!—2000
g00 9/8 leq. 32

Bobatana ba Batho—Na bo Tla ke bo Fele?

Makasine ea Tsoha! ea March 8, 2000, e tšohlang bothata bo bohloko ba bokhoba, boo ka masoabi bo ntseng bo tsoela pele likarolong tse ling tsa lefatše, e ile ea fuoa Letona la Italy la Bonngoe ba Sechaba, Livia Turco. Lengolong leo le ileng la le ngolla ofisi ea lekala la Lipaki tsa Jehova Italy, le ile la lumela:

“Mefuta ea kajeno ea bokhoba, e amang haholo basali le bana, e hlahisa boemo bo boholo ba tšohanyetso boo ho bona batho ba limilione ba ntseng ba utloisoa bohloko ke maemo a bobatana.” Le ile la phetha ka ho re: “Maikutlo ’ohle a hlahisoang ka ho khopeha khahlanong le ’nete ena e sa amoheleheng ke tlatsetso ea bohlokoa haholo, ’me ha e finyella batho ka bophara joaloka babali [ba Tsoha!], e ba e matla le ho feta.”

Ka lebaka la ho abuoa ha likopi tse fetang limilione tse 20 tsa tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Tsoha! ka lipuo tse 82, babali ba limilione ha ba tsebisoe feela tsela eo mathata a kajeno a leng ka eona, empa ba boetse ba fuoa le tharollo ea ’ona e thehiloeng Bibeleng.

Leha ho le joalo, potso e sa le ho re, Haeba ka sebele Molimo o teng, ke hobane’ng ha a lumella batho ba se nang molato hore ba utloe bohloko bo tšabehang hakaale? Ba bangata baa ipotsa, ‘Nka rata ’Mōpi eo bohlale ba hae bo bonahalang pōpong e hlollang joang empa ho bonahala a sa bontše kutloelo-bohloko ho batho kajeno?’ Lipotso tse joalo li arabeloa ka tsela e khotsofatsang bukaneng ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? U ka fumana kopi ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

◻ Nthomelleng bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Bontša hore na ka puo efe

◻ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela