Na U Bona ka Nģ’ela ho Seo Mahlo a Hao a se Bonang?
BAKHANNI ba makoloi ka tloaelo ha ba bone se mothinyeng o potelletseng haholo. Empa ka thuso ea seipone se behiloeng mothinyeng, ho ka bonoa likoloi tse tlang ’me ha qojoa likotsi. Ka tsela e tšoanang, ha e le hantle batho ba ke ke ba bona ’Mōpi ea sa bonahaleng. Na ho na le tsela ea ho tseba hore ho na le Motho ea joalo?
Sengoli sa lekholong la pele la lilemo se ile sa bolela hore na re ka lemoha se ke keng sa bonoa joang. Se ngotse: “Litšobotsi [tsa Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa hae tsa ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.”—Baroma 1:20.
Nahana ka hoo. Na u bona bohlale bo bonahalang linthong tse re potileng tseo motho a ke keng a khona ho li bōpa? Na lintho tse joalo li u thusa hore u bone “ka mahlo a hao a kutloisiso” hore ho na le e mong ea phahametseng motho? A re hlahlobeng mehlala e itseng.—Baefese 1:18, King James Version.
Ho Ithuta ka Pōpo
Na u kile ua tsota botle bo hlollang ba sepakapaka se tletseng linaleli bosiung boo khoeli e leng sieo, ua bona bopaki ba Moetsi e Moholo? Motho oa boholo-holo ea ileng a lemoha o itse: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” Monna enoa o ile a nahanisisa: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?”—Pesaleme ea 8:3, 4; 19:1.
Ke ha tlhaho ho rōna hore re tsote pōpo e babatsehang haholo hoo e ke keng ea kopitsoa ke batho. Mola o mong o tummeng oa thothokiso o re: “Ke Molimo feela ea ka etsang sefate.” Leha ho le joalo, ho tsotehang le ho feta ke ho bōptjoa ha ngoana, ho etsahalang ntle le tataiso e itseng ea bohlale ba ho bōpa ea batsoali. Ha peō e tsoang ho ntate e kopana le lehe le tsoang ho ’mè, ka potlako ho raloa meralo ho DNA ea sele e ncha e sa tsoa etsoa hore e hlahise ngoana. Ho boleloa hore litaelo tse ho DNA “haeba li ne li ka ngoloa fatše, li ne li tla tlala libuka tse sekete tse nang le maqephe a 600.”
Seo e mpa e le qalo feela. Sele ea mathomo ea aroha ho iketsa tse peli, e be tse ’nè, joale e be tse robeli, joalo-joalo. Ka mor’a matsatsi a ka bang 270, ho hlaha ngoana ea entsoeng ka lisele tse phelang tse limilione tse likete tsa mefuta e fetang 200. ’Me nahana feela taba ea hore sele eo ea mathomo e ne e e-na le boitsebiso hore e etse mefuta eohle e fapaneng ea lisele le ho li hlahisa ka nako e tšoanelehang! Na u susumelletseha hore u rorise ’Mōpi oa rōna? Hlokomela thoriso e ileng ea etsoa ke mopesaleme ea ileng a ngola: “U entse liphio tsa ka; u ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’Mè. Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”—Pesaleme ea 139:13-16, NW.
Ba ithutileng “mehlolo” ena ba hlolloa ka tsela e nang le tlhompho. Dr. James H. Hutton, mopresidente oa mehleng oa mekhatlo ea Bongaka ea Liprofinse tsa Chicago le Illinois, o ile a re o ile a makatsoa ka ho feletseng ke “bokhoni bo phahametseng tlhaho ba sele ba ho fetisetsa ho lisele tse hlahlamang boitsebiso boo e batlang hore bo hlahisoe. Ka sebele ke habohlokoa hore ebe bo-rasaense ba rōna ba entseng lipatlisiso ba khonne ho ithuta lintho tse kang tsena. Empa ka sebele Bohlale ba Bomolimo e tlameha ebe ke bona bo rerileng mehlolo ena.”
Dr. Hutton o tsoela pele: “Karolong ea ka e tlaasana ea thuto ea litšoelesa tsa endocrine, ho ithuta ka ho sebetsa ha litšoelesa tsa endocrine le ho se sebetse hantle ha litšoelesa tsena ho tlatselletsa kholisehong eo ke nang le eona ea hore e tlameha ebe Matla a Molimo ke ’ona a ikarabellang bakeng sa ho rarahana hona ho hlollang le ho sebetsa ha likarolo tsena tsa bohlokoa tsa ’mele.” O ile a phetha ka ho re: “Ho ’na ho nahanisisa ka lintho tsena tse hlollang ho bonahala e le lebaka le matla la ho lumela hore matla a maholohali le a nang le tsebo eohle a ile a rera bokahohle bona, a etsa hore bo be teng ’me a bile aa bo laola.”
Ka mor’a ho bolela lintho tsena tseo a li lemohileng, Dr. Hutton o ile a botsa: “Ebe ke Eena Molimo ea hlokomelang serobele se seng le se seng ha se oa?” O ile a arabela: “Ke na le khoao e itseng ka seo. Leha e le hona hore ke lumela hore O ela hloko ka tsela e khethehileng lintho tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo tseo ke li etsang letsatsi le leng le le leng.”
Ke hobane’ng ha ba bangata ba lumela hore bohlale boa bonahala ‘mehlolong’ ea pōpo, empa ba belaella boteng ba Molimo ea amehileng ka moloko oa batho?
Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Ba bangata ba fana ka lebaka la hore haeba Molimo a ne a le teng, o ne a ke ke a lumella batho hore ba utloe bohloko bo bokana. Potso e tloaelehileng eo ba bang ba e botsang ke e reng, “Molimo o ne a le hokae ha re mo hloka?” Motho e mong ea ileng a pholoha polao ea ba limilione e neng e etsoa ke Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše o ne a utloisitsoe bohloko ke mahlomola ao a neng a a bone hoo a ileng a re: “Haeba u ne u ka nyeka pelo ea ka, e ne e ka u bolaea ka chefo.”
Ka hona, ke qaka ho ba bangata. Joalokaha motho oa boholo-holo ea boletsoeng pejana ea ileng a hlokomela lintho a ile a bontša, bopaki ba hore ’Mōpi o teng bo hlaka ha re hlahloba taolo ea mohlolo le tsela eo lintho li entsoeng ka eona. Leha ho le joalo, haeba ke Molimo Ea re tsotellang, ke hobane’ng ha A lumelletse mahlomola a tšabehang joalo? Haeba re batla ho utloisisa le ho rapela Molimo ka nepo, re lokela ho fumana likarabo tse khotsofatsang tsa potso eo ea bohlokoa. Re ka li fumana hokae?
Re u khothalletsa hore u fumane kopi ea bukana e reng Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Leqepheng la 32 la Tsoha! ena, u ka fumana hore na u ka e kōpa joang. Re lumela hore ho hlahloba ha hao ka hloko karolo e reng “Lebaka Leo ka Lona Molimo o Lumelletseng Bohloko” le e reng “Liphello Tsa Bofetoheli E bile Life?” li tla u fa likarabo tse khotsofatsang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Na u bona bopaki ba hore ’Mōpi o teng linthong tsee?