Boikutlo bo Hlasimollang ho sa Tsotellehe Kholofalo
JOALOKAHA HO BOLETSE KONSTANTIN MOROZOV
Ha ke tsoaloa ka la 20 July, 1936, ’mele oa ka o ne o se na masapo a tiileng haese lehata le lesapo la mokokotlo. Masapo ’ohle a ’mele oa ka e ne e le lefufuru le bobebe le sa tieang joaloka lefufuru la tsebe ea motho ea hōlileng. Boima ba ka ba ’mele bo ne bo le ka tlaase ho halofo ea k’hilograma. Matšoao feela a hore kea phela a neng a bonahala e ne e le pelo e otlelang fatše, ho phefumolohela tlaase le ho sisinyeha ho fokolang ha litho tse ling.
KE NE ke le ngoana oa bosupa lelapeng la bana ba robong le neng le lula motseng oa Sara, Ul’yanovsk Oblast, bohareng ba Russia. Ha ke le libeke li tharo, batsoali ba ka ba ile ba nkisa kerekeng hore ke e’o kolobetsoa. Moprista o ile a mphafatsa ka metsi ka potlako ’me a bolella batsoali ba ka hore ba nkise lapeng kapele kamoo ho ka khonehang, kaha o ne a re ke tla shoa ka mor’a lihora tse seng kae.
Ka January 1937, batsoali ba ka ba ile ba nkisa motseng oa Kazan’, motse-moholo oa rephabliki ea Russia ea Tatarstan, hore ke bonoe ke litsebi tse itseng. Ka nako ena ke ne ke khona ho re “Mama,” “Papa,” le “Babushka” (Nkhono), ’me ke ne ke tseba mabitso a banab’eso. Ha lingaka li qeta ho ntlhahloba, li ile tsa bolella batsoali ba ka hore ke tla shoa pele selemo se fela. Li ile tsa eletsa hore ke bolaoe ’me ke bolokoe ka har’a botlolo ea khalase ke tle ke sebelisoe bakeng sa ho thusa liithuti tsa bongaka. Ke leboha batsoali ba ka ba ratehang hakaakang hore ebe ba ile ba hana ka tieo!
Nako ea Bongoana ea Mahlomola
Ho ea kamoo ke hopolang kateng, ’mele oa ka o ’nile oa sohlokoa ke mahlaba a sa khaotseng. Leha ho le joalo, esita leha ke sa le ngoana, ke ne ke leka ho lula ke e-na le boikutlo bo botle ’me ke leka ho lula ke tšeha le ho thabela bophelo. Bona ke boikutlo boo ke bo bolokileng. Butle-butle masapo a ka a ’mele a ile a matlafala, ’me ke ile ka khona ho lula le ho khasa hanyenyane. Ha kea ka ka hōla joaloka bana ba tloaelehileng ’me ke ne ke bōpehile hampe haholo. Empa ke ne ke le seithuti se hloahloa, ’me ha ke le lilemo li hlano, ke ne ke khona ho bala le ho ngola.
Ka May 1941, ’Mè o ile a nkisa kerekeng lekhetlo la bobeli. Ho ne ho e-na le batho ba bangata ’me bohle ba ne ba khumame ba rapela. Mohlokomeli oa mosali o ile a tla ho ’Mè a mo botsa hore na ke hobane’ng a ne a sa khumama. Ha ’Mè a mo bontša ’na, o ile a ea bua le moprista. Ha mohlokomeli a khutla, o ile a re felehetsa ho ea fihla monyako ’me a bolella ’Mè hore a ntšiee ka ntle ’me a kene a le mong. O ile a bolela hore “ea sa hloekang” o fane ka ’na ho batsoali ba ka ka lebaka la libe tsa bona. ’Mè o ile a khutlela lapeng a sekisitse meokho. Ke ile ka nahana ka sena ka nako e telele. Ke ne ke ipotsa, ‘Enoa “ea sa hloekang” ke mang?’
Ka 1948, ha ke le lilemo li 12, ’Mè o ile a nkisa motseng oa Merenki Rephabliking ea Chuvash, lik’hilomithara tse ka bang 80 ho tloha lapeng. Motseng ona ho ne ho e-na le liliba tse phekolang, ’me ’Mè o ne a tšepile hore nka ’na ka phekoloa ke metsi ao. Baprista ba ne ba boletse hore e le hore ke phekoloe, ha kea lokela ho ja ka matsatsi a mararo. Hape ke ne ke lokela ho amohela Selallo kerekeng. Le hoja ke ne ke se na tšepo e kaalo kerekeng, ke ile ka lumela ho phetha se hlokoang. Leeto le ne le le lelelele le bile le le boima ho ’na, empa ke ile ka mamella, ka leka ho itebatsa ka ho sheba botle ba ponahalo e ntle ea naha.
Kereke e ne e tletse batho. Ha ’Mè a fohla letšoele a mpepile, mosali-moholo e mong o ile a mpha pompong. Ke ile ka e nka ’me ka e kenya ka pokothong. Ha ke tlameha ho fuoa Selallo, mosali-moholo eo o ile a hoeletsa: “Ntate, u se ke ua mo fa Selallo! O qeta ho ja pompong!” Ke ile ka hlalosa hore pompong e ka pokothong, empa moprista o ile a hoeletsa: “Sehole tooe sa moikhohomosi! U bile u leshano? Mo ntšeng ka kerekeng!” Leha ho le joalo, letsatsing le hlahlamang, moprista e mong o ile a mpha Selallo ’me a ntlhatsoa ka metsi “a mohlolo.” Leha ho le joalo, ha hoa ka ha e-ba le mohlolo. Kholofalo ea ka ha ea ka ea fela.
Ho Finyella Lintho Tse Hlokang ho Sebelisa Kelello
Le hoja ’meleng ke ne ke holofetse haholo, ha ke le lilemong tsa bocha ke ile ka phehella lipakane tse ngata tsa thuto le tse hlokang ho sebelisa kelello. Ka 1956 ke ile ka ba setho sa Komsomol (Selekane sa Makomonisi a Manyenyane) ’me hamorao, ka ruta bacha Komsomol. Ke ne ke le setho sa Komisi ea Lehae le Setso lehaeng la ba holofetseng, ’me hape ke ne ke le mookameli le seboholi seea-le-moeeng.
Ho phaella moo, ke ne ke hlokomela laebrari e tsamaisoang ea libuka tse theipiloeng bakeng sa lifofu, ’me ke ile ka khethoa hore ke be setho sa Komisi ea Moahloli bakeng sa Toantšo ea Tšebeliso e Mpe ea Tahi. Hape ke ile ka kopanela sehlopheng sa baetsi ba litšoantšo ba itlosang bolutu, ka bina le ho letsa liletsa tse ’maloa tsa ’mino.
Lehaeng la ba Holofetseng
Ka 1957, ha ke e-ba lilemo li 21, kholofalo ea ka ea ’mele e ile ea nqobella hore ke ee lehaeng la ba holofetseng. Leha ho le joalo ke ne ke ikemiselitse hore ke se ke ka tela. Ka October 1963, ke ile ka ea Setsing sa Phuputso ea Saense ea Litho tsa Maiketsetso Moscow. Ha ke le moo qetellong ke ile ka buuoa ka makhetlo a 18 bakeng sa ho otlolla meomo ea ka.
Qalong, meomo ea ka e ile ea sarolloa. Joale ka mor’a matsatsi a robeli, ke ile ka buuoa. Ka mor’a moo, ke ile ka kenngoa samente meomong bakeng sa hore e se ke ea sisinyeha ho fihlela ke buuoa hape. Mooki o ne a lla ha a bona kamoo ke neng ke utloa bohloko kateng.
Ka likhoeli tse latelang tse ’nè, ke ile ka ithuta ho tsamaea ka lithupa. Ka lithupa ke khona ho phahama ho fihlela ke le bolelele ba lisenthimithara tse 110. Boima ba ka ba ’mele bo ka holimo hanyenyane ho lik’hilograma tse 25. Eitse hang ha ke tseba ho tsamaea ka lithupa, ka khutlela lehaeng la ba holofetseng ka 1964. Ka bomalimabe, masapo a fokolang a meomo ea ka a ne a sitoa ho jara boima ba ’mele oa ka, ’me ka potlako ke ile ka boela ka tlameha ho khasa kapa ho sebelisa setulo sa likooa. Le kajeno ke ntse ke tsamaea ka setulo sa likooa.
Ha kea ka ka hlola ke ea kerekeng hape. Taba ea hore ke tsoetsoe ke “ea sa hloekang” e ile ea ’na ea nkukunela. Ke ne ke rata Ntate le ’Mè haholo, ’me ke ne nke ke ka amohela hore bona le Molimo ba ne ba le molato ka boemo ba ka. Ke ile ka leka ho ba le pono e ntle ho sa tsotellehe ho utloa bohloko. Ke ne ke batla ho etsetsa ba bang se molemo, ’me ka holim’a tsohle, ke ne ke batla ho ipakela ka bonna hore ke ne nka khona ho etsa joalo.
Ho Phela Ntle ho Thuso ea ba Bang
Ka 1970, ke ile ka nyala Lidia, eo esaleng a shoa litho karolong e itseng ea ’mele ho tloha bongoaneng. Re ile ra iphumanela ntlo e nyenyane, eo re ileng ra lula ho eona ka lilemo tse 15. Ka nako eo re ne re sebetsa ka bobeli hore re iphelise. Ke ile ka ithuta ho lokisa lioache le lisebelisoa tse ling tse nyenyane tse hlokang ho chorisoa ho itseng.
Ka nakoana ke ile ka sebelisa ntja e koetliselitsoeng ho phetha mesebetsi e mengata ea bohlokoa. Ha e le hantle, ’na le mokoetlisi oa lintja re ile ra qapa lehaletere le entsoeng ka ho khetheha. Ke ne ke e-na le lintja tse peli—e ’ngoe e bitsoa Vulkan ’me e ’ngoe e bitsoa Palma. Palma e bile molekane ea tšepahalang ka lilemo tse ngata. Ntja ena e ne e nkukela lijo mabenkeleng. Ntho feela eo e neng e sa e rate ke ho ema moleng ha re patala. E ne e nka sepache sa ka ka meno, ’me e ne e e-na le hakisi e nyenyane molaleng bakeng sa ho jara mokotla oa ka oa mabenkeleng.
’Mè o ile a kula haholo ka 1973. Kaha ke ne ke lula hae kamehla, ’na le mosali oa ka re ile ra etsa qeto ea hore a tl’o lula le rōna. Ka nako eo Ntate le baholoane ba ka ba bahlano ba ne ba se ba hlokahetse, ’me bana ba bang beso ba ne ba lula likarolong tse ling tsa Russia. Ha ’Mè a lula le rōna, ke ile ka leka ho mo etsetsa sohle seo nka se khonang. Qetellong o ile a hlokahala a le lilemo li 85.
Ka 1978, ke ile ka etsa qeto ea ho iketsetsa koloi. Ka mor’a ho etsa likoloi tse ’maloa tsa liteko, ke ile ka qetella ke entse e loketseng. Mohlahlobi oa Likoloi oa ’Muso sebakeng seo ke neng ke lula ho sona o ile a ntumella ho kena tlhahlobong ho bona hore na koloi ea ka e loketse tsela le hore e ngolisoe. Ke ile ka e reha Osa (Bobi). ’Na le mosali oa ka re ile ra e etsetsa tereilara e neng e ka nka lintho tse etsang boima ba lik’hilograma tse 300. Re ne re khona ho tsamaea ka eona re le babeli re nkile thōto. Koloi ena e ile ea re sebeletsa ho fihlela ka 1985.
Hoo e ka bang ka nako ena leihlo la ka le letšehali le ile la foufala, ’me leihlo la ka le letona le ile la qala ho fokola. Eaba Lidia o tšoaroa ke lefu la pelo. Ka May 1985, ka lebaka la mefokolo ea rōna, re ile ra tlameha ho fallela lehaeng la ba holofetseng motseng oa Dimitrovgrad.
Lebaka Leo ka Lona Hona Joale Bophelo ba ka bo Tletseng Thabo Hakana
Lehlabuleng la 1990, Lipaki tsa Jehova li ile tsa etela lehae la rōna la ba holofetseng. Ke ile ka fumana seo li se rutang se thahasellisa haholo. Li ile tsa mpontša temana e ’ngoe Kosepeleng ea Johanne e buang ka monna ea tsoetsoeng a foufetse. Jesu o ile a re ka eena: “Hase monna enoa ea ileng a etsa sebe kapa batsoali ba hae.” (Johanne 9:1-3) Ke ile ka hlalosetsoa hore re futsitse sebe le bokuli ho moholo-holo oa rōna Adama.—Baroma 5:12.
Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle ke ile ka khahloa ke taba ea hore qetellong Molimo o tla folisa bohle ba fumanang bophelo tlas’a puso ea ’Muso oa Mora oa hae, Jesu Kreste, ha Paradeise e tla be e tsosolositsoe lefatšeng. (Pesaleme ea 37:11, 29; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4) Meokho ea thabo e ile ea keleketla marameng a ka, eaba kea hoeshetsa: “Ke fumane ’nete, ’nete, ’nete!” Ke ile ka ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ka nako e etsang selemo, ’me ka 1991, ka kolobetsoa metsing e le pontšo ea boinehelo ba ka ho Jehova Molimo.
Le hoja ke ile ka hōlisa takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova le ho bolela ka merero ea hae e hlollang, ke ile ka tobana le litšitiso tse ngata. Nakong e fetileng, ho ne ho sa hlokahale hakaalo hore ke tsamaee, empa joale ho ne ho hlokahala hore ke tsoe ke arolelane tumelo ea ka le ba bang. Tšimo ea ka ea pele eo ke neng ke bolela ho eona e ne e le lehae la rōna la ba holofetseng, moo ho neng ho lula batho ba fetang 300. E le hore nka teana le batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, ke ile ka kōpa hore ke abeloe ho sebeletsa kamoreng eo ho sebetsanoang le litaba tsa lelapa ho eona.
Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke lula moo ke sebeletsang teng ’me ke hlokomela mesebetsi ea ka eo ke e abetsoeng. Ha ke ntse ke sebetsa, ke entse metsoalle e mengata e mecha eo ke bang le lipuisano tse thahasellisang le eona ka lihlooho tsa Bibele. E mengata ea eona e amohetse libuka le limakasine tse e thusitseng hore e utloisise Bibele. Baeti ba tloaetse hore ke ba balle se tsoang Bibeleng le libukeng tse thehiloeng Bibeleng. Nakong ea lijo tsa motšehare, hangata ho ba le batho ba bangata kamoreng eo ’na le mosali oa ka re lulang ho eona hoo ka linako tse ling ho tlalang hoo ho ke keng ha hlola ho kena motho e mong hape.
Bara le barali beso ba Bakreste phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ba nthusitse haholo mosebetsing oa ho bolela. Ba ntlisetsa lingoliloeng tsa Bibele ’me ba qeta nako ba e-na le ’na le mosali oa ka. Ba boetse ba nthusa hore ke fihle Holong ea ’Muso bakeng sa liboka tsa phutheho. Paki e ’ngoe e ile ea reka sethuthuthu se ka palamisang motho lehlakoreng ka sepheo sa hore e mpalamise. Ba bang ba nang le likoloi ka thabo baa tla ’me ba mpalamise nakong ea likhoeli tse batang tsa mariha.
Ka lebaka la tlhokomelo e joalo e lerato, ke khonne ho ba teng likopanong tse ka bang ka holimo ho 12, kapa libokeng tse rutang tsa Lipaki tsa Jehova. Kopano ea ka ea pele e bile kopano e khōlō ea machaba Moscow ka July 1993, moo ba bileng teng ba ileng ba etsa tlhōrō ea ba 23 743 ho ba tsoang linaheng tse ka holimo ho 30. Hore ke khone ho ba teng sebokeng se joalo ho ile ha hlokahala hore ke nke leeto la lik’hilomithara tse ka bang 1 000. Esale ho tloha mohlang oo, ha ke e-s’o fosoe ke kopano ea batho ba Jehova.
Baokameli ba lehae la rōna la ba holofetseng ba ntlhompha ka ho tebileng, e leng seo ke se lebohang haholo. Molekane oa ka Lidia, eo ke phetseng hamonate le eena ka lilemo tse 30, le eena oa ntšehetsa ebile oa nthusa, le hoja a se bolumeling boo ke leng ho bona. Empa ka holim’a tsohle, Jehova o ntšehetsa ka letsoho la hae le matla ’me o ntšitsa ka litlhohonolofatso tsa hae tse hlollang. Hase khale haholo, ka la 1 September, 1997, ha ke khethoa hore ke be pula-maliboho, joalokaha basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoa joalo.
Ho ’nile ha e-ba le maemo a ’maloa bophelong ba ka ha pelo ea ka e ka be e eme ’me nka be ke ile ka shoa. Kajeno ke thabile hakaakang hore ebe seo ha sea ka sa etsahala le hore ke khonne ho tseba le ho rata Mohloli oa bophelo, Jehova Molimo! Ke batla ho tsoela pele ke mo sebeletsa hammoho le bara le barali beso ba moea ba leng lefatšeng lohle hafeela pelo ea ka e ntse e tsoela pele ho otla.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ke na le mosali oa ka, Lidia
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ke ruta seithuti lehaeng la rōna la ba holofetseng