O na le Pelaelo Empa o Ntse a Batlisisa
LENGOLONG leo a le ngoletseng ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Slovenia, monna ea ipoletseng a kolobelitsoe Roma e K’hatholike o ile a kōpa: “Ke kōpa hore le nthomelle bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ke boetse ke rata ho tseba hore na nka etsa joang hore ke fumane makasine ea Tsoha! kamehla moo ke lulang.”
Monna eo o ile a hlalosa: “Ke kōpa hore le nkutloisise hantle. Ke batla ke e-na le lipelaelo ka bolumeli, empa ke ile ka batla ke makala ha ke bala Tsoha! ’me ke fumana e sa tlala ka lithuto tsa bolumeli feela empa e hlalosa lintho ka tsela e tobileng le e rutang.” Joale o ile a bua ka makasine e ’ngoe ea bolumeli e tsebahalang ’me a re e hlile e lahla batho ka ho feletseng.
Monna eo o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a sa tlatsa setlankane se ka morao ho Tsoha! bakeng sa ho batla bukana ea Seo a se Hlokang, empa a khethile ho ngola lengolo. O itse: “Ke ne ke sa batle ho senya makasine ena ea Tsoha! Ke ne ke batla ho e boloka e le joalo!”
Bukana e maqephe a 32 ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e na le lithuto tse 16. Ho tsona, ho boletsoe lithuto tsa motheo tsa Bibele ’me ho fanoe ka boitsebiso bo tsoang Bibeleng bo bontšang hore na re lokela ho etsa eng hore re amoheloe ke Molimo. Haeba le uena u ka rata ho fumana bukana ena, tlatsa setlankane se makasineng ena ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Nthomelleng bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
Bontša hore na ka puo efe
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Likopi tse limilione tse 113 ka lipuo tse 240