Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 8/8 leq. 32
  • Hase ea Bacha ba ka Tlaase ho Lilemo Tse 20 Feela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hase ea Bacha ba ka Tlaase ho Lilemo Tse 20 Feela
  • Tsoha!—2001
Tsoha!—2001
g01 8/8 leq. 32

Hase ea Bacha ba ka Tlaase ho Lilemo Tse 20 Feela

Lengolong le eang ofising ea tsamaiso ea Lipaki tsa Jehova Poland, Jolanta ea lilemo li 25 o ile a hlalosa hore o ne a tepeletse maikutlo. O holofetse ’me o sitoa ho tsamaea, ’me nakong ea likhoeli tse tšeletseng, o ile a hlokahalloa ke ’mè oa hae le nkhono oa hae. Eaba o qala ho bala buka e bitsoang Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. O ile a re:

“Ke ne ke nahana hore buka ena e molemo ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, eseng ho ’na. Ke ne ke fositse hakaakang! Ha ke bala khaolo ea 12 ho ea ho ea 16 ea buka ena, ke ile ka fumana likarabo tse hlakileng lipotsong tsa ka: ‘Ke hobane’ng ha ke tepella maikutlo ke bile ke jeoa ke bolutu hakaale?’ ‘Ke hobane’ng ha ke sa ithate?’ le e reng ‘Ke hobane’ng ha ke utloile bohloko hakaale ka mor’a lefu la beng ka ’na bao ke ba ratang?’”

O ile a tsoela pele: “Lintlha tse peli tse ileng tsa fanoa leqepheng la 130 li ile tsa ipiletsa ho ’na: ‘Ho tseba hore ho utloa bohloko ho tloaelehile ho thusa haholo tabeng ea ho amohela boemo kamoo bo leng kateng. Empa ho latola boemo ho mpa ho lelefatsa ho utloa bohloko.’ Ho bala mantsoe ao ho ile ha matlafatsa tšepo eo ke nang le eona ea hore ke tla bona ba robetseng lefung, e leng ho etsang hore bophelo ba ka bo be le morero haholoanyane.”

Haeba u ka rata ho hlōla maikutlo a u tepelletsang le ho etsa hore bophelo ba hao bo be le morero, re tšepa hore le uena u tla rua molemo bukeng ena ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Hore u fumane kopi ea eona, tlatsa setlankane se makasineng ena ’me u se romele atereseng e ngotsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela