Phephetso ea ho Hlokomela Bana
Brithani ke naha e ruileng ea Bophirimela. Leha ho le joalo, ho hakanngoa hore selemo se seng le se seng bana ba fetang 100 000 ba lulang moo—e leng palo e imenneng habeli ha ho bapisoa le kamoo ho neng ho lumeloa kateng pele—ba baleha lapeng. Ka lebaka leo, ngoana a le mong ho ba supileng o hlaseloa ke pefo kapa o hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali.
Motsamaisi ea ka sehloohong oa Mokhatlo oa Bana, Ian Sparks, o re: “Ha bana ba ikutloa e le lipulumo tsa seema-nosi ba bile ba qheleloa thōko, ho baleha lapeng ho ka bonahala e le mofuta o mong oa tharollo,” ’me oa phaella: “Taba ena e ama bana ba limelo tsohle—bana ba ka baleha mahaeng a majabajaba joalokaha ba ka ’na ba baleha mahaeng a futsanehileng.”
Ho hlokomela bana le ho ba koetlisa ke boikarabelo bo boima. Thuso e fumaneha hokae? Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e reretsoe ho finyella tlhoko ena. Likhaolo tsa eona tse 16 li akarelletsa lihlooho tsena: “Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng,” “Thusa Mocha oa Hao ho Atleha” le se reng, “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang.” Likhaolo tsohle tse 16 tsa buka ena li fana ka keletso e sebetsang ’me, habohlokoa le ho feta, li sebelisa Bibele joaloka mohloli oa bohlale bo phahametseng ba rōna.
U ka ’na ua kōpa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase le ho se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Ka kōpo nthomelleng buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.