Bana ba Lokela ho Lauoa Joang?
Koranta ea Canada ea National Post e re: “Mathata a hlaha ha bana ba bolelloa hore baa ratoa ho sa tsotellehe hore na ba etsa eng.” Batsoali ba bang ba lumela hore ho bolella bana sena ho etsa hore ba itšepe. Leha ho le joalo, ho latela setsebi sa kelello, Roy Baumeister, “ho itšepa haholo ho loketse feela ha ho thehiloe katlehong ea sebele, empa batsoali ba lokela ho tsepamisa mohopolo ho ruteng bana ho ba le boitšoaro.”
Motsoali ea tšabang ho khalemela ngoana oa hae ha a nkile mohato o fosahetseng oa mo lematsa. Etsoe khalemelo ke mofuta oa taeo. E ruta ngoana ea fositseng hore a qobe ho pheta liphoso. Ke ’nete hore batsoali ha baa lokela ho khalemela bana ka tsela e sehlōhō le e fetelletseng ha e bapisoa le seo bana ba se entseng. (Jeremia 46:28) Ba lokela ho etsa bonnete ba hore khalemelo hase e feteletseng. Bibele e re: “Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.
Ka Bibeleng, ka linako tsohle khalemelo e amahanngoa le lerato le bonolo, eseng bohale le sehlōhō. Moeletsi ea nang le tsebo o lokela ho ba ‘bonolo ho bohle, . . . a lule a ithibile bobeng, a rupele ka bonolo ba ratang ho hanyetsa.’ (2 Timothea 2:24, 25) Ka hona, khalemelo ea batsoali ha e-ea lokela ho ba ea hore feela ba ntše bohloko. Ha ho moo Bibele e lumellanang teng le ho sebelisa mekhoa e ka lematsang ngoana.
Ba limilione lefatšeng ka bophara ba ruile molemo bukeng e maqephe a 192 ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Har’a tse ling tsa likhaolo tse rutang tsa eona ke tse nang le lihlooho tse reng: “Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng” le se reng “Thusa Mocha oa Hao ho Atleha.” Ho iphumanela ea hao, ka kōpo tlatsa setlankana se ka tlaase le ho se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena. U tla fumana litlhahiso tse tobileng tse ka thusang ho rarolla mathata le ho etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabileng joalokaha ’Mōpi a rerile hore ho be joalo.
□ Ka kōpo ntlisetseng buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.