Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 12/8 maq. 16-18
  • Ke Lokela ho Sebetsana Joang le Batho ba Halefileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lokela ho Sebetsana Joang le Batho ba Halefileng?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Khalefo Kateng
  • Bonolo—Bofokoli Kapa Matla?
  • Mehlala ea Bibele ea Bonolo
  • “U Itsamaele”
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Abigaile le Davida
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Temohisiso ea Motho e Liehisa Bohale ba Hae”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 12/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Lokela ho Sebetsana Joang le Batho ba Halefileng?

“O ne a tuka ke bohale. Mohlomong o bone hore ke monyenyane, kahoo o ne a batla ho nkotla. Nakong eo ke ntseng ke checha ka santhao, ke ile ka re: ‘Ak’u butle! Ak’u butle! Ak’u butle hanyenyane! Ke hobane’ng ha u batla ho nkotla? Ha kea u etsa letho. Ha ke tsebe le ho tseba hore na u halefisitsoe ke eng. Na re ka buisana ka hona?’”—David ea lilemo li 16.

NA U kile ua halefeloa ke ’mampoli? Bibele e ile ea bolela esale pele hore kajeno batho e tla ba ba “bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.” (2 Timothea 3:3) ’Me le hoja e ka ’na eaba u entse sohle se matleng a hao hore u se be le “setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale . . . , ea tlakolohang ka bohale,” ho ka ba le linako tseo ka tsona u ke keng ua qoba batho ba halefileng. (Liproverbia 22:24) Ke eng seo u lokelang ho se etsa ha u iphumana u le boemong bo joalo?

Kamoo U ka Sebetsanang le Khalefo Kateng

Bacha ba bangata kajeno ba ka arabela ka khalefo. Empa ho etsa joalo ho mpa feela ho totisa bohloko. Ho feta moo, ho sitoa ho itšoara ho tla etsa hore le uena u halefe. Liproverbia 26:4 e re: “U se ke ua araba mang kapa mang ea hlokang kelello ho ea ka booatla ba hae, e le hore u se ke ua tšoana le eena.” Jeremy e monyenyane o ithutile bonnete ba mantsoe ana ka tsela e bohloko. O sa hopola a lutse tafoleng ea lijo tsa motšehare sekolong, o re: “Ho ne ho e-na le sehlopha sa bashemane ba neng ba tloaetse ho somana le ho soma batho ba bang. Ba ne ba atisa ho bua ka ’na. Hangata ke ne ke iphapanyetsa lipuo tsa bona. Leha ho le joalo, ha e mong oa bona a qala ho bua ka ’Mè, ke ile ka sitoa ho itšoara ’me ka mo fofela ke halefile haholo.” Phello e bile efe? Jeremy o re: “O ile a nkotla habohloko.”

Bibele e fana ka keletso ena e bohlale: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) E, ho arabela motho ea halefileng ka “lentsoe le utloisang bohloko” ho mpa ho mpefatsa boemo. Leha ho le joalo, karabo e bonolo hangata e etsa hore ho be le khutso ’me e felisa tsitsipano.

Hopola David, ea boletsoeng qalong. O ile a etsa hore ’mampoli a mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha a ne a halefile. Ho ile ha fumaneha hore ho na le motho ea neng a utsoitse lijo tsa ’mampoli eo tsa motšehare, ’me o ile a ntšetsa malokobe ho motho oa pele eo a ileng a teana le eena. David o ile a re: “Ho nkotla ho ke ke ha u buseletsa lijo tsa hao tsa motšehare.” Eaba o re a ee le eena phaposing ea ho jela. David oa hopola: “Kaha ke ne ke tseba morekisi, ke ile ka khona ho mo fumanela lijo tse ling. O ile a ntšoara ka letsoho, ’me ho tloha ka nako eo a ba mosa ho ’na.” Na u bona kamoo mantsoe a bonolo a ka bang matla kateng? Joalokaha Liproverbia e bolela, “leleme le bonolo le ka roba lesapo.”—Liproverbia 25:15.

Bonolo—Bofokoli Kapa Matla?

Ke ’nete hore mohopolo oa ho ba le “leleme le bonolo” ha o utloahale o ipiletsa. Ho loantša khalefo ka khalefo ho ka bonahala e le pontšo ea matla le bonna. U ka ’na ua nahana hore haeba u le bonolo, ba bang tla nahana hore ua fokola. Ha e le hantle ho ba bonolo ho bolela’ng? Ho latela buka e ’ngoe ea litšupiso, ho ba bonolo ho bolela ho ba mosa. Leha ho le joalo, buka eona ena e tsoela pele ka ho re: “Mosa o joalo o bontša matla a maholo.” Kahoo, ho e-na le hore e be pontšo ea bofokoli, mosa e ka ba pontšo ea bonatla. Joang?

Ha e le hantle, motho ea bonolo oa itšoara ’me ha a felloe ke botsitso habonolo. Ka lehlakoreng le leng, motho ea seng bonolo o bonahala a sa sireletseha, a tsielehile kapa a feletsoe ke tšepo. Ebile o hloka boitšoaro. Kahobane ha a khone ho laola maikutlo a hae, a ka iphumana a qhoebeshana le ba bang khafetsa . E, “motho ea sa thibeng moea oa hae, o joaloka motse o thuhiloeng, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:28) Ka sebele, motho ea bonolo ke eena ea matla!

Mehlala ea Bibele ea Bonolo

Ak’u nahane ka Jesu Kreste. O ile a itlhalosa e le ea ‘maikutlo a bonolo le ea ikokobelitseng pelong.’ (Matheu 11:29) Ha ho mohla a kileng a ba sehlōhō kapa a hloka kahlolo e molemo, a phetetsa bobe ka bobe. Ha e le hantle, motsoalle oa Jesu, moapostola Petrose o ile a re: “Ha [Jesu] a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:23) Leha ho le joalo, hopola hore Jesu eena enoa o ile “a kena ka tempeleng a phahla bohle ba rekisang le ba rekang.” (Matheu 21:12) Haeba a ne a hloka tšehetso ea Molimo, Jesu a ka be a ile a ipiletsa ho “lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi”! (Matheu 26:53) Che, ho hang o ne a sa fokole.

Ak’u boele u nahane ka mohlala oa Moahloli Gideone, joalokaha o tlalehiloe ka Bibeleng ho Baahloli 8:1-3. Ka mor’a tlhōlo e khōlō ea sesole, masole a mang a leloko la Efraime a ile a khopeha hobane a ne a e-na le maikutlo a hore ha aa fuoa monyetla oa ho kopanela ntoeng. A ile a belaela ka ho re: “Ke ntho ea mofuta ofe eo u re entseng eona ka ho se re bitse ha u il’o loantša Bamidiane?” “Eaba ba leka ka matla ho qalisa qabang le eena.” Gideone o ne a le ‘matla, a le sebete.’ (Baahloli 6:12) A ka be a ile a ba befela ha ba mo halefela. Ho e-na le hoo, o ile a arabela ka tsela e bonolo le e ileng ea khutsisa banna bao ba lihlooho li chesang. Gideone o ile a ba botsa a re: “Joale ke entse’ng ha ho bapisoa le lōna?” Phello ea karabelo eo e bonolo e bile efe? ‘Moea oa bona oa kokobela mabapi le eena.’

Qetellong, ak’u nahane ka mohlala oa Bibele oa mosali ea bitsoang Abigaile. Davida e ne e le moleleri ha a ipatela sera sa hae Saule, morena oa Iseraele. Le hoja banna ba Davida ba ne ba lelekiloe naheng ea habo bona, ba ne ba atisa ho sireletsa Baiseraele ba habo bona. Monna e mong eo ba ileng ba mo thusa ke Nabale, monna oa Abigaile, monna ea ruileng haholo. Leha ho le joalo, Nabale o ne a le “thata ebile a le liketso li mpe.” Ha banna ba Davida ba ne ba hloka lijo, ba ile ba kōpa lijo ho Nabale. Ho e-na le hore a lebohe lebotho la Davida ha le mo sirelelitse, Nabale ‘o ile a omanya’ manģosa a Davida ’me a a khutlisetsa morao a sa a fa letho.—1 Samuele 25:2-11, 14.

Ka mor’a hore a utloe sena, Davida o ile a halefa ’me a laela banna ba hae a re: “E mong le e mong a hlomele ka sabole ea hae!” Davida le banna ba hae ba ne ba le tseleng ho ea bolaea Nabale le banna kaofela ba se nang molato ba ntlo ea hae ha Abigaile a kena lipakeng. Ha a teana le Davida o ile a mo fa lijo le lino tse ngata. O ile a kōpa tšoarelo ka lebaka la boitšoaro ba monna oa hae bo sa lokang ’me a kōpa Davida hore a qenehele bophelo ba ba se nang molato.—1 Samuele 25:13, 18-31.

Kōpo eo Abigaile a ileng a e etsa ka boikokobetso e ile ea leleka khalefo ea Davida. Ka sebele, ka mor’a hore a elelloe kamoo a neng a tuka bohale kateng, Davida o ile a re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao, ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali le ho etsa hore letsoho la ka le mpoloke.” (1 Samuele 25:32-35) E, hangata ‘karabo ha e le bonolo’ e leleka khalefo ea ba bang. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba karabo ea hao e bonolo e sa be le phello e joalo?

“U Itsamaele”

U ka qoba ho eketsa patsi mollong o tukang ka hore u itsamaele. Bibele e re: “Moo ho se nang patsi mollo oa tima.” E boetse e fana ka keletso ena: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” (Liproverbia 17:14; 26:20) Merissa ea lilemo li 17 o itse: “Moshemane e mong ea ratoang ke bohle sekolong o ile a tla ho ’na a batla ho qoqa. O ile a mpolella hore ke motle. Ka ho panya ha leihlo, kharebe ea hae ea tla ho ’na e tuka ke bohale. E ile ea nqosa ka hore ke bonya le mohlankana oa eona ’me e batla ho ntoantša! Ke ile ka leka ho e bolella se etsahetseng, empa ha ea ka ea mamela. Ha sekolo se tsoa e ile ea tla e tsamaea le banana ba bang ba tlil’o nkotla! Ke ile ka balehela ho molebeli, ’me ka hlalosetsa ngoanana eo ea halefileng hore ha ke loane le hore mohlankana oa hae ke eena ea ileng a tla ho ’na. Ka mor’a moo ke ile ka itsamaela.” Merissa ha aa ka a lumella maikutlo a hae ho mo laola. Ha aa ka a qoba ntoa feela empa o ile a boela a nka mehato ea ho itšireletsa. Joalokaha Liproverbia 17:27 e bolela, “mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo, ’me motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.”

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba e le uena ea halefisitseng motho e mong—mohlomong e se ka boikemisetso? Kōpa tšoarelo, ’me u etse joalo kapele! Ho ka etsahala hore e be sona feela seo ho hlokahalang hore u se etse ho leleka khalefo ea motho e mong. Tsena ke linako tse hatellang, ’me batho ba bangata ba halefa habonolo. Empa haeba u sebelisa melao-motheo ea Bibele litšebelisanong tsa hao, u ka qoba hore motho e mong a u halefele.

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

“Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ka linako tse ling u tlameha ho itsamaela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela