Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 12/8 maq. 20-25
  • Bophelo bo Rarahaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Rarahaneng
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fela ha Mefuta e sa Tšoaneng
  • Seoa sa ho Fela ha Lihloliloeng ka Potlako
  • Na re Hloka Mefuta ee Eohle ea Lihloliloeng?
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • Batho Khahlanong le Tlhaho
    Tsoha!—2001
  • Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng
    Tsoha!—1997
  • Lebaka Leo ka Lona Mefuta e Itseng e Leng Kotsing
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 12/8 maq. 20-25

Bophelo bo Rarahaneng

“Lintho tse fapa-fapaneng tse teng bophelong ke tsona tse re sireletsang. Bophelo ba rōna le mokhoa oa rōna oa ho iphelisa li itšetlehile ka tsona.”—Lenaneo La Machaba A Kopaneng La Tikoloho.

HO NA le lintho tse ngata tse phelang lefatšeng, ’me li fapane haholo. Poleloana e reng “mefuta-futa ea lihloliloeng” e bolela mefuta ea lintho tsohle tse phelang lefatšeng, ho tloha ho lintho tse nyenyane joaloka baktheria ho ea fihla lifateng tse khōlō ka ho fetisisa, ho tloha ho linonometsane ho ea ho lintsu.

Lintho tsena tsohle tse phelang tse fapaneng lefatšeng ke karolo ea bophelo ba lintho tse tlamahaneng ka matla, tse ling li itšetlehile ka tse ling ho akarelletsa le lintho tse sa pheleng. Bophelo bo itšetlehile ka metsoako ea lintho tse sa pheleng tse kang tikoloho ea lefatše, maoatle, metsi a hloekileng, mafika le mobu. Lintho tsena ha li kopana li bitsoa bophelo le tikoloho, ’me batho ke karolo ea bohlokoa ea tsona.

Mefuta-futa ea lihloliloeng e akarelletsa libaktheria tsohle le likokoanyana tse nyenyane haholo. Tse ngata tsa tsona li tsejoa ka ho phetha mesebetsi ea bohlokoa ea lik’hemik’hale e etsang hore tikoloho le lintho tse phelang ho eona li tsoele pele li sebetsa. Mefuta-futa ea lihloliloeng, kapa bophelo bo rarahaneng, e boetse e akarelletsa limela tse tala tse hlahisang oksijene ka tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo, li monya matla a letsatsi le ho a boloka e le tsoekere, e leng mohloli oa matla bakeng sa lintho tse ngata tse phelang.

Ho Fela ha Mefuta e sa Tšoaneng

Ka masoabi, ho sa tsotellehe botle le ho se tšoane ha lintho tse phelang, bafuputsi ba bangata ba re motho ke eena ea felisang mefuta-futa ea lihloliloeng ka lebelo le tšosang. Ka litsela life?

◼ Ho senngoa ha libaka tseo li phelang ho tsona. Ena ke eona tšenyo e ka sehloohong. E akarelletsa ho rema lifate, ho epa merafo, ho rema lifate bakeng sa ho etsa makhulo a likhomo, le ho haha matamo le litsela tse khōlō libakeng tseo e kileng ea e-ba lefeella. Ha libaka tsena li ntse li fokotseha, lintho tse phelang li lahleheloa ke mehloli e li thusang hore li tsoele pele li phela. Ho qalikanngoa limela tse libakeng tsa tlhaho, lia fokotsoa, ebile lia felisoa. Li khaohanngoa ke litselana tsa maoto tsa batho ba fallang. Ho fapa-fapana ha liphatsa tsa lefutso hoa fokotseha. Lintho tse phelang moo li hlaseloa ke mafu le lintho tse ling tse li hatellang. Ka hona, butle-butle mefuta-futa ena ea lihloliloeng ea shoa.

Ho timela ha mefuta e itseng ho ka ba ha etsa mofela linthong tse ling hobane ha karolo e ’ngoe tlamahanong ena ea bophelo e timela, likarolo tse ling lia ameha. Ho timela ha mefuta e ka sehloohong e hlokahalang bakeng sa ho ntšetsa pele bophelo ba e meng—joaloka lintho tse jalang peō e phofo ea limela—ho ka ama mefuta e mengata.

◼ Mefuta e tlisoang sebakeng seo e seng sa eona. Ha batho ba tlisa mefuta e itseng libakeng lisele, mefuta eo e ka ’na ea ja sebaka sa mefuta e hlahetseng moo. E ka ba ea fetola tikoloho eo hoo e ka suthisang mefuta ea moo ho sa bonahale, kapa ea tla le mafu ao mefuta e hlahetseng moo e sitoang ho itoanela ho ’ona. Haholo-holo lihlekehlekeng moo mefuta ea teng e ’nileng ea phela e le meng nako e telele e sa kopane le e meng, e ka hlōleha ho tloaela boemo bo bocha kapa ho tsoela pele e phela.

Mohlala ke bolele “bo bolaeang,” Caulerpa taxifolia, bo senyang mefuta e meng ea lintho tse phelang Leoatleng la Mediterranean. Bo ile ba fihla ka phoso lebōpong la Monaco, hona joale bo qalile ho nama botlaaseng ba leoatle. Bo chefo, ’me ha ho tsejoe letho le ka bo felisang. Alexandre Meinesz, moprofesa oa baeloji ea leoatleng Univesithing ea Nice, Fora, o re: “E ka ’na eaba re bona qaleho ea tšenyeho ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona.”

◼ Tšoaro e mpe. Sena se entse hore lintho tse ’maloa tse phelang li timele. Mohlala oa sebele ke mofuta oa leeba le bitsoang passenger. Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, e ne e le tsona linonyana tse ngata ka ho fetisisa Amerika Leboea. Ha li ne li falla—ka bongata ba limilione tse likete kapa ho feta—li ne li fifatsa sepakapaka matsatsi a ’maloa. Leha ho le joalo, bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, li ne li se li tsonngoe hoo li neng li le makhatheng a ho fela, ’me ka September 1914, leeba la ho qetela la mofuta oa passenger le ile la shoa sebakeng sa polokelo ea liphoofolo, Cincinnati. Ka ho tšoanang, nare ea Amerika e fumanehang Lithoteng tse Khōlō tsa teng e ile ea tsongoa hoo ho ileng ha sala hanyenyane hore e timele.

◼ Keketseho ea palo ea baahi. Palo ea baahi bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo e ne e le limilione tse sekete. Hona joale, ka mor’a lilemo tse 150 ha baahi ba se ba le limilione tse likete tse tšeletseng, batho ba qala ho ipotsa hore na e se be ba kotsing ea ho ba bangata ho feta mehloli ea lintho tse ba thusang ho phela. Selemo ka seng ha palo ea baahi e ntse e eketseha, mefuta-futa ea lihloliloeng e timela ka lebelo le tšosang.

◼ Tšokelo ea ho futhumala ha lefatše. Ho latela Moifo oa Mebuso e Fapaneng Tabeng ea Phetoho ea Boemo ba Leholimo, ho ka etsahala hore mocheso o eketsehe ka likhato tse 3,5 tsa Celsius lekholong lena la lilemo. Ena e tla ba keketseho e khōlō hoo mefuta e meng e phelang e tla sitoa ho tsoela pele e phela. Ho latela bafuputsi, ho bonahala ho futhumala ha metsi e le sona sesosa sa ho shoa ha mepopotlo ea mahoholi a leoatle (e leng ’ona a tšehelitseng bophelo ba lihloliloeng tse fapa-fapaneng tse phelang leoatleng).

Bo-rasaense ba bolela hore ha leoatle le ka phahama ka mithara e le ’ngoe feela, hoo ho ka timetsa karolo e khōlō ea libaka tse mongobo tse pel’a lebōpo, e leng lehae la mefuta-futa ea lihloliloeng tse ngata. Ho lumeloa hore ho futhumala ha lefatše ho ka ’na ha ama Greenland le Liqubu tsa Leqhoa tse Ntlheng e ka Boroa ea Lefatše. Haeba libaka tsena li ne li ka qhibiliha, ho ne ho tla latela koluoa tikolohong eo.

Seoa sa ho Fela ha Lihloliloeng ka Potlako

Mefuta ea lihloliloeng e timela ka lebelo le lekae? Likarabo tsa potso eo ha lia tsitsa. Boholo ba se timelang bo sa ntse bo sa tsejoe ke bo-rasaense. Pele, ba tla tlameha ho tseba hore na ho na le mefuta e mekae. Ho latela se boletsoeng ke John Harte, setsebi sa thuto ea lihloliloeng le tikoloho ea tsona Univesithing ea California, Berkeley, “ho na le mefuta ea lihloliloeng lefatšeng e ka bang milione le halofo, empa rea tseba hore ho na le mefuta e mengata e sa tsejoeng, ’me palo ea teng ha e feletse e ka ’na ea e-ba pakeng tsa limilione tse 5 ho ea ho tse 15.” Ba bang ba hakanya hore ho na le mefuta e limilione li 50 kapa ho feta. Ho latela rasaense Anthony C. Janetos, ho ke ke ha khoneha hore palo e lekanyetsoang e be e nepahetseng hobane “bongata ba eona e timela le pele e ka tsejoa le ho hlalosoa.”

Saense ea kajeno e sa tsoa qala ho utloisisa ka ho feletseng ho rarahana ha tšebetso ea lihloliloeng le tikoloho ea tsona e bolokang lintho tsa tlhaho li sebetsa hantle. Haeba batho ba sa tsebe hore na ke mefuta e mekae ea lihloliloeng e teng, ba ka utloisisa ho rarahana ha bophelo joang le hore na bo angoa joang ke ho timela hoo e tjamelaneng le hona? Ba ka bolela joang hore na ho nyamela ha mofuta o itseng ho ka bolela eng mehloling e tšehetsang tsohle tse phelang lefatšeng?

Ha bo-rasaense ba leka ho lekanya hore na e ka fela ka lebelo le lekae, likhakanyo tsa bona le hoja li sa tšoane, hangata lia nyahamisa. Sengoli se seng se itse: “Karolo e ka etsang 50 lekholong ea limela tsa lefatše le liphoofolo e ka ’na ea fela lilemong tse lekholo.” Ponelo-pele ea Harte e lerootho le ho feta: “Litsebi tsa baeloji li hakanya hore ho senngoa ha meru ea linaheng tse chesang tse mongobo ho tla felisa halofo ea lihloliloeng lefatšeng, kapa ho feta, lilemong tse 75 tse tlang.”

E itšetlehile ka lipalo tse boletsoeng ke rasaense Stuart Pimm oa Univesithi ea Tennessee, National Geographic e re “karolo ea 11 lekholong ea linonyana, kapa mefuta e 1 100 mefuteng e ka bang 10 000 e teng lefatšeng, e mothating oa ho timela; ha ho na bonnete ba hore boholo ba mefuta ena e 1 100 e tla be e ntse e phela ha [lekholo la bo21 la lilemo] le fela.” Makasine eona eo e itse: “Sehlopha sa litsebi tsa lirapa tsa pokello ea limela se hlomphehang se sa tsoa tlaleha hore semela se le seng ho tse robeli se kotsing ea ho timela. Pimm o re: ‘Hase feela limela tse lihlekehlekeng kapa merung e lulang e le metala, kapa liphoofolo tse anyesang tse hapang tlhokomelo. Ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hona libakeng tsohle. . . . Ke seoa sa ho fela ha lihloliloeng ka potlako lefatšeng lohle.’”

Na re Hloka Mefuta ee Eohle ea Lihloliloeng?

Na ho na le lebaka la hore re amehe ka ho timela ha mefuta-futa ea lihloliloeng? Na ka sebele re hloka mefuta e sa tšoaneng ea lihloliloeng? Litsebi tse ngata tse hlomphuoang li tsitlella hore ho joalo. Mefuta-futa ea lintho tse hlahisoang ke lefatše e fa batho lijo, lik’hemik’hale tsa bohlokoa le lihlahisoa tse ling hammoho le mesebetsi. Nahana hape ka melemo eo e ka ’nang eaba e fuperoe ke mefuta e e-song ho ka e sibolloa bakeng sa batho. Ka mohlala, ho hakantsoe hore meriana e 120 ho e 150 e thethefatsang, e sebelisoang haholo ke lingaka United States, e tsoa metsoakong ea tlhaho. Ka hona, ha limela li nyamela lefatšeng, batho le bona ba lahleheloa ke monyetla oa ho fumana meriana e mecha le lik’hemik’hale. Sir Ghillean Prance, mookameli oa Kew Gardens London o re: “Nako le nako ha mefuta e itseng e timela, re lahleheloa ke menyetla ea ka moso. Re lahleheloa ke monyetla oa ho fumana se ka phekolang AIDS, kapa semela se neng se ka thusa ho loantša livaerase. Ka lebaka leo, re lokela ho emisa tahlehelo ea limela ka tsela e itseng, eseng feela bakeng sa lefatše la rōna empa le bakeng sa . . . litlhoko tsa rōna.”

Re boetse re hloka tikoloho ea tlhaho e tla fana ka litšebeletso tsa bohlokoa tseo lintho tsohle tse phelang li itšetlehileng ka tsona. Ho hlahisa oksijene, ho hloekisa metsi, ho hloekisa lintho tse silafatsang le ho thibela khoholeho ea mobu kaofela ke mesebetsi ea bohlokoa e etsoang ke tikoloho ea tlhaho e boemong bo botle.

Likokoanyana li jala peō ea limela e phofo. Linqanqana, litlhapi le linonyana li fokotsa likokoanyana tse senyang; likhofu le lintho tse ling tsa metsing li hloekisa metsi ao re a sebelisang; limela le likokoanyana tse ke keng tsa bonoa ntle ho mochine o hōlisang ponahalo ea lintho li haha mobu. Mesebetsi ena kaofela ke ea bohlokoa haholo moruong. Ho latela theko ea 1995, khakanyo e itekanetseng ea chelete e tlisoang ke mefuta-futa ea lihloliloeng lefatšeng ka bophara e ka ba liranta tse libilione tse 24 ka selemo.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho itšetleha ha rōna ka mefuta-futa ea lihloliloeng, ho bonahala lefatše le le mothating oa ho fela ha lihloliloeng ho sokelang bophelo bona bo rarahaneng. Nakong ena ea joale moo re qalang ho utloisisa bohlokoa ba mefuta-futa ea lihloliloeng, batho ba e timetsa ho feta leha e le neng pele! Leha ho le joalo, na motho o boemong ba ho rarolla bothata boo? Bokamoso bo tšoere eng bakeng sa lihloliloeng tse fapa-fapaneng tse lefatšeng?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Bophelo ke ba Bohlokoa Hakae?

Lipuisano tsohle tse bileng teng ka bohlokoa ba ho ba le mefuta-futa ea lihloliloeng li ka bonahala li fana ka maikutlo a hore re lokela ho hlokomela lintho tse ling tse phelang hafeela li re tsoela molemo. Ba bang ba nka hore monahano o joalo o sekametse lehlakoreng le le leng. Niles Eldredge, setsebi sa saense e amanang le nako ea mesaletsa ea lintho tsa khale, o bua ka bohlokoa ba motheo boo bophelo bo nang le bona: “Rōna batho re boetse re ananela lintho tse ling tse phelang tse re pota-potileng—mefuta e metle, e khahlang mahlo, libaka tse ntle tsa tlhaho tse e-s’o ka li senngoa—ka lebaka la bohlokoa ba tsona bo boholo. Ho na le ho itseng ka hare ho rōna ho etsang hore re lemohe hore re amana le lefatše lena la tlhaho le hore re ba le khotso le thabo neng kapa neng ha re le ho lona.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Lethathamo la Tse Kotsing

“Lethathamo la Tse Kotsing” le hatisoa ke Mokhatlo oa Machaba oa Paballo ea Tlhaho le Lirafshoa, e leng mokhatlo o hlahlobisisang boemo ba lintho tse phelang tse kotsing. Lintho tse ’maloa tseo bophelo ba tsona bo leng kotsing tse ngotsoeng “Lethathamong la Tse Kotsing” selemong sa 2000 li bontšitsoe leqepheng lena:

Nonyana ea wandering albatross (Diomedea exulans)

Ona ke o mong oa mefuta e 16 ea linonyana tsa albatross tse nkoang li le kotsing lefatšeng ka bophara. Ho boleloa hore tse ngata tsa tsona li khangoa ke metsi ka mor’a hore ka phoso li tšoasoe ke maraba a chehiloeng matlooeng a likepe tse chehang litlhapi.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by Tony Palliser

Tšoene e maoto a mafubelu ea mofuta oa douc langur (Pygathrix nemaeus)

Ona ke mofuta oa tšoene e ntle ea Asia e fumanoang Vietnam ka boroa-bohareng le likarolong tse ling tsa Laos. E kotsing ea ho timetsoa ke ho senngoa ha tikoloho le ho tsongoa. E tsomeloa ho jeoa le bakeng sa litho tse ling tsa eona tse sebelisoang e le motsoako oa ho etsa meriana ea lingaka tsa setso.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by Bill Konstant

Khofu ea Corsica (Helix ceratina)

Sebaka seo khofu ena e kotsing ka ho fetisisa e lulang ho sona ke lihekthere tse 7 feela motseng oa Ajaccio, lebōpong le ka boroa-bophirimela la Corsica. Bophelo ba eona bo kotsing ka lebaka la mosebetsi oa ntšetso-pele o akarelletsang ho hahoa ha boema-fofane le litsela tse eang lebōpong la leoatle.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by G. Falkner

Semela sa golden pagoda (Mimetes chrysanthus)

Palesa ena e ntle e sibolotsoe ka 1987 Kapa Bophirimela, Afrika Boroa. Mello e hlaha e bang teng khafetsa sebakeng seo palesa ena ea golden pagoda e melang ho sona, le ho hlaha ha mefuta e chefo ea limela tseo e seng tsa sebaka seo, li beha semela sena kotsing kamehla.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo by Craig Hilton-Taylor

Sawfish e phelang metsing a hloekileng (Pristis microdon)

Tlhapi ena e kotsing e fumaneha leoatleng la Indian le la Pacific Bophirimela, hammoho le likoung tse haufi, moo linōka li kenang leoatleng teng le linōkeng. E tšoaseha habonolo ka ho fetisisa ’me palo ea tsona e fokotsehile haholo. E boetse e kotsing ea ho lahleheloa ke tikoloho ea eona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo courtesy of Sun International Resorts, Inc.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho Timetsa Lintho Tse Phelang Leoatleng

Matlotlo a maoatle a kileng a nkoa a le mangata hoo a ke keng a fela a bonahala a ntse a nyamela. Niles Eldredge, setsebi sa saense e amanang le nako ea mesaletsa ea lintho tsa khale, ha a ngola makasineng ea Natural History, o hlalosa mehato e nkiloeng ka ho tlatlapa lintho tse maoatleng, o re: “Theknoloji ea kajeno e entse hore likepe tse tšoasang litlhapi li atlehe hoo sebaka se seholohali se tlaase leoatleng se siuoang se se na letho ka tsela e tšoanang le ea ha ho rengoa meru. Leha ho le joalo, eona theknoloji ena e baka tšenyo e tšabehang; likolopata tsa metsing le liqibi, hammoho le mefuta e meng e ke keng ea rekisoa ea litlhapi, hammoho le tse ling tse se nang lesapo la mokokotlo, lia shoa nako le nako ha ho huloa letlooa kapa leraba le li chehileng.”

Makasine ea National Geographic ha e bua ka seo e se bitsang “ho tšoasa mofuta oa tlhapi ea shrimp ho senyang,” e hlalositse hore “Koung ea Leoatle [haufi le Texas, U.S.A.] ho ka timetsoa litlhapi tse etsang boima ba liponto tse 12 [hoo e ka bang lik’hilograma tse tšeletseng]—boholo e le litlhapi tse nyenyane—bakeng sa ho fumana tlhapi ea shrimp e etsang boima ba ponto feela [hoo e ka bang halofo ea k’hilograma].” Ho boleloa hore litlhapi tsena tse ling hammoho le tse ka har’a likhaketlana ke tse tšoasitsoeng ka phoso. Setsebi se phahameng sa baeloji se ile sa tletleba: “Ka karolelano, litlhapi tse tšoasoang ka phoso li ’nè bakeng sa e le ’ngoe e batloang.” Hase feela maoatle a rōna a fetohileng sebae sa polao ea mefuta e mengata tjena ea lintho tse phelang tse leng kotsing!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

Bophelo bo Ipatileng Merung

Meru ea polanete ea rōna e tletse lintho tse ngata haholo tse phelang, ho kopanyelletsa le mefuta eo e leng hona batho ba tla e sibolla. John Harte, setsebi sa saense ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, o itse: “Meru e libakeng tse chesang le tse mongobo e koahela karolo e ka tlaase ho karolo ea bobeli lekholong ea polanete ena empa leha ho le joalo, ke lona lehae la bonyane mefuta e ka etsang karolo ea 50 lekholong, mohlomong ho ea ho 90 lekholong ea mefuta eohle e teng lefatšeng. Khakanyo ena e phahame hobane ho itšetlehiloe ka khopolo ea hore mefuta e mengata eo e leng hona e tla sibolloa e tla ba ea libakeng tse chesang tse mongobo, kaha tlhahlobo ea lintho tse phelang libakeng tse mongobo, tse chesang, e bile mabal’a nkoe feela. Leha ho le joalo, libaka tse ling le tsona ha li e-s’o ka li hlahlojoa ka ho feletseng, ’me ha ho pelaelo hore li na le mefuta e mengata eo saense e sa e tsebeng kajeno. Har’a tsona ke libaka tse merung e nang le mocheso le mohatsela tse itekanetseng, tse kang meru ea khale e mongobo e Pacific Leboea-bophirimela ea United States.”

Joale ke mang ea ka tsebang hore na motho o letetsoe ke limakatso tse kae haeba a ka fumana monyetla oa ho hlahlobisisa lintho tse phelang tse ipatileng merung?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Mofuta oa leeba le bitsoang “passenger” ha o sa fumaneha

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./Luther C. Goldman

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela