Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 12/8 leq. 32
  • Likarabo li ka Fumanoa Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likarabo li ka Fumanoa Hokae?
  • Tsoha!—2001
Tsoha!—2001
g01 12/8 leq. 32

Likarabo li ka Fumanoa Hokae?

Sena ke seo batho ba bangata ba ipotsang sona kajeno. Mosuoe e mong Novosibirsk, Russia, o ile a hlokomela hore ha ho bonolo ho fumana likarabo tsa lipotso tseo barutoana ba hae ba li botsang ka Molimo le bolumeli. O ile a hlalosa tjena lengolong:

“Ka letsatsi le leng ha ke fihla hae, ke ile ka fumana ho siiloe pampitšana e nang le sehlooho se reng, ‘Lebaka la Hore U Tšepe Bibele.’ Ke ruta histori sekolong, ’me hangata ke tšohla le barutoana litaba tse amanang le kereke, Bibele le Molimo. Ka linako tse ling ho thata haholo ho fumana likarabo tsa lipotso tseo bana bana ba li botsang.

“Pele, ke ne ke nahana hore batho ba atamela Molimo feela ha ba e-na le mathata. Empa hona joale ke kholisehile hore sena hase ’nete. Motho o boetse oa ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha see se ntlhahetse? ’Na ke mang? Ke tsoa hokae? Ke ea hokae ha ke e-shoa?’ Ke habohlokoa ho fumana likarabo tsa lipotso tsena. Ho bonahala Bibele e fana ka likarabo tse kholisang.”

Mosuoe eo o ile a phetha ka ho re: “Ke ngotse lengolo lena hobane ke batla ho tseba ho eketsehileng ka Bibele le ka Molimo.”

Lipaki tsa Jehova li lebisa batho Bibeleng bakeng sa likarabo tsa lipotso tsa bona. Nahana ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Likhaolong tsa eona tse 19 ho na le tse nang le lihlooho tse reng: “Molimo oa ’Nete ke Mang?,” “Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re E-shoa?,” le se reng, “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?” U ka kōpa ho romelloa buka ena e maqephe a 192 e thusang ho ithuta Bibele ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase le ho se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela