Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 1/8 maq. 20-22
  • Lijo Tse Sireletsehileng Bakeng sa Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lijo Tse Sireletsehileng Bakeng sa Bohle
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lijo Tse Phethahetseng Tse Tsoang ho ’Mōpi
  • Haufinyane—Batho Bohle ba Tla Fumana Lijo Tse Nang le Phepo!
    Tsoha!—2012
  • Na U ja Hantle Moeeng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lijo Tse Lekaneng Bakeng sa Bohle!
    Tsoha!—1995
  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 1/8 maq. 20-22

Lijo Tse Sireletsehileng Bakeng sa Bohle

HO JA lijo tse hloekileng hoa thabisa. Empa joalokaha re bone, hase kamehla lijo tse joalo li fumanehang habonolo. Ho hobe le ho feta, ho na le batho ba limilione ba boemong bo sa ba lumelleng ho khetha hore na lijo tseo ba li jang li sireletsehile ka ho lekaneng kapa hona hore li haha ’mele. Ba amehile feela ka ho fumana lijo tse lekaneng hore ba tsoele pele ba phela. Na ebe Molimo o ne a rerile hore lintho li be ka tsela ee?

Nahana. Ha Molimo a ne a beha monna oa pele le mosali lefatšeng, na ba ne ba e-na le lebaka leha e le lefe la ho ngongoreha ka lijo? Le hanyenyane! Tlaleho ea Bibele bukeng ea Genese e re: “Jehova Molimo a melisa lefatšeng sefate se seng le se seng se lakatsehang ponong ea motho le se molemo bakeng sa lijo.” (Genese 2:9) Ka hona, Adama le Eva ba ne ba e-na le mefuta-futa ea lijo tse monate ebile e le tse ngata haholo. Molimo ea ba bōpileng o ne a tseba hantle hore na ba hloka lijo tsa mofuta ofe; o ne a boetse a tseba hore na ba tla thabisoa ke eng. Ke ’nete hore kajeno ha re serapeng seo sa Edene. Empa na Molimo o fetotse morero oa hae oa tšimolohong ka moloko oa batho le lefatše?

Re na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore haufinyane e mong le e mong lefatšeng o tla ba le lijo tse hahang, tse hloekileng ka bongata! Tumelo ena e ka ba thuso e matla ea hore re boloke pono ea rōna e leka-lekane tabeng ea ho sireletseha ha lijo kajeno. Haeba re kholisehile re bile re tiisehile ka tšepo eo, e tla re thusa hore re qobe ho chesehela ho itseng ka ho feteletseng kapa hona ho ba le maikutlo a feteletseng.

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hakaale hore haufinyane bophelo e tla ba bo fapaneng? Liithuti tse chesehang tsa Lentsoe la Molimo lia tseba hore hona joale re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. Tsamaiso ea kajeno e busoa ka bohlale ba batho, boo maemong a mangata bophelong bo sa tšepahaleng ebile bo itšetlehile ka ho ithuta ka liphoso. Ha ho tluoa mekhoeng e sebelisoang ha ho ntlafatsoa lijo, ho na le lipelaelo tse khōlō tabeng ea hore na e sireletsehile kapa e kotsi. Pelaelo e joalo e baka tšabo, qhoebeshano le ho hloka bonngoe.—2 Timothea 3:1-5.

’Mōpi oa moloko oa batho o tšepisitse hore o tla tlisa tsamaiso e ncha ka ho feletseng hore e tl’o nkela ena sebaka. Morero oa hae oa tšimolohong—hore lefatše lohle e be paradeise e kang serapa sa Edene, le tletse ka lelapa la batho ba thabileng le ba phelang hantle—o tla phethahatsoa. Joale matla a kopanyang a bohlale bo phethahetseng ba Molimo a tla tlala lefatše. (Esaia 11:9) Bohlale bo sa tšepahaleng ba batho bo ke ke ba hlola bo e-ba teng. Tsamaiso e ncha e entsoeng ke Molimo e tla tlosa mabaka ’ohle a etsang hore batho ba ngongorehe ka ho sireletseha ha lijo tsa rōna. Na ha ho utloahale ho etsa qeto ea hore Molimo ea bōpileng batho o tla boela a utloisisa hore na re hloka lijo tsa mofuta ofe?

Lijo Tse Phethahetseng Tse Tsoang ho ’Mōpi

Bibele e na le boprofeta bo hlakileng mabapi le maemo a bophelo tlas’a tsamaiso e ncha ea lintho e tlang. Moprofeta Esaia o ngotse: “Ka sebele [Molimo] o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung, le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura. Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo. Likhomo le liesele tse hōlileng ka ho feletseng tse lemang naha li tla ja furu e nōkiloeng ka sorele, e olōsitsoeng ka kharafu le fereko.”

Boprofeta ba Esaia bo boetse bo re: “Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle, thabeng ena, mokete oa lijo tse nang le oli e ngata, mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko, oa veine e nang le litšifa, e tlhotliloeng.” The New American Bible e fetolela polelo eo ea ho qetela tjena, “mokete oa lijo tse nonneng le veine e monate.”—Esaia 25:6; 30:23, 24.

Na seo se utloahala se ipiletsa ho uena? Boprofeta ba Esaia bo re tšepisa hore e mong le e mong ea phelang tlas’a tsamaiso e ncha ea Molimo o tla ba le lijo tse ngata. Na li tla be li sireletsehile hore li ka jeoa? Ha ho potang. Boprofeta bo bong bo re tiisetsa hore batho ba Molimo “ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:4) Tšireletseho e feletseng joalo e tla tiisoa ke ’Muso oa Molimo oa Bomesia, o tla busa lefatšeng lohle haufinyane.—Esaia 9:6, 7.

Ha ho sa tla hlola ho e-ba le lipelaelo tsa hore na lijo li sireletsehile kapa che. Ho e-na le hoo, e tla ba ho thabisang e mong ho e mong ho re: “Thabela lijo tsa hao.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Haufinyane e mong le e mong lefatšeng o tla ba le lijo tse hahang, tse hloekileng ka bongata

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Molimo o tšepisa bohle lijo tse sireletsehileng, tse hloekileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela