“Ke ne ke Batla ho Tseba ho Eketsehileng”
SELEMONG se fetileng, mosali e mong o ile a ngola: “Maobane ke fumane bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? eo ke neng ke kōpile hore le nthomelle eona ka poso.” O hlalositsoe hore pejana o ne a ile a fumana ka makhetlo a mabeli mantsoe a ngotsoeng a buellang bukana ena. O itse: “Ke ne ke emetse ho fihla ha bukana ena ka mahlo a matala kaha ka mor’a ho bala mantsoe a e buellang, ke ile ka tseba hore ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng. Hang ha bukana ena e fihla, ke ile ka qala ho e bala. Boitsebiso bohle bo bukaneng ea lōna boa utloahala ebile bo tsoa Bibeleng.”
O phethile ka ho re: “Ke utloa ke susumelletseha ho etsa ho itseng ka seo ke se balileng.”
Rea tšepa hore le uena u tla rua molemo ka ho bala bukana e maqephe a 32 ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ntle le thuto e ipiletsang e reng “Jesu Kreste ke Mang?,” u tla fumana tse ling tse akarelletsang e reng “Molimo ke Mang?,” “Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?” le e reng “’Muso oa Molimo ke Eng?” Haeba u batla bukana ena, tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Ka kōpo ntlisetseng bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho rōna?
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.