Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 9/8 leq. 15
  • Ho Sebelisa Tsoha! Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Tsoha! Hamolemo
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Nthibelang ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Molimo oa Hōlisa Alaska
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ha re Hlokahalloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • “Ke Ile ka Bona, Empa ha Kea ka ka Utloisisa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 9/8 leq. 15

Ho Sebelisa Tsoha! Hamolemo

HA A le lilemo li 16, Vanessa, e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, United States, o ile a tlameha ho ngolla sekolo tlaleho ka sehlooho se buang ka ho ipolaisa tlala. O re: “Ke ile ka etsa lipatlisiso, empa boitsebiso boo ke ileng ka bo fumana bo ne bo fokola. Ke ile ka bolella batsoali ba ka ka sena, ’me ba ile ba nkeletsa ka hore ke shebe sehlooho seo libukeng tsa rōna.”

Ka ho batlisisa ka har’a libuka tsa Lipaki tsa Jehova, Vanessa o ile a atleha ho fumana boitsebiso bo bongata bakeng sa tlaleho ea hae. O re: “Hona e ne e mpa e le karolo ea mosebetsi oo ke neng ke lokela ho o etsa. Ke ne ke boetse ke lokela ho bua le tichere le barutoana ba 20!” Vanessa o ne a tla sebetsana joang le mosebetsi oo o boima?

Joaloka Lipaki tsa Jehova tse likarolong tse ling tsa lefatše, Vanessa o fumana koetliso bakeng sa ho bua phatlalatsa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se tšoareloang Holong ea ’Muso e sebakeng sa habo. Vanessa o re: “Sekolo sena se re hlomella hore re lule re loketse ho ea tšebeletsong le ho buisana le batho ba bang. Re boetse re eletsoa lintlheng tseo re lokelang ho sebeletsa ho tsona e le hore batho ba ka re utloisisa habonolo.” Phello ea mosebetsi o boima oa sekolo oa Vanessa e bile efe? O re: “Ke ile ka fumana limaraka tse holimo ka ho fetisisa.”

Vanessa ke e mong oa bacha ba bangata ba sebelisang libuka tse thehiloeng Bibeleng le koetliso ea moea hamolemo. Bacha ba joalo ba lokela ho babatsoa, hobane ba latela keletso ea Moeklesia 12:1: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela