Pono ea Bibele
Na ho na le Sebe se ke Keng sa Tšoareloa?
NA HO na le kotlo e mpe ho feta lefu? E, ke ho shoa motho a se na tšepo ea tsoho hobane a entse sebe se ke keng sa tšoareloa. Jesu o itse ho na le mofuta oa sebe ‘se ke keng sa tšoareloa.’—Matheu 12:31.
Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa Molimo e le ea tšoarelang. Le hoja batho ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho koetla lehloeo le ho hana ho tšoarela ba bang, Molimo ‘o tšoarela ka tsela e khōlō.’ (Esaia 55:7-9) Ha e le hantle, Molimo o ile a lahleheloa haholo, ha a ne a romela Mora oa hae ea ratoang lefatšeng hore e be sehlabelo sa bohlokoa ka ho fetisisa hoo se neng se ka khona ho hlakola libe tsa rōna.—Johanne 3:16, 17; Liketso 3:19; 1 Johanne 2:1, 2.
Ka nako e loketseng, Molimo o tla tsosa batho ba bangata ba bileng molato oa libe tse tebileng empa ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore ba ikarabelle ka lintho tseo ba li entseng nakong e fetileng. (Liketso 24:15; Baroma 6:23) Ha e le hantle, Jesu o itse, ho “tla tšoareloa sebe sa mofuta o mong le o mong le nyefolo,” ntle ho sebe se ke keng sa tšoareloa. (Matheu 12:31) Kahoo u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke ntho efe e ka bang mpe hakaalo hoo Molimo a ke keng a e tšoarela?’
Ha ho se ho sa Khonehe Hore Motho a Bake
Jesu o ne a lemosa mabapi le ho ‘nyefola moea’ ka boomo. Motho a ke ke a lokoloha molatong oa sebe sa mofuta ona. O ile a phaella ka ho re, “Che, eseng tsamaisong ena ea lintho kapa e tlang ho tla.” (Matheu 12:31, 32) Ba molato oa sebe se joalo ba ke ke ba tsosoa.
Ho nyefola moea ho bolela’ng? Ho simoloha pelong, ’me ho senola boikutlo le morero o kotsi. Ho hanyetsa moea o halalelang oa Molimo ka boomo ho etsa hore sebe sena e be se tebileng haholo. Ka mohlala: Linaheng tse ling, molao o khetholla pakeng tsa polao e etsoang ka boomo le e sa etsoeng ka boomo, ho itšetlehile ka morero oa polao le ka tsela eo e entsoeng ka eona, ’me kotlo ea lefu e sebetsa feela polaong e entsoeng ka morero kapa e nahanetsoeng esale pele.
Moapostola Pauluse e kile ea e-ba monyefoli empa o ile a re: “Ke ile ka bontšoa mohau, hobane ke ne ke hloka tsebo.” (1 Timothea 1:13) Ho siteloa moea o halalelang ho bolela ho o hanyetsa ka boomo. Ho akarelletsa boemo bo bobe ba pelo boo ho leng thata hore motho a bo tlohele.
Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a bua ka sebe sa mofuta ona ha a ne a ngola: “Ho ke ke ha khoneha mabapi le ba kileng ba behoa leseling hang le ka ho ke keng ha phetoa, le ba latsoitseng mpho e sa lefelloeng ea leholimo, le ba fetohileng ba nang le kabelo moeeng o halalelang, le ba latsoitseng lentsoe le letle la Molimo le matla a tsamaiso ea lintho e tlang, empa e le ba oeleng, ho ba tsosolosetsa hape pakong.” (Baheberu 6:4-6) Hape moapostola o itse: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe.”—Baheberu 10:26.
Boitšoaro ba baeta-pele ba bang ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ke bona bo ileng ba mo susumelletsa hore a lemose ka sebe se ke keng sa tšoareloa. Empa ha baa ka ba ela temoso ea hae hloko. Ha e le hantle, ba ile ba mo bolaea. Hamorao ba ile ba utloa bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore moea o halalelang o ne o entse mohlolo. Ba ile ba bolelloa hore Jesu o ne a tsositsoe bafung! Ho ne ho hlakile hore Jesu e ne e le Kreste! Ho ntse ho le joalo, ba ile ba siteloa moea o halalelang ka ho lefa masole a Baroma hore a bue leshano mabapi le tsoho ea Jesu.—Matheu 28:11-15.
Temoso ho Bakreste ba ’Nete
Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba nka ka botebo temoso e mabapi le sebe se ke keng sa tšoareloa? Ke hobane le hoja re e-na le tsebo e nepahetseng ka Molimo le ka tšebetso ea moea oa hae, re ka ’na ra ba le pelo e khopo. (Baheberu 3:12) Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra nahana hore sena se ke ke sa re etsahalla. Nahana ka Judase Iskariota. E ne e kile ea e-ba molateli ea tšepahalang oa Jesu.
O ile a khethoa ho ba e mong oa baapostola ba 12, kahoo e tlameha ebe o ne a e-na le litšoaneleho tse ntle. Empa ka nako e ’ngoe o ile a qala ho lumella menahano e mebe le litakatso tse mpe ho hōla, hoo qetellong li ileng tsa mo hlōla. Leha a ne a ntse a bona ka mahlo mehlolo e makatsang ea Jesu, o ne a ntse a utsoa chelete. Joale, o ile a eka Mor’a Molimo ka boomo, ka lebaka la chelete.
Batho ba bang bao e kileng ea e-ba Bakreste ba tšepahalang ba ile ba suthela hōle le Molimo ka boomo, mohlomong ka lebaka la ho halefisoa ke ntho e itseng, boikhohomoso, kapa meharo, ’me hona joale e se e le bakoenehi ba loantšang moea oa Molimo. Ba hanyetsa ka boomo lintho tseo ho seng pelaelo hore li finyelloa ke moea. Na batho baa ba entse sebe se ke keng sa tšoareloa? Jehova ke eena Moahloli oa ho qetela.—Baroma 14:12.
Ho e-na le ho ahlola ba bang, re tla be re etsa hantle ha re itebela khahlanong le ho etsa libe sekhukhung tseo butle-butle li ka ’nang tsa thatafatsa lipelo tsa rōna. (Baefese 4:30) Re tšelisoa ke ho tseba hore haeba re baka, Jehova o tla re tšoarela haholo esita le libe tse tebileng tseo re li entseng.—Esaia 1:18, 19.
[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]
Bafarisi ba bang ba ile ba etsa sebe se ke keng sa tšoareloa