“U se ke Ua Lebala Sekhele!”
KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI
HOO e ka bang letsatsi le leng le le leng Brithani, batho ba bangata ba tsamaea ba nkile likhele. Pula e ka ’na ea na neng kapa neng. Ha re tloha malapeng, rea bolellana, “U se ke ua lebala sekhele!”—le hoja re ka ’na ra se lebala beseng, tereneng kapa lebenkeleng. E, ho bonahala re sa tsotelle setšireletso sena sa rōna se senyenyane kaha re ka reka se seng neng kapa neng. Empa hase hore sekhele haesale se sa tsotelloe joalo.
Histori e Ikhethang
Ho hlakile hore likhele tsa boholo-holo li ne li sa amane le pula. E ne e le letšoao la bophahamo le tlotla, li etsetsoa feela batho ba bohlokoa. Litšoantšo tse betliloeng le tse takiloeng lilemong tse likete tse fetileng tsa Assyria, Egepeta, Persia le India li tšoantšitse makhabunyane a tšoere lintho tse sireletsang marena letsatsing. Assyria, ke morena feela ea neng a lumelloa ho ba le sekhele.
Ho pholletsa le histori, sekhele se ile sa tsoela pele e le pontšo ea matla, haholo-holo Asia. Boemo ba ’musi bo ne bo phahama ho latela palo ea likhele tseo a nang le tsona, joalokaha ho bontšitsoe ka morena oa Burma ea ileng a bitsoa Morena oa Likhele Tse Mashome a Mabeli a Metso e Mene. Ka linako tse ling e ne e le habohlokoa hore na sekhele se na le merumo e mekae. Sekhele sa morena oa Chaena se ne se e-na le merumo e mene, ’me morena oa Thailand ea boholo-holo o ne a e-na le se merumo e supileng kapa e robong. Esita le kajeno, linaheng tse ling tsa Bochabela le tsa Afrika likhele li sa ntse li nkoa e le letšoao la bophahamo.
Likhele Tsa Bolumeli
Ha li sa tsoa qala, likhele li ile tsa amahanngoa le bolumeli. Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba nahana hore molimotsana Nut o ne a sirelelitse lefatše lohle ka ’mele oa hae, feela joaloka sekhele. Ka hona, batho ba ile ba tsamaea ba itširelelitse e le hore ba fumane tšireletso ea hae. India le Chaena, batho ba ne ba lumela hore sekhele se butsoeng se tšoantšetsa tsela eo sepakapaka se bōpehileng ka eona. Mabuddha a boholo-holo a ne a sebelisa sekhele e le letšoao la Buddha, ’me hangata a ne a se hloma liemahaleng tsa ’ona. Likhele li ile tsa sebelisoa le Bohindung.
Likhele li ile tsa fihla Greece ka 500 B.C.E., moo li neng li sebelisoa ho sireletsa litšoantšo tsa melimo le melimotsana meketeng ea bolumeli. Basali ba Athene ba ne ba e-na le makhabunyane a tsamaeang a ba sirelelitse letsatsing ka sekhele, empa e ne e le banna ba ’maloa ba neng ba ka se sebelisa. Ha e tloha Greece, tloaelo eo e ile ea fetela Roma.
Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea kenyelletsa sekhele matšoaong a eona a mekete. Mopapa o ile a qala ho hlaha a sirelelitsoe ka sekhele sa silika se sefubelu ’me se e-na le metsero e mesehla, ha bak’hadinale le babishopo bona ba ne ba e-na le tse bofubelu bo boputsoa kapa tse tala. Le kajeno Basilica e ntse e e-na le setulo sa mopapa se nang le ombrellone, kapa sekhele, se nang le ’mala oa bapapa. Mok’hadinale ea tšoarang marapo e le hlooho ea kereke ha mopapa a hlokahetse ’me ho emetsoe ho khethoa ha e mong, le eena o na le ombrellone eo e bang letšoao la hae nakong eo a ntseng a tšoere marapo.
Se ne se Sireletsa Letsatsi, Joale e se e le Pula
Kajeno re bona phapang pakeng tsa sekhele se re sireletsang puleng le se re sireletsang letsatsing, empa ha ho moo qalong se neng se amana teng le pula. Ke Machaena kapa mohlomong basali ba Roma ea boholo-holo ba ileng ba qala ho tlotsa likhele tsa bona tsa pampiri ka mafura kapa boka e le hore li ba sireletse puleng. Leha ho le joalo, khopolo ea sekhele se sireletsang motho letsatsing kapa puleng e ile ea nyamela Europe ho fihlela lekholong la bo16 la lilemo ha Mataliana le Mafora hamorao, ba qala ho li sebelisa hape.
Lekholong la bo18 la lilemo, basali ba Brithani ba ile ba qala ho sebelisa likhele, le hoja banna ba ne ba ntse ba hana ho nka seo ba neng ba se talima e le ntho ea basali. Mekhelo e ne e le banna ba nang le matlo ao ho noelloang kofi ho ’ona, ba ileng ba hlokomela molemo oa ho ba le sekhele se tla sireletsa bareki boemong bo bobe ba leholimo ha ba e-ea likoloing tsa bona tsa lipere. Baruti le bona ba ile ba li fumana li le molemo haholo jareteng ea kereke ha ba tšoere tšebeletso ea lepato puleng e nang.
Jonas Hanway, eo e neng e le motsamai ebile e le motho ea ratang ho etsetsa ba bang lintho tse molemo, ke eena ea ileng a fetola histori ea likhele Engelane. Ho boleloa hore ke eena monna oa pele oa ho ba le sebete sa ho tsamaea a tšoere sekhele phatlalatsa London. Kaha o ne a ile a bona banna ba sebelisa likhele ha a ne a le maetong a hae a mose, o ile a ikemisetsa ho emelana le ho songoa ho mabifi ho neng ho etsoa ke bakhanni ba likoloi, ba neng ba mo tšela ka seretse ka boomo ha ba feta liforong. Ka lilemo tse 30, kamehla Hanway o ne a bonoa a nkile sekhele sa hae, ’me ha a e-shoa ka 1786, banna le basali ba ne ba se ba tsamaea ka likhele ka bolokolohi.
Ho sebelisa sekhele sa pula mehleng eo e ne e le phephetso e khōlō. Likhele tseo li ne li le khōlō, li le boima, ’me li se makhethe. Silika ea tsona e tlotsitsoeng ka mafura kapa seile e khurumetsang, lithupa tsa tsona tse tšoarang sekhurumetso le mefeng ea tsona ea lehlaka kapa ea lesapo la leruarua, li ne li etsa hore ho be thata ho bula likhele tsena ha li kolobile, hape li ne li nela. Leha ho le joalo, li ile tsa ’na tsa tuma, haholo hobane ho reka sekhele ho ne ho bitsa chelete e nyenyane ho feta ho hira koloi ha pula e na. Baetsi ba likhele ba ile ba ata, mabenkele a tsona le ’ona a ata, ’me baqapi ba tsona ba ile ba lebisa tlhokomelo ho li ntlafatseng. Bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, Samuel Fox o ile a qapa mofuta oa Paragon, oo foreimi ea oona e neng e le bobebe empa e le ea tšepe e thata. Masela a bobebe a kang silika, k’hothone le lakane e tlotsitsoeng ka boka li ile tsa sebelisoa bakeng sa likhurumetso tsa pele tse neng li le boima. Eaba ke ho kena ha likhele tsa kajeno.
Sesebelisoa sa Feshene
Joale sekhele se ile sa tuma haholo, sa sebelisetsoa feshene e ikhethang bakeng sa mosali oa Moengelane ea tsamaisanang le feshene. Se feto-fetoha le feshene, sekhele sa hae se setle se ile sa ’na sa e-ba seholoanyane le ho khurumetsoa ka masela a mefuta, a mebala e khanyang a silika le a satin. Hangata se ne se tsamaisana le liaparo tsa hae, ’me se ne se khabisoa ka lesira, litjellane, malente, malente a fasitsoeng joaloka thae ea likatse, esita le ka masiba. Hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, ho ne ho se mosali ea hlomphehang, ea batlang ho boloka lebala la hae le le letle, ea neng a ka bonoa a sa nka sekhele.
Ka bo-1920, ho ile ha kena feshene ea letlalo le fifalitsoeng ke letsatsi hamonatjana, ’me likhele li ile tsa batla li nyamela ka ho feletseng. Joale ha tla mehla ea majentlelemane a toropong, a neng a roala katiba ea sekhooa, a be a nke sekhele se setšo, se phuthetsoeng hantle, se neng se boetse se sebetsa e le rotang ea matsoelo-pele.
Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, theknoloji e ncha e ile ea hlahisa likhele tse ntlafalitsoeng ’marakeng, tse kang mofuta o menoang, hammoho le tse entsoeng ka nylon e sa keneleng metsi, polyester le tsa polasetiki. Ho sa na le mabenkele a ’maloa a likhele tse entsoeng hantle ka letsoho, tse bitsang chelete e ngata. Empa kajeno, lifektheri li hlahisa ka bongata likhele tse theko e tlaase, ka mebala eohle le boholo bo sa tšoaneng, e bang ke tse boholo ba ho lekana batho ba babeli, tse boholo ba ho lekana lelapa kapa tse nyenyane ba lisenthimithara tse 15 tse ka kojoang ’me tsa behoa ka makhethe ka mokotlaneng.
Le hoja sekhele se kile sa talingoa e le ntho ea boiketlo le letšoao la maemo, hona joale se se se fumaneha habonolo, ’me hangata e batla e le sona se ka holimo lethathamong la lintho tse lahlehileng. Ke sesebelisoa se molemo sa ho itšireletsa boemong ba leholimo sebakeng leha e le sefe lefatšeng, ’me tšebeliso ea sona ea mathomong ha se ne se sebelisetsoa ho itšireletsa letsatsing e boetse e khutlile hape linaheng tse ling, kaha ho fanoa ka litemoso tse eketsehileng ka kotsi ea ho ba letsatsing nako e telele. Ka hona, mohlomong ha u tloha lapeng kajeno ho na le ea tla u hopotsa: “U se ke ua lebala sekhele!”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho Reka le ho Hlokomela Sekhele sa Hao
Etsa khetho pakeng tsa se sa sokoliseng le se tšoarellang. Ho ka etsahala hore ebe sekhele se theko e tlaase, se kojoang le ho kenngoa ka mokotlaneng oa sona, se na le litšepe tse ’maloa tse se tšoereng ’me ha se matla ha se tobane le moea o matla. Ka lehlakoreng le leng, sekhele se tloaelehileng se sa kobeheng se ka bitsa chelete e ngata, empa hangata se emelana hantle le boemo ba leholimo ’me se lieha ho robeha. Ka sebele, sekhele se nepahetseng se ka qeta lilemo tse ngata. Ho sa tsotellehe hore na u khetha sa mofuta ofe, hlokomela hore se se hahele hlobo le ho ba mafome ka hore pele u se koala le ho se beha, u se tlohele se butsoe hore se ome hantle. Ho se boloka mokotlaneng oa sona ho tla se boloka se hloekile se bile se se na lerole.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Lekhabunyane le sirelelitse morena oa Assyria
Mosali oa mehleng ea Greece ea boholo-holo o nkile sekhele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Drawings: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Sekhele sa mehleng ea bo-1900
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Culver Pictures