Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 11/8 leq. 3
  • Oli—Kamoo e U Amang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Oli—Kamoo e U Amang Kateng
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Oli—Re e Fumana Joang?
    Tsoha!—2003
  • Oli—Na ke Mahlopha-a-Senya?
    Tsoha!—2003
  • Mokelikeli o ’Mala oa Khauta Oa Mediterranean
    Tsoha!—2008
  • Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Mohloli o Mocha oa Matla?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 11/8 leq. 3

Oli—Kamoo e U Amang Kateng

NA U se u kile ua nahana hore na bophelo bo ne bo tla ba joang ho ba bangata haeba ho ne ho se na oli e tala le lihlahisoa tse ling tsa eona?a Oli e ntšoang oling e tala e sebelisoa bakeng sa ho loetsa likoloi, libaesekele, likoloeana tsa bana le lintho tse ling tse nang le litšepe tse tsamaeang. Oli e etsa hore litšepe li se ke tsa hohlana, ka hona likarolo tsa mochine li lieha ho robeha. Empa oo hase oona feela mosebetsi oa oli.

Oli e sebelisoa hore ho etsoe mafura a ho tsamaisa lifofane, likoloi le mechine e futhumatsang moea. Litlolo tse ngata, lipente, lienke, lithethefatsi, menontša le lintho tsa polasetiki, hammoho le lintho tse ling tse ngata, li na le lihlahisoa tsa oli e tala. Bophelo ba letsatsi le letsatsi bo ne bo tla fapana haholo le ba hona joale ho ba bangata haeba oli e ne e le sieo. Ha ho makatse hore ebe ho latela mohloli o mong, oli e tala le lihlahisoa tsa eona “li sebelisetsoa lintho tse fapa-fapaneng ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe lefatšeng.” Re fumana oli joang? E tsoa hokae? Ke nako e kae batho ba e sebelisa?

Bibele e re bolella hore ka nako e fetang lilemo tse likete tse peli pele ho Kreste, Noe o ile a haha sekepe se seholohali ka taelo ea Molimo, ’me o ile a sebelisa sekontiri—seo ho ka etsahalang hore ebe e ne e le sehlahisoa sa oli e tala—hore se se ke sa kenela metsi. (Genese 6:14) Lihlahisoa tsa oli e tala li ne li sebelisoa ke Bababylona ha ba ne ba etsa litene tsa mobu tse besitsoeng, tsa sebelisoa ke Baegepeta ha ba ne ba etsa hore setopo se se ke sa bola, ’me le lichaba tse ling tsa boholo-holo tsa li sebelisa bakeng sa ho phekola maloetse.

Ke mang ea neng a ka nahana hore sehlahisoa see se tla fetoha ntho ea bohlokoa hakaale lefatšeng kajeno? Ha ho ea ka hanang hore tsoelo-pele ea kajeno ea indasteri e itšetlehile ka oli e tala.

Ho sebelisa oli e nkiloeng ho e tala bakeng sa khanya ea maiketsetso e bile hona ho entseng hore oli e qale ho tuma. Khale koana hoo e ka bang lekholong la bo15 la lilemo, oli e tsoang lilibeng tse sa tebang hakaalo e ne e sebelisetsoa mabone sebakeng sa Baku, eo kajeno e leng motse-moholo oa Azerbaijan. Ka 1650 ho ile ha chekoa matamo a sa tebang a oli Romania, moo oli e entsoeng parafine e neng e sebelisoa bakeng sa ho bonesa. Bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, naha eo le tse ling Europe Bochabela li ne li se li atlehile haholo indastering ea oli.

United States, ho batla lebone la boemo bo phahameng lekholong la bo19 la lilemo e bile eona ntho e ka sehloohong e ileng ea etsa hore sehlopha se itseng sa banna se ikitlaetse ka matla ho fumana oli. Banna bana ba ile ba etsa qeto e nepahetseng ea hore ba tla tlameha ho cheka liliba tsa oli hore ba fumane parafine e lekaneng ho fepela ’maraka. Ka hona, ka 1859 seliba sa oli se ile sa chekoa ka katleho Pennsylvania. Eo e ne e qalo ea lephehlophehlo la ho batla oli. Ke eng e ileng ea latela?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka tloaelo, ha ho buuoa ka oli e tala ho buuoa ka metsoako e ’meli e amanang haufi-ufi—e leng khase ea tlhaho e fumanoang ka tlas’a lefatše, eo hape e tsejoang e le methane, le oli. Ka bobeli lintho tsena ka linako tse ling li tsoa le mapetsong a lefatše. Oli eona e ka ba boemong ba mokelikeli kapa ea e-ba asphalt, boka, kapa sekontiri.

[Lebokose le leqepheng la 3]

OLI E TALA LE E SENG E HLOEKISITSOE—PHAPANG KE EFE?

Le hoja ka tloaelo e tsoa moo ho thoeng ke liliba tsa oli, ha e le hantle se tsoang ka tlas’a lefatše ke oli e tala. Oli e tala e hlalosoa e le “ntho e petepete, e ka hotelang, e ’mala o mosehla bo kopaneng le botšo eo e leng motsoako oa khase, mokelikeli le lintho tse tsoakileng haedrojene le k’habone, tse kopantsoeng ke tlhaho ka tlas’a lefatše.” E “ka aroloa ho etsa lintho tse fapaneng tse kang khase ea tlhaho, peterole, lihlapolli, parafine, libeso le lioli tse loetsang, boka ba parafine le asphalt, ’me hape e sebelisoa ha ho etsoa lintho tse ling tse ngata.”—The American Heritage Dictionary of the English Language.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela