Limela—Mohloli oa Bohlokoa oa Meriana
Litsebi li hakanya hore kotara ea meriana eohle ea kajeno eo batho ba itšetlehileng ka eona e qalile e le lik’hemik’hale tse hlahang limeleng—li feletse kapa li sa fella. Hangata taba ena e qotsoa ke ba buellang lipheko tse sa tšoaneng tsa litlama.
Boholo ba lipatlisiso tse etsoang ka limela tse etsang meriana bo lebisitse tlhokomelo likarolong tsa metsoako e phekolang. Mohlala o ka sehloohong oa motsoako o joalo ke aspirin, e fumanoang lerong le lesoeu le babang la lekhapetla la sefate sa moluoane o mosoeu.
Hang ha motsoako oo o arotsoe, metsoako e phekolang e fumanoang semeleng e ka sebelisoa ka tekano le ka nepo. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Ho hlafuna lekhapetla le lekaneng la sefate sa moluoane ho finyella melemo eo aspirin e fanang ka eona kapa ho hlafuna foxglove e lekaneng ho finyella liphello tse pholosang bophelo tsa makhasi ana a ommeng a semela sena, ke ntho e neng e ka etsoa habonolo feela ka ho noa pilisi ho e-na le ho ja lintho tsena tsa tlhaho.”
Ka lehlakoreng le leng, ho ntša motsoako o folisang semeleng se seng se etsang moriana ho ka ba le mathata a hona. Taba ke hore ho ka ’na ha bolela ho lahleheloa ke melemo e meng ea phepo le ea meriana e fanoang ke lintho tse ling tsa semela seo. Ho feta moo, tse ling tsa lintho tse phelang tse bakang mafu li fetohile tseo lithethefatsi li seng li sa li bolaee.
Quinine, ntho e fumanoang lekhapetleng la sefate sa cinchona, ke mohlala oa mathata a ka hlahang a ho ntšoa ha motsoako o phekolang semeleng se etsang moriana. Le hoja quinine e bolaea karolo e khōlō ea likokoana-hloko tse bakang malaria, likokoana-hloko tseo e sa li bolaeeng li ngatafala haholo ha likokoana-hloko tse ling li e-shoa. Buka e ’ngoe ea litšupiso e ea hlalosa: “Ho itoanela ho joalo ke ntho e khōlō eo lingaka li amehileng ka eona.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Aspirin e fumanoa sefateng sena sa moluoane o mosoeu
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
USDA-NRCS PLANTS Database/Herman, D.E. et al. 1996. North Dakota tree handbook
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Sefate sa “cinchona,” seo ho sona ho fumanoang “quinine”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of Satoru Yoshimoto