Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 1/8 leq. 32
  • Ho Atleha Har’a Litsietsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Atleha Har’a Litsietsi
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Otla Batho ka ho ba Bakela Mathata?
    Tsoha!—2009
  • Na Litsietsi Tse re Hlahelang ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lefatše le Tletseng Bomalimabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lebaka Leo ka Lona ke Thabelang ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 1/8 leq. 32

Ho Atleha Har’a Litsietsi

Joalokaha ho boletsoe esale pele ka Bibeleng, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Liqhoebeshano tsa malapa, bokuli le mathata a lichelete ke tse ling tsa litšitiso tse ka u amang. Ka linako tse ling, u ka ’na ua ikutloa u sitoa ho mamella. Leha ho le joalo, u ka atleha har’a litsietsi. Nahana ka mohlala o latelang.

Mofuta oa palesa ea Teide violet e mela sebakeng se bophahamo ba limithara tse ka bang 3 700 sehlekehlekeng sa Tenerife, haufi le lebōpo le Afrika Leboea. Litlhōrō tsa lithaba tse foqohang seretse se chesang tse bitsoang Pico de Teide, moo lipalesa tsena li fumaneng lebitso teng, li tletse hohle sehlekehlekeng sena se meeling ea libaka tsa tropike. Methipoloha ea lithaba tseo e bonahala e sa mele letho. Empa nakong ea selemo, lehloa le qhibilihang la mariha le fana ka metsi a lekaneng ho etsa hore lipalesa tsena tse sa shoeng le feela li hlaphoheloe ’me li khabise methipoloha ea lithaba tseo tsa seretse se chesang ka lihlopha-hlopha tsa lipalesa tse pherese. E, palesa ena e ka ’na ea bonahala e tetema ebile e ka shoa feela, empa e khona ho phela le hona ho atleha tikolohong ena e letsoatlare, e sa lokelang limela.

Joaloka palesa ea Teide violet, le uena u ka mamella maemong a thata. Bibele e thusitse Lipaki Tsa Jehova tse ngata hore li etse joalo le tlas’a maemo a mabe ka ho fetisisa. Ka mohlala, ba neng ba tšoeroe likampong tsa mahloriso tsa Manazi, Jeremane ba ile ba atleha. Moqolotsi e mong oa litaba oa Sweden, Björn Hallström, o re: “Ba ne ba tšoeroe hampe ho feta sehlopha leha e le sefe se seng, empa ka tumelo ea bona ho Molimo, ba ile ba khona ho mamella ho feta ba bang bohle.”

Boemong leha e le bofe boo u ka iphumanang u le ho bona, Bibele e ka u thusa hore u atlehe le har’a litsietsi. Ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e leqepheng la 5 la makasine ena bakeng sa ho fumana thuto ea lehae e sa lefelloeng ea Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela