Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 3/8 leq. 32
  • ‘E Tletse ka Matlotlo a Bohlokoa’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘E Tletse ka Matlotlo a Bohlokoa’
  • Tsoha!—2004
Tsoha!—2004
g04 3/8 leq. 32

‘E Tletse ka Matlotlo a Bohlokoa’

Ke kamoo mookameli oa lehae la batho ba kulelang lefu Illinois, U.S.A., a ileng a hlalosa bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa kateng. O ne a ile a romelloa bukana eo le makasine ea Tsoha! ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova hobane Paki eo e ne e ile ea fumana ha e bala Tsoha! hore ho ipolaea ho atile haholo bathong ba seng ba hōlile. Ha mookameli oa lehae leo la batho ba kulelang lefu a fumana lingoliloeng tsena, o ile a arabela ka potlako.

Ka mor’a hore mookameli oa lehae leo a hlokomele hore bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa e na le matlotlo a bohlokoa, o ile a ngola: “Nka thabela ho e fa . . . malapa a tla tšelisoa ke bohlale bo sebetsang ba eona, litšupiso tsa Bibele hammoho le litaba tse tšohliloeng ka har’a eona.”

Ka potlako Paki e ile ea letsetsa mookameli enoa ’me ea beha nako ea hore e tla mo etela ka seqo. Mookameli eo o ile a batla libukana tse 20 ’me a kōpa hore lehae leo la batho ba kulelang lefu le eteloe likhoeli tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo ho tlisetsoa libukana tse ling hape.

Mohlomong uena kapa motho e mong eo u mo tsebang le ka thabela ho fumana matšeliso a fumanoang bukaneng ena e maqephe a 32. U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela