Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 3/8 leq. 23
  • Semela se Phelang ka Tsela ea Mohlolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Semela se Phelang ka Tsela ea Mohlolo
  • Tsoha!—2004
Tsoha!—2004
g04 3/8 leq. 23

Semela se Phelang ka Tsela ea Mohlolo

KA MONGOLI OA TSOHA! NAMIBIA

MONA Lehoatateng la Namibia ka boroa-bophirimela, Afrika, moea o hloekile ’me o pholile. Tsatsing lena, le sele le bohoeng ba ntja. Ha letsatsi le ntse le phahama, thempereichara le eona ea phahama. Lena ke lefatše la litutulu tsa lehlabathe le lithota tsa lehlabathe tse fietsoeng ke moea. Re qamaka sebaka sena ka ho hlolloa. Qubu eane ea makhapetla a matala ke eng? Ha re shebisisa re fumana hore re oelane le se seng sa limela tse makatsang ka ho fetisisa lefatšeng—Welwitschia mirabilis. Lentsoe la bobeli lebitsong leo la saense le bolela “ho tsoteha” ka Selatine.

Naheng, li-welwitschia li fumaneha feela libakeng tse mahoatata tsa Angola le Namibia. Li fapane le limela leha e le life hoo bo-rasaense ba li khethollang e le tsa lelapa le ikhethang kapa la mofuta oa tsona o le mong. Chris Bornman, ha a ngola bukeng ea hae Welwitschia—Paradox of a Parched Paradise, o re: “Har’a mefuta ea limela e ka bang 375 000 eo motho a e tsebang, ha ho semela se kileng sa atleha ho hapa thahasello ea barati ba limela joaloka Welwitschia; kapa hona ho fa batho bothata ba hore na ba se lihela mofuteng ofe oa limela.”

Welwitschia e ka shebahala e le pokella ea makhapetla a pota-potileng kutu ea sefate, empa ha e le hantle e na le makhapetla a mabeli feela. Ka lebaka la moea oa lehoatateng, makhapetla ana aa taboha e ba makeletsana. Ka Seafrikanse se bitsoa tweeblaarkanniedood, eo ha e le hantle e bolelang “makhapetla a mabeli a sa shoeng.” Leo ke lebitso le tšoanelang semela see hakaakang! Ka linako tse ling mocheso libakeng tsena o phahamela likhatong tse 40 tsa Celsius motšehare ’me bosiu mohatsela e ka ba o kenellang masapong, ho bile ho se na lifate tse bobisang bohale ba moea. Le hoja hoo e ka bang limela tsohle li tšepile ho monya metsi mobung ka methapo ea tsona, ha ho joalo ka semela sa welwitschia. Karolelano ea pula Namibia e ka tlaase ho limilimithara tse 25 ka selemo, ’me ka linako tse ling ho feta lilemo tse ngata pula e sa ne! Maemong ana, semela sena sona se tsoela pele ho hōla ’me makhapetla a sona a ntse a le matalana. Bo-rasaense haesale ba eme le monn’a-mateneng hore na sena se etsahala joang. Ho bonahala karabo e le hore makhapetla a welwitschia a monya mouoane o tlang le meea e tsoang leoatleng e fokelang lehoatateng.

Makhapetla a welwitschia ha a shoe ebe ho mela a mang a macha. ’Ona ana a khale a tsoela pele ho hōla bophelo bohle ba semela sena. Ha le harolloa, lekhapetla le leng le ile la fumanoa le le bolelele ba limithara tse 8,8. Ak’u nahane feela hore na haeba lintlha tsa makhapetla a semela sena li ne li sa omelle le ho kumeha, a ne a tla ba malelele hakae! Rasaense e mong ha a hlalosa makasineng ea Veld & Flora, o re: “Welwitschia e phelang lilemo tse 1500, lekhapetla la eona le ka hōla ho ba bolelele ba limithara tse 225 [maoto a 740].” Empa na semela seo se ka hla sa phela lilemo tse ngata hakaalo? Buka e bitsoang The World Book Multimedia Encyclopedia e re ho tiisa taba: “Semela sa welwitschia se hōla butle ’me hangata se phela lilemo tse 1 000 ho isa ho tse 2 000.”

Ka sebele welwitschia ke semela se phelang ka tsela e tsotehang. Na ebe ho na le mabaka a etsang hore semela see se ikhethang se khone ho phela nako e telele hakaale tlas’a maemo a bohale joalo a lehoatateng? Ha e le hantle, re tlameha ho leboha Moqapi oa bohlale bohle, ’Mōpi, Jehova Molimo, ea etsang “limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho.”—Pesaleme ea 104:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela