Thabo le Liphephetso Tsa Lilemo Tsa Bocha
LILEMO TSA BOCHA e ka ba nako e monate haholo bophelong. Ka sebele, ho ba bangata ho joalo. ’Me batho ba bangata ba baholo ba motlotlo ha ba hetla morao lilemong tsa bona tsa bocha.
Ka nako e tšoanang, ho tlameha ho hlokomeloe hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Sena se baketse bacha khatello, khatello e fapaneng le eo meloko ea pele e neng e tobana le eona. Mohlomong ke ka lebaka leo Sabrina Solin Weill, mohlophisi e moholo oa makasine ea bacha, a hlalosang hore phihlelo ea lilemo tsa bocha e tšoana le “ho tsamaea holim’a ropo e tiileng ho se nete e u khakeletsang.” Ka sebele, nako ena ea pherekano bophelong e ka ba eo ba nang le maikutlo a sa tloaelehang, ho tšoenyeha le ho ferekana. Weill o oa ngola: “Ba tšoasehile pakeng tsa bongoana le ho ba batho ba baholo, bacha ba siiloe ba shebane le litšobotsi tse mpe ka ho fetisisa tsa ho ba bana le batho ba baholo.”
Haeba u sa le lilemong tsa bocha, u ka sebetsana ka katleho joang le liphephetso tseo u tobanang le tsona? Haeba u motsoali oa ngoana ea lilemong tsa bocha, u ka thusoa ke eng ho hopola hore na lilemo tseo tse mabifi li ne li le joang ’me kahoo, u utloisise hamolemo seo mora kapa morali oa hao a fetang ho sona? Letotong lena, re mema bacha le batho ba baholo hore ba ke ba shebisise nako ea lilemo tsa bocha. Ho etsa joalo ho ke ke ha thusa bacha feela hore ba phomelle empa ho tla etsa le hore ba atlehe.