Na ho Lumela ho Molimo ke ho se Lumele Saense?
HA U bala ka saense, ho tloaelehile hore u fumane mantsoe a amanang le bolumeli. Ka mohlala, bo-rasaense ba ’nile ba bitsoa “baprista ba phahameng ba theknoloji e ncha,” ’me lilaboratori tsa bona li ’nile tsa bitsoa “litempele” kapa “litempelana.” Ke ’nete hore lipolelo tse joalo e mpa e le puo ea tšoantšetso feela. Leha ho le joalo, li ka etsa hore ho phahame potso ena ea bohlokoa: Na ho hlile ho na le lekhalo pakeng tsa saense le bolumeli?
Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha bo-rasaense ba ntse ba ithuta ho ea pele, ba tla suthela thōko haholoanyane le tumelo leha e le efe ea hore Molimo o teng. Ke ’nete hore ho na le bo-rasaense ba bangata ba khesang tumelo ea bolumeli. Empa ho na le ba bang ba bangata ba iphumanang ba hlolloa ka ho tebileng ke bopaki bo teng bo bontšang hore lintho tsa tlhaho tse teng lefatšeng li entsoe ka morero. Bo-rasaense ba bang ha ba hlolloe feela ke tsela eo lintho li entsoeng ka eona; ba qala ho nahana ka Moetsi oa tsona.
Moea oa Liphetoho
Khopolo ea Charles Darwin ea ho iphetola ha lintho ka kakaretso e ’nile ea amoheloa ka lilemo tse lekholo le halofo. E ka ’na eaba batho ba bang ba rutehileng ba ne ba lebeletse hore hona joale, tumelo ea hore Molimo o teng e tla be e le feela ho batho ba sa rutehang, ba thetsoang habonolo le ba saletseng morao. Empa ho hang ha hoa ba joalo. Bo-rasaense ba bangata ba bolela phatlalatsa hore baa lumela hore ’Mōpi o teng. Ke ’nete hore ba ka ’na ba se ke ba lumela ho Molimo ka boeena kapa Bibeleng. Empa ba kholisehile hore bopaki bo teng linthong tsa tlhaho, bo bontšang hore lintho tseo li entsoe ka morero, bo bontša hore ho na le Moetsi ea bohlale.
Na bo-rasaense ba joalo ba ka qheleloa ka thōko e le ba saletseng morao? Ha se fana ka tlaleho ea bo-rasaense ba lumelang hore ho na le moetsi ea bohlale ea entseng bokahohle bo hlophisehileng le lintho tse phelang ho bona, sehlooho se neng se hlahloba buka e ’ngoe ho The New York Times, se ile sa re: “Ba fumane mangolo a Ph.D. ’me ba maemong a phahameng ho tse ling tsa liunivesithi tse hlahelletseng. Ha baa itšetleha ka Bibele ha ba hanyetsa khopolo ea Darwin; empa ba itšetlehile ka lintho tsa saense tseo ba li sibolotseng.”
Sona sehlooho seo se boetse se bontša hore ba buellang khopolo ea hore ho na le moetsi ea bohlale “ha ba bue feela tjee ka bothoto. . . . Seo ba se hanang ke hore khopolo ea Darwin e atileng kapa khopolo leha e le efe e ’ngoe ‘ea lintho tsa tlhaho,’ e bontšang hore lintho li iketsahalletse feela ntle ho morero, tsa ’na tsa fetoha ha nako e ntse e feta, e lekane ho hlalosa sohle se teng bophelong. Ba pheha khang ea hore lintho tsohle tse phelang lefatšeng li na le bopaki bo bongata bo bontšang hore li entsoe ka bohlale—bopaki bo batlang bo kholisa ka ho feletseng ba hore ho na le Moetsi ea Bohlale.”a
Liqeto tse joalo li tloaelehile ka ho hlollang har’a bo-rasaense. Ka mohlala, phuputso e entsoeng ka 1997 e ile ea sibolla hore bo-rasaense ba bane ho ba leshome ba United States baa lumela hore Molimo o teng. Karo-karolelano eo e ’nile ea lula e sa fetoha ho tloha ka 1914 ha ho ne ho etsoa phuputso e tšoanang le eo.
Ke ho utloahalang hore linaheng tseo ho tsona batho ba sa sekamelang bolumeling, tse kang Europe, karo-karolelano e ba tlaase. Empa koranta ea Brithani, The Guardian, e ile ea tlaleha hore “litsebi tse sebetsanang le saense e tebileng haholoanyane, e kang fisiks le jioloji, ke tsona tse lumelang ka bongata haholo [hore Molimo o teng], ha litsebi tse sebetsanang le saense e sa tebang hakaalo, e kang thuto mabapi le batho, e le tsona tse sa lumeleng ka bongata.” E ile ea phaella: “UK e na le mekhatlo e kang ea Bakreste lefapheng la Saense.” Koranta eo e ile ea boela ea bolela hore Great Britain, “liithuti tse ngata tsa saese li ea kerekeng ho feta tse ithutelang bonono.”
Leha ho le joalo, ho bonahala boholo ba bo-rasaense bo soma khopolo ea hore ’Mōpi o teng. Ho nyatsa hoo ha bona ka matla ho fana ka khatello e khōlō. Setsebi sa linaleli, Allan Sandage, se re “ho ba le ho tsilatsila ho itseng ha motho a tlameha ho ipolela hore eena ke molumeli.” Hobane’ng? O re “lenyatso”—e leng khanyetso le nyeliso e tsoang ho bo-rasaense-’moho—“le ba matla haholo.”
Ka lebaka leo, bo-rasaense ba lekang ho hlahisa maikutlo a hore saense ha e hlile ha e hohlane le khopolo ea hore ’Mōpi o teng, ba iphumana ba koaheloa ke maikutlo a matla a ba sa lumeleng seo. Lihlooho tse latelang li tla lebisa tlhokomelo maikutlong a bana bao hangata ba hlokomolohuoang le hore na ke hobane’ng ha bo-rasaense bana bona ba ikutloa ka tsela eo. Empa uena u ameha joang? Na saense e ka u thusa hore u fumane Molimo? Ka kōpo tsoela pele u bala.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Barutehi le bo-rasaense ba hlahelletseng ba boletseng phatlalatsa hore ba tšehetsa khopolo “ea Moetsi ea Bohlale” ba akarelletsa Phillip E. Johnson, ea rutang molao Univesithing ea California, Berkeley; setsebi sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang, Michael J. Behe, mongoli oa buka Darwin’s Black Box—The Biochemical Challenge to Evolution; setsebi sa lipalo, William A. Dembski; rafilosofi oa ho beha mabaka ka saense, Alvin Plantinga; litsebi tsa fisiks, John Polkinghorne le Freeman Dyson; setsebi sa linaleli, Allan Sandage; le ba bang ba bangata bao re ke keng ra khona ho ba thathamisa kaofela.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
Stars: Courtesy of ROE/Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin