Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 7/8 maq. 13-16
  • Lebaka la Hore Bo-rasaense ba Bang ba Lumele ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka la Hore Bo-rasaense ba Bang ba Lumele ho Molimo
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bokahohle bo Hlophisehileng Hantle Hakana bo Bile Teng ka Tšohanyetso?
  • Qaka ea ho Hlalosa ho Rarahana ha Lintho
  • Ho se Lumellane ho Teng Mesaletseng ea Lintho Tsa Boholo-holo
  • Ho Amohela Bopaki
  • Na ke ho Utloahalang ho Lumela ho Molimo?
    Tsoha!—2010
  • Na bo Qapiloe ka Morero Kapa bo Bile Teng Feela?
    Tsoha!—2009
  • U ka Fumana Likarabo Hokae?
    Tsoha!—2004
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 7/8 maq. 13-16

Lebaka la Hore Bo-rasaense ba Bang ba Lumele ho Molimo

SAENSE e lula e sibolla liphiri tse ncha ka bokahohle le bophelo bo teng polaneteng ena ea rōna. Leha ho le joalo, bo-rasaense le batho feela ba sa rutehang ka ho tšoanang ba ntse ba tobana le lipotso tsa bohlokoa tse kang tsena: Bokahohle bo bile teng joang? Pele ho bona ho ne ho e-na le eng? Ke hobane’ng ha ho bonahala bokahohle bo entsoe ka tsela eo ka ho khetheha bo lokelang ho tšehetsa lintho tse phelang? Bophelo bo bile teng joang moo lefatšeng?

Saense e ntse e hlōleha ho arabela lipotso tse joalo. Batho ba bang ba na le pelaelo ea hore na e sa tla ke e li arabe na. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba ikutloa ba tlameha ho nahana bocha ka maikutlo a bona le lintho tseo ba li lumelang. A re hlahlobeng liphiri tse tharo tse etsang hore bo-rasaense ba bang ba ipotse hore na ebe ’Mōpi o teng.

Na Bokahohle bo Hlophisehileng Hantle Hakana bo Bile Teng ka Tšohanyetso?

Potso e ’ngoe e khōlō ke e amanang le ho hlophiseha ha bokahohle ba rōna. Ke hobane’ng ha bokahohle bo e-na le melao e sa fetoheng ea tlhaho hammoho le lintho tse ling tse sa fetoheng tseo ka nepo le ka ho phethahetseng li tšehetsang polanete e kang ee ea rōna hammoho le lintho tse phelang ho eona?

Re bolela’ng ka hore bo hlophisehile hantle? Ka mohlala, nahana ka ho hlophiseha ho feletseng ha matla a tlhaho a mane a ka sehloohong: matla a makenete ea motlakase, matla a khoheli, matla a nyutlelie a maholo le a manyenyane.a Matla ana a ama ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng. A hlophisitsoe le ho leka-lekanngoa ka nepo hoo esita le phetoho e nyenyane feela e ka etsang hore ho se be le bophelo bokahohleng.

Ho batho ba bangata ba nahanang hantle, tlhaloso ea seo e lokela ho feta feela tlhaloso ea hore lintho tseo tsohle li iketsahaletse feela. John Polkinghorne, eo e kileng ea e-ba setsebi sa fisiks Univesithing ea Cambridge, o ile a etsa qeto ena: “Ha u lemoha hore melao ea tlhaho e tlameha ebe e hlophisitsoe hantle e le hore ho be le bokahohle boo re bo bonang, sena se kenya khopolo ea hore bokahohle ha boa iketsahalla feela tjee, empa e tlameha ebe ho na le morero o itseng ka bona.”

Setsebi se seng sa fisiks sa Australia, Paul Davies, le sona se fane ka maikutlo a tšoanang: “Ha ho pelaelo hore bo-rasaense ba bangata ba . . . nyatsa khopolo ea hore e tlameha ebe Molimo o teng, kapa hona hore ho na le mohloli o ka sehloohong.” Sea phaella: “’Na ha ke lumellane le maikutlo ao a bona a nyatsang khopolo eo. . . . Ke sitoa ho lumela hore boteng ba rōna bokahohleng bona e bile ntho e iketsahalletseng feela, . . . ntho e bileng teng ka tšohanyetso bokahohleng bona bo boholo bo hlophisitsoeng.”

Qaka ea ho Hlalosa ho Rarahana ha Lintho

Bothata ba bobeli bo qakang bo-rasaense ba kajeno bo amana le ho rarahana ho hoholo ha lefatše le re potolohileng. Kelello e re bolella hore haeba ntho e rarahane haholo, menyetla ea hore ebe e etsahetse ka tšohanyetso ea fokola. Nahana ka mohlala ona.

Ho na le liphetoho tse ngata tsa lik’hemik’hale tse tlamehang ho etsahala mohato ka mohato hore ho be le DNA, e leng motheo oa bophelo. Lilemo tse mashome a mararo tse fetileng, Dr. Frank Salisbury oa Univesithi ea Utah State, U.S.A., o ile a sebetsa lipalo ho fumana hore na ho na le menyetla e mekae ea hore molek’hule ea DNA, e hlokahalang hore bophelo bo be teng, e itlhahise. Lipalo tseo li senotse hore menyetla eo e menyenyane hoo ho ea ka melao ea lipalo, e leng ntho e ke keng ea etsahala.b

Ho rarahana ho bonahala le ho feta ha lintho tse phelang li e-na le likarolo tse rarahaneng tse neng li ke ke tsa e-ba le thuso ha ho se na tse ling hape tse rarahaneng. A re ke re lebiseng tlhokomelo mohlaleng oa ho ikatisa.

Ho latela khopolo ea ho iphetola ha lintho, lintho tse phelang li ile tsa tsoela pele ho ikatisa ha li ntse li rarahana le ho feta. Leha ho le joalo, neng-neng mefuta e mengata ea lintho tse tšehali e ile ea tlameha ho ba le lisele tsa ho ikatisa tse hlokang ho emolisoa ke peō e tōna e nang le lisele tse lumellanang le eona. E le hore ho be le likaroloana tse nang le liphatsa tsa lefutso bakeng sa ngoana, lisele tsa tsoalo tsa motsoali ka mong li feta tlas’a mohato oo ho oona li salang ka halofo ea palo e tloaelehileng ea likaroloana tseo. Mohato ona o etsa hore ngoana a se ke a ba le likaroloana tse ngata ho tlōla tekano tse nang le liphatsa tsa lefutso.

Ho hlakile hore mohato ona o ne o tla hlokahala le bakeng sa mefuta e meng ea lintho tse phelang. Joale, ho tlile joang hore ebe “’mè oa pele” oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang o ile a khona ho emola ka peō e loketseng ea “ntate oa pele”? Ke joang ka tšohanyetso bobeli ba bona ba neng ba ka khona ho arola palo ea likaroloana tse nang le liphatsa tsa bona tsa lefutso tse liseleng tsa tsoalo ka tsela e nepahetseng hore li hlahise bana ba phelang hantle, ba nang le litšobotsi tsa batsoali ka bobeli? ’Me haeba mehato ena ea ho ikatisa e etsahetse butle-butle, ke joang mofuta o motona le o motšehali oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang o neng o ka pholoha haeba mehato e joalo ea bohlokoa e ne e le hona e ntseng e etsahala butle?

Esita le mofuteng o le mong feela oa ntho e phelang, monyetla oa hore ebe mehato ena ea ho ikatisa e bile teng ka tšohanyetso, o monyenyane hoo o ke keng oa baloa le ho baloa. Ho ke ke ha hlalosoa ka ho hlaka hore mehato ena ea ho ikatisa e etsahetse ka tšohanyetso mefuteng e fapaneng ea lintho tse phelang. Na khopolo-taba ea hore lintho li ikentse e ka hlalosa ho rarahana ho joalo? Ke joang liketsahalo tse bang teng ka kotsi, ka tšohanyetso le ntle ho morero li ka fellang ka tsamaiso e rarahaneng joalo ea mehato e lumellanang? Lintho tse phelang li na le litšobotsi tse ngata tse fanang ka bopaki ba hore ho bile le ponelo-pele le morero—sesupo sa hore ho na le ea bohlale ea li rerileng.

Litsebi tse ngata li fihletse qeto eo. Ka mohlala, setsebi sa lipalo, William A. Dembski, se ngotse hore “tlhophiso e bohlale” e totobetseng “linthong tseo re li bonang tlhahong . . . li ka hlalosoa feela ka nepo ka hore li na le mohloli o bohlale.” Setsebi sa limolek’hule tsa lintho tse phelang, Michael Behe, o akaretsa bopaki bona tjena: “U ka ba Mok’hatholike ea tšepahalang ’me ua ’na ua lumela khopolo ea Darwin. Leha ho le joalo, thuto ea lintho tse phelang e entse hore ho be thata le ho feta hore motho e be rasaense ea nahanang lintho ka ho teba ebe o ntse a lumela khopolong ea Darwin.”

Ho se Lumellane ho Teng Mesaletseng ea Lintho Tsa Boholo-holo

Qaka ea boraro e emisitseng bo-rasaense ba bang lihlooho ke e amanang le tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo. Haeba lintho li ’nile tsa iphetola ka lilemo tse ngata-ngata, re ka lebella ho fumana mesaletsa e mengata ea lintho tse nyallanang, kapa tse hokahanyang mefuta e ka sehloohong ea lintho tse phelang. Leha ho le joalo, mesaletsa e mengata-ngata ea lintho tsa boholo-holo tse sibolotsoeng ho tloha mehleng ea Darwin ha e fane ka bopaki ba seo. Ha ho na lintho tse hokahanyang mefuta ea lintho tse phelang!

Ka hona, bo-rasaense ba bangata ba fihletse qeto ea hore bopaki ba hore lintho li iphetotse bo fokola haholo ’me bo hanana le taba ea hore lintho li fela li iphetotse. Moenjiniere oa lifofa-sebakeng, Luther D. Sutherland o ile a ngola tjena bukeng ea hae ea Darwin’s Enigma: “Bopaki ba saense bo bontša hore ho tloha ha mofuta leha e le ofe oa bophelo o ne o qaleha Lefatšeng, ho tloha ka sele e le ’ngoe feela e nyenyane ho isa ho motho, mofuta ka mong o ne o feletse ’me litho tsa oona le libōpeho tsa oona li ne li phethehile ’me li sebetsa ka ho phethahetseng. Qeto e ke keng ea qojoa, e ka fumanoang tabeng ena ke ea hore ho ne ho e-na le bohlale bo itseng bo bileng teng pele ntho ea pele e phelang e e-ba teng Lefatšeng.”

Ka lehlakoreng le leng, tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e lumellana hantle le kamoo lintho tsohle tse phelang ka mefuta ea tsona li bileng teng joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Bibele ea Genese. Donald E. Chittick, setsebi sa physical chemistry se fumaneng lengolo la doctorate degree Univesithing ea Oregon State, o re: “Ho hlahlobela haufi tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo ho tla etsa hore motho a fihlele qeto ea hore liphoofolo li ile tsa tsoalana ka mefuta ea tsona joalokaha Genese e bolela. Ha lia ka tsa fetoha ho tloha mofuteng o mong ho ea ho o mong. Bopaki bo teng hona joale, joalo feela ka mehleng ea Darwin, bo lumellana le tlaleho ea Genese ea hore lintho li bōpiloe ka ho toba. Liphoofolo le limela li tsoela pele ho ikatisa ho ea ka mefuta ea tsona. Ha e le hantle, ho se lumellane ho teng pakeng tsa thuto ea mesaletsa ea lintho tsa khale le khopolo ea Darwin ho matla hoo bo-rasaense ba bang ba qalang ho lumela hore ha ho na mohla ho tla ke ho fumanoe lintho tse ka li hokahanyang hantle.”

Ho Amohela Bopaki

Se boletsoeng ka holimo se bontša feela tlhase ea lipotso tse hlokang likarabo, tse emisitseng ba hanang bopaki ba hore ’Mōpi o teng lihlooho. Bo-rasaense ba bang baa hlokomela hore ho hana boteng ba Molimo ke taba e thehiloeng likhopolong tse inahanetsoeng, e seng ka lebaka la bopaki ba sebele le ka mabaka a utloahalang.

Ka hona, ka mor’a ho qeta bophelo bohle ba hae a etsa lipatlisiso tse atlehileng tsa saense, setsebi sa linaleli, Allan Sandage, se itse: “Ho ithuta ha ka saense ke hona ho entseng hore ke fihlele qeto ea hore lefatše le rarahane ho feta kamoo saense e ka le hlalosang kateng. Ke ka matla a phahametseng tlhaho feela nka utloisisang sephiri sa boteng ba lintho tsohle.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona khaolo ea bobeli bukeng ea Is There a Creator Who Cares About You?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b O ile a hakanya hore molek’hule ena e na le menyetla ea ho ba teng ka mor’a hore ho be le liphetoho tsa lik’hemik’hale tsa tlhaho lipolaneteng tse 100,000,000,000,000,000,000 (1020) “tse e loketseng,” ’me e ka ba ka lilemo tse fetang limilione tse likete li ’nè. Ho na le menyetla e mekae ea hore molek’hule e le ’ngoe ea DNA e be teng? O hakanyetsa hore e ka ba o le mong ho e 10415!

[Lebokose le leqepheng la 14]

Lipotso tse emisang bo-rasaense lihlooho

◼ Ke hobane’ng ha ho e-na le ho hlophiseha ho hlollang hakaale matleng a tlhaho a mane, a etsang hore bokahohle hammoho le bophelo bo be teng?

◼ Ho rarahana ho hoholo le hoo hangata ho ke keng ha nolofatsoa ha lintho tse phelang, ho ka hlalosoa joang?

◼ Ke hobane’ng ha tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e haelloa, hona bopaki bo hokahanyang lintho tse phelang tsa boholo-holo le tse ka sehloohong tse phelang hona joale bo kae?

[Lebokose le leqepheng la 16]

Na ho iketsahalletse feela tjee ka tšohanyetso?

Haufinyane tjena ha National Geographic e sa tsoa hatisa sekoahelo se ipiletsang, se bontšitseng kamano e lerato ea ’mè le ngoana, ’mali e mong o ile a ngolla makasine ena: “Setšoantšo sa ’mè le ngoana se hlahileng leqepheng le ka holimo se setle bo tsoileng matsoho. Ke sitoa ho utloisisa hore na ke joang motho leha e le ofe, a ka shebang ngoana ea khahlang joalo, eo likhoeli tse robong tse fetileng e neng e le lehe le bonyenyane ba hlooho ea phini, ebe o nka mohlolo o joalo e le ntho e iketsahalletseng feela tjee ka tšohanyetso.”

Ba bangata ba tla lumellana le eena. Mongoli ebile e kile ea e-ba moprofesa oa fisiks ea nyutlelie, Dr. Gerald Schroeder, o bapisa monyetla oa hore ebe bokahohle le bophelo li bile teng ka tšohanyetso le monyetla oa hore motho a hape lothari ka makhetlo a mararo a latellanang: “Le pele u il’o lata moputso oa hao oa boraro, u tla be u le tseleng e eang chankaneng bakeng sa bomenemene boo u bo entseng. Monyetla oa hore u hape makhetlo a mararo a latellanang, kapa makhetlo a mararo bophelong, o monyenyane hoo le ho u nahana e leng ho ingamola hlooho feela.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Haeba matla ana a mane a ne a sa hlophisoa hantle le ka ho leka-lekana, ho ne ho ke ke ha e-ba le ntho e phelang

Matla a manyenyane a nyutlelie a etsa hore letsatsi la rōna le lule le ntša khanya le mocheso ka tsela e itekanetseng

Matla a khoheli a etsa hore lintho li lule lefatšeng

Matla a maholo a nyutlelie a etsa hore khubu ea athomo e lule e momahane

Matla a makenete ea motlakase ke matla a bakang lehalima

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Lintho tse iketsahallang feela ka tšohanyetso li ne li ka hlahisa ntho e rarahaneng joaloka sele e le ’ngoe le DNA ea eona joang, re se re sa re letho ka motho ka boeena?

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e hlōlehile ho fana ka bopaki ba hore lintho tse phelang li ’nile tsa iphetola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela