Lavender—Mpho Lithong Tsa Kutlo
Ka mongoli oa Tsoha! Australia
MOFUMAHALI ELIZABETH OA I oa Engelane o ile a laela hore senoko sa eona se lule se le teng tafoleng ea borena. Charles VI oa Fora o ne a lula mesangoaneng e entsoeng ka eona. Mofumahali Victoria oa Engelane o ne a itlhatsoa ka eona. Ke eng ee e neng e ratoa hakaale ke ba lelapa la borena? Sehlahla se monko o monate se tsejoang ka hore ke lavender. Mang kapa mang ea kileng a ema har’a masimo a lavender a ’mala o pherese o tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata hakana ba hapiloe ke semela sena se monko o monate.
Ho na le mefuta e fetang 30 ea lavender. Setlama sena se sa tšabeng serame se atleha maemong a leholimo a sa tšoaneng, ho tloha moeeng o batang oa mokoloko oa lithaba tsa Fora ho ea mochesong o ommeng oa Bochabela bo Hare. Lavandula, e leng lebitso la semela sena ho ea ka litsebi tsa limela, le tsoa lentsoeng la Selatine lavare, le bolelang “ho hlatsoa.” Le nkiloe tloaelong ea Baroma ba boholo-holo, ba neng ba tšela oli ea lavender e nkhang hamonate ka metsing ha ba tola.
Moriana oa Khale
Lavender e qalile ho sebelisoa e le moriana lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Mehleng e Bohareng, e ne e le e ka sehloohong motsoakong o neng o tsejoa e le asene ea masholu a mane, e neng e sebelisoa ho loantša lefu la seoa. Ho ka etsahala hore asene eo e fumane lebitso la eona tabeng ea hore masholu a mabitleng, a neng a phahlolla lintho tsa bafu ba bolailoeng ke lefu la seoa, a ne a hlapa ka motsoako ona o entsoeng ka lavender. Ho sa tsotellehe likotsi tsa mosebetsi oa ’ona, ho bonahala a ne a sa tšoaetsoe ke lefu lena hangata.
Ba neng ba phekola ka litlama lekholong la bo16 la lilemo ba ne ba bolela hore lavender e ne e ke ke ea phekola sefuba le hlooho feela empa le ho holofala matsohong le maotong le methapo ea kelello. Ho phaella moo, ba ne ba lumela hore ho roala katiba e entsoeng ka lavender ho ne ho tla eketsa bohlale ba motho. Morao tjena Ntoeng ea I ea Lefatše mebuso e meng e ile ea kōpa baahi ba eona ho bokella lavender lirapeng tsa bona tsa lipalesa e le hore oli e tlhotliloeng ho eona e ka sebelisetsoa ho tlotsa maqeba a masole.
Ho Hlahlojoa Tšebeliso ea Eona ea Khale
Oli e ’ngoe ea lavender, haholo-holo ea Lavandula angustifolia, ho bonahala e e-na le phello e itseng mefuteng e ’maloa ea libaktheria le li-fungus. Bafuputsi ba bang ba bontša hore oli ea lavender e ka ’na ea thusa ho phekola tšoaetso ea libaktheria tse seng li setlela merianeng e thibelang likokoana-hloko. Phuputso e ’ngoe ea morao tjena e itse: “Oli ea lavender e ’nile ea sebelisoa le ha ho pepisoa baimana. Tekong e ’ngoe e khōlō e ileng ea etsoa tleleniking, ho ile ha bontšoa hore bo-’mè ba sebelisang oli ea lavender [metsing a bona ha ba tola] ba ne ba bua ntho e tšoanang ea hore mahlaba a bona a fokotsehile haholo matsatsing a 3 ho ea ho a 5 ka mor’a hore ba belehe . . . Oli ea lavender hona joale e boetse e sebelisoa likamoreng tse ngata tsa ho pepisa hobane ho bonahala e hlile e thoba.”
Ho thoe’ng ka hore Mofumahali Elizabeth o ne a rata hore a utloe tatso ea lavender lijong? Na lavender e ka hla ea jeoa? Judyth McLeod bukeng ea hae ea Lavender, Sweet Lavender, o re: “Lavender e ne e le senoko se ratoang mophehong oa Lelapa la Borena le oa nakong ea puso ea Elizabeth oa Engelane, se neng se sebelisoa ho natefisa nama ea phoofolo e tsonngoeng, nama e besitsoeng, le salate e entsoeng ka litholoana, se fafatsoa lijong tse tsoekere, kapa e jeoa e le limenyemenye ka boeona.” Kajeno mefuta e meng ea lavender e sebelisoa ho natefisa libiskiti, likuku le ice cream. Ka lehlakoreng le leng, hase mefuta eohle e ratehang—haholo-holo likokoanyaneng. Ha e le hantle phuputso e ’ngoe e itse, “Oli ea lavender kapa makhasi a sitsoeng le lipalesa le tsona li ka ’na tsa sebelisoa khoebong . . . hape e ka sebelisoa e le chefo e bolaeang likokoanyana kaha ho sebelisoa ha eona ho thibela bohloa, tšupa, hoaba le tšoele.”
E Batloa ka Bongata
Lilemong tsa morao tjena batho ba bangata ba boetse ba rata lavender haholo. Hona joale e lengoa Amerika Leboea, Australia, Europe, Japane le New Zealand. Byron, setsebi se senyenyane sa temo ea limela, ea hlokomelang lihekthere tse 10 tsa semela sa lavender ka leboea bochabela ho Victoria, Australia, o re: “Lavender e tšoana le veine. Oli e hlahang mofuteng o tšoanang oa lavender e fapana ho ea ka libaka, kaha e angoa ke mobu le tlelaemete eo e lengoang ho eona. Esita le nako eo e kotuloang ka eona le mokhoa oo e kotuloang ka oona li ka ama se hlahisoang qetellong.”
Ho fapana le veine, oli ea lavender ha e ntšoe ka ho hatikeloa empa ka ho futheloa ka mouoane. Byron o oa hlalosa: “Ho hlokahala lik’hilograma tse 250 tsa lavender ho hlahisa lithara e le ’ngoe ea oli. Lipalesa tse sa tsoa khuoa, mahlaka le mahlaku li hatelloa li le ngata ka moqomong o moholo oa tšepe. Ho pompeloa mouoane ka moqomong ona, ’me ha o feta har’a semela sena, se ntša oli. Mouoane ona le oli li feta moo li tlhotloang teng ebe li fetela ka pitseng, moo oli e itšekang ebe e phaphamala ka holim’a metsi. Oli e ea okoloa ’me e tšeloe ka meqomong e alelitsoeng ka letsopa, ebe e tlohelloa hore e loee hantle ka likhoeli tse ’maloa.”
Oli ea lavender e tsoang polasing ea Byron e sebelisoa lisepeng, litlolong le likereseng. Lipalesa li rekisoa li sa tsoa khuoa kapa li omisitsoe, ’me lihlohoana tsa tsona li nkoa e le motsoako oa bohlokoa haholo oa lipalesa tse omisitsoeng tse nkhisang hamonate. Selemo le selemo ho tla bahahlauli ba likete ho tla latsoa limonate tsa lavender le ho tla boha le ho utloa monko o monate oa masimo a lavender. Hangata Byron o hopotsa baeti bana ba tletseng kananelo: “Ha re etse oli; re mpa re e tlhotla feela. Moetsi oa lavender ke Eena ea faneng ka semela sena e le mpho lithong tsa rōna tsa kutlo.”
[Lebokose le leqepheng la 25]
Ho hlahisoa mefuta e meraro ea lavender bakeng sa khoebo
Oli ea lavender ea sebele e tlhotloa mofuteng o tsejoang e le “Lavandula angustifolia.” Ho fapana le lioli tse boletsoeng ka tlaase, e na le monko o fokolang oa “camphor” kapa ho hang ha o eo. Selemo le selemo ho hlahisoa lithane tse ka bang 200.
Oli ea lavender e hahlamelang e tsoa semeleng sa “Lavandula latifolia.” Ho hlahisoa hoo e ka bang lithane tse 200 tsa eona ka selemo.
Oli ea lavandin e tsoa motsoakong oa mefuta e ’meli e boletsoeng ka holimo. Ho rekisoa lithane tse fetang sekete tsa eona lefatšeng ka bophara selemo le selemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mapolasing a mangata ho ntse ho sebelisoa mekhoa ea khale ea ho kotula lavender
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Oli ea lavender e tlhotleloa lifaking tse khōlō
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Oli ea lavender e loela ka pitseng ea tšepe e alelitsoeng ka letsopa pele e ka sebelisoa lihlahisoeng tse sa tšoaneng