Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 7/8 leq. 32
  • ’Mè ea Nang le Temoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mè ea Nang le Temoho
  • Tsoha!—2004
Tsoha!—2004
g04 7/8 leq. 32

’Mè ea Nang le Temoho

’Mè ea nang le temoho le ea hlokomelang seo bana ba hae ba se hlokang o etsa boiteko bo matla ho ba fepa ka lijo tse matlafatsang. O bonahatsa mafolofolo a tšoanang le ha a lokisetsa lijo tsa moea.

Haufinyane tjena, mosali e mong o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova naheng eo a bolela kamoo a ananelang sengoliloeng se reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? O ngotse: “Bukana eo e ile ea nkama pelo haholo. Ha ke habanya thuto e buang ka mekhoa e sa amoheloeng ke Molimo, ke ile ka phakisa ka hlakeloa hore ke lokela ho qoqa ka boitsebiso bona ba bohlokoa le bana ba ka—e leng banana ba babeli, ba lilemo li 10 le 11, le moshanyana ea lilemo li hlano.” O oa phaella: “Ke habohlokoa hakaakang ho ba le lingoliloeng tse kang tsee ho ruta ba lelapa la ka litsela tsa Molimo!”

O bile a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng tse thehiloeng Bibeleng. Haeba le uena u lapetse lijo tsa moea, ’me u ipatlela tsona le ba lelapa la hao, u ka fumana bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Tlatsa setlankane se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa ho e ’ngoe e loketseng liatereseng tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela