Ho Qhekella—Bothata ba Lefatše Lohle
HO BONAHALA Wayne e ne e le tjaka, a bile a bua ka bonolo, e leng sona hantle seo Karen a neng a se batla ho monna. Karen o ile a re: “E ne e le sona hantle seo ke neng ke se rapella ebile ke se lebeletse. E mong le e mong ea neng a re bona o ne a re bona re tšoanelana ka ho phethahetseng. O ne a etsa hore ke ikutloe eka ha ke hate fatše.”
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le bothata. Wayne o ile a bolella Karen hore o boemong ba boraro ho ba ikarabellang Mokhatlong oa Sekhukhu oa Mautloela oa Australia. O ne a batla ho tlohela mosebetsi, empa ba hana ho mo lokolla. O ne a se a tseba likhōlō. Ba ne ba tla mo bolaea! Ba le hammoho ba rala moralo. Ba ne ba tla nyalana, ebe ba kopanya sohle seo ba nang le sona, ba tsoa Australia, ebe ba balehela Canada. Karen o ile a rekisa ntlo ea hae hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae eaba o fa Wayne chelete.
Ba ile ba nyalana joalokaha ho reriloe. Wayne o ile a tsoa ka har’a naha a baleha, empa Karen o ne a setse, a lahliloe kherehloa, a e-na le chelete e ka tlaase ho liranta tse mashome a mararo bankeng. O ile a elelloa kapelenyana hore o tšoasitsoe lerabeng la mashano a khabisitsoeng a lohelletsoeng ka morero o le mong feela oa ho mo qhekanyetsa. Joalo feela ka motšoantšisi, Wayne o ne a ikhakantse—e leng tsela e neng e ipiletsa hantle ho Karen. Semelo sa hae, lintho tseo a li thahasellang, botho ba hae le lerato leo a neng a ipolela hore o mo rata ka lona e ne e le lintho tseo a iqapetseng tsona hore a tle a mo tšepe—e leng tšepo e ileng ea mo ja liranta tse fetang limilione tse 1,32. Ofisiri e ’ngoe ea sepolesa e itse: “O harasantsoe maikutlo. Ha ho behelloa taba ea chelete ka thōko—ke ntho e makatsang hore motho a ka utloisa e mong bohloko joalo.”
Karen o re: “Maikutlo a ka a farasitse. Monna enoa o ile a iketsa seo a seng sona ho hang.”
Karen ke e mong feela oa liphofu tse se nang palo tsa ho qhekelloa lefatšeng ka bophara. Ha ho tsebahale hore na ba bang ba qhekelloa chelete e kae, le hoja ho hakanngoa hore ke chelete e balloang ho libilione tsa liranta ’me e ea eketseha selemo le selemo. Ntle le ho lahleheloa ke chelete, liphofu tse kang Karen li utloile bohloko haholo maikutlong ka ho tseba hore ho na le motho ea nkileng monyetla ka tsona—hangata e le motho eo li neng li mo tšepile.
Thibelo ke Bohato ba Bohlokoahali
Qhekello e hlalosoa e le “leano kapa ho thetsa ka boikemisetso ba ho fumana chelete ka mekhoa e fosahetseng, ka litlaleho tsa lichelete kapa litšepiso.” Ka masoabi, boholo ba batho ba qhekellang ha bo fumane kotlo hobane hangata ho thata ho paka hore ke thetso e hlileng e entsoeng ka morero. Ho feta moo, baqhekelli ba bangata baa utloisisa ebile ba sebelisa menyetla leha e le efe ea molao—baa tseba hore na ba ka qhekella batho joang ka litsela tseo ho leng thata hore ba qosoe kapa ba ke ke keng ba qosoa ka tsona. Ho feta moo, ho qosa moqhekelli ho nka nako e telele haholo hape ho hloka chelete. Hangata ba ahloleloang litlōlo tsa bona tsa molao ke ba utsoitseng limilione-milione tsa liranta kapa ba entse ho hong ho tšosang ka ho lekaneng hore ho ka tsejoa ke batho ba bangata. Esita leha moqhekelli a ka tšoaroa ’me a fuoa kotlo, mohlomong o se a sebelisitse chelete eo a e nkileng ka ho qhekella kapa o se a e patile. Ka lebaka leo, ke ka seoelo ba qhekeletsoeng ba buseletsoang chelete e ba lahlehetseng.
Ka bokhutšoanyane, haeba u qhekeletsoe, ha ho moo u ka retelehelang teng bakeng sa se u lahlehetseng. Ho molemo le ho feta ke ho qoba ho tšoasoa ho e-na le ho leka ho fumana mokhoa oa ho fumana se u lahlehetseng. Monna ea bohlale o ile a ngola khale: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Sehlooho se latelang se tla hlalosa litsela tseo ka tsona u ka itšireletsang hore u se ke ua qhekelloa.