Pono ea Bibele
Na ho ba Bonolo ke Bofokoli?
“Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 TIMOTHEA 2:24.
NAKO e telele le pele re hlaha, letlalo la rōna le ntseng le bōpeha le ba le mokhoa oo le utloang ka oona ha le angoa. Ho tloha tsoalong re labalabela ho pholloa ke bo-’m’a rōna ka bonolo. Nakong ea bongoana, lerato leo re le bontšoang ke batsoali ba rōna le ama tloaelo ea rōna ea ho bososela, ho hōla ha rōna maikutlong esita le takatso ea rōna ea ho buisana le ba bang.
Leha ho le joalo, Bibele e boletse esale pele hore matsatsing a ho qetela, batho e ne e tla ba “ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho.” Litšoaneleho tse bontšang bonolo tse kang mosa le kutloelo-bohloko li ne li tla haella haholo, kaha batho e ne e tla ba “baithati,” le “ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-3.
Kajeno ba bangata ba na le maikutlo a hore ho hlokahala hore ba be thata le ho hloka kutloelo-bohloko. Ba bolela hore ho ba bonolo ke letšoao la bofokoli. Empa na ho joalo?
Ho ba Bonolo, Empa U le Matla
Jehova Molimo o boleloa e le “mohale oa ntoa.” (Exoda 15:3) Ke eena Mohloli o ka sehloohong oa matla. (Pesaleme ea 62:11; Baroma 1:20) Leha ho le joalo, matla a Jehova ha aa ka a mo thibela ho ba ‘le lerato le mofuthu haholo le mohau’ ha a putsa monna ea tšepahalang, Jobo. (Jakobo 5:11) Litšebelisanong tsa hae le Baiseraele, Jehova o ile a bontša hore o na le kamano e bonolo ka ho fetisisa le bona ka ho tšoantša maikutlo a hae le a ’mè ea anyesang ea hauhelang “mora oa mpa ea hae.”—Esaia 49:15.
Jesu ka ho tšoanang o ne a le matla a bile a le bonolo. O ile a nyatsa ka matla baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi ba mehleng ea hae. (Matheu 23:1-33) Hape ka mahlahahlaha o ile a leleka ba ananyang chelete tempeleng. (Matheu 21:12, 13) Empa na ho hloea ha Jesu bobolu le meharo ho ile ha mo etsa ea se nang kutloelo-bohloko? Le hanyenyane! Jesu o ne a tsebahala ka ho ba bonolo ho ba bang. Ka sebele, o ile a ba a itšoantša le khoho e nang le litsuonyana e “bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona.”—Luka 13:34.
Ho Tiisa Lifahleho Kapa ho ba le Botho bo Matla?
Bakreste ba ’nete ba khothalletsoa ho etsisa Kreste ka ho apara “botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo.” (Baefese 4:20-24) Re bolelloa hore re ‘hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona,’ joaloka lekhala le lahlang khaketla ea lona ea khale e le hore le hōle. (Bakolose 3:9) Leha ho le joalo, ho fapana le lekhala leo ’mele oa lona o thatafalang hape ka mor’a hore le lahle khaketla ea lona ea pele, re laeloa hore re apare “lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, . . . le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Joale bonolo e lokela ho ba tšobotsi e re khethollang.
Ho apara litšobotsi tse bontšang bonolo hase letšoao la bofokoli. Ho fapana le hoo, bo hloka hore re “matlafatsoe mothong eo [re] leng eena ka hare ka matla ka moea oa [Jehova].” (Baefese 3:16) Ka mohlala, monna ea bitsoang Lee o re: “Hase khale ha ke ne ke le motho ea sehlōhō, ea khopo. Esita le ponahalo ea ka e ne e tšosa, kaha ke ne ke kentse masale ’meleng. Ke ne ke ikemiselitse ho etsa chelete e ngata ’me ke ne ke sa qeaqee ho bua puo e litšila le ho ba mabifi e le hore nka fumana seo ke se batlang. Ke ne ke se na kutloelo-bohloko.” Leha ho le joalo, Lee o ile a qala ho ithuta Bibele le mosebetsi-’moho le eena ’me a tseba Jehova Molimo le ho mo rata. O hlobotse botho ba hae ba khale ’me o ithutile ho itšoara. Hona joale o bontša hore o rata batho ka ho ithaopela ho sebelisa nako ea hae ho ba thusa ho ithuta Bibele.
Ka nako e ’ngoe moapostola Pauluse le eena e ne e le “monna oa monyelisi” ea neng a sebelisa pefo bakeng sa ho finyella lipakane tsa hae. (1 Timothea 1:13; Liketso 9:1, 2) Leha ho le joalo, ha Pauluse a ananela mohau le lerato tseo a li bontšitsoeng ke Jehova Molimo le Jesu Kreste, o ile a arabela ka ho leka ka tieo ho etsisa litšobotsi tseo. (1 Bakorinthe 11:1) Le hoja Pauluse a ile a emela litekanyetso tsa Bokreste ka tieo, o ile a ithuta ho ba bonolo litšebelisanong tsa hae le ba bang. Ka sebele, Pauluse o ne a bontša barab’abo kameho e lerato e mofuthu a sa thijoe ke letho.—Liketso 20:31, 36-38 ; Filemone 12.
Ho Fumana Matla a ho ba Bonolo
Joalokaha phihlelo ea Lee le ea moapostola Pauluse li bontša, ho ithuta ho sebelisana le ba bang ka bonolo ha ho hloke hore motho e be ea fokolang. Ha e le hantle, ho hloka hore a be matla. Ho hloka matla a ’nete hore motho a fetole mohopolo oa hae le liketso le hore a loantše tšekamelo ea nama ea ho ‘busetsa bobe ka bobe.’—Baroma 12:2, 17.
Le rōna re ka ithuta ho ba le qenehelo e bonolo ka hore kamehla re bale Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lerato le mohau tseo Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste ba seng ba re bontšitse tsona. Ka ho etsa joalo, re tla lumella matla a Lentsoe la Molimo ho nolofatsa lipelo tsa rōna. (2 Likronike 34:26, 27; Baheberu 4:12) Ho sa tsotellehe hore na re hōletse malapeng a mofuta ofe kapa hore re bile le liphihlelo tse bohloko hakae, re ka ithuta ho ba “bonolo ho bohle.”—2 Timothea 2:24.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ntate ea molemo o tšoara bana ba hae ka tsela e bonolo