Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 1/8 leq. 18
  • “Hoja Feela Batho ba ne ba Tseba!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Hoja Feela Batho ba ne ba Tseba!”
  • Tsoha!—2005
Tsoha!—2005
g05 1/8 leq. 18

“Hoja Feela Batho ba ne ba Tseba!”

HOBA a qete sekolong se phahameng, ha bacha ba bangata ba shebile lintho tse bonahalang, David eena o ne a nahanne ho hong. Ka September 2003, eena le motsoalle oa hae ba ile ba fallela Dominican Republic ba tsoa Illinois, United States.a Davey, e leng kamoo metsoalle ea hae le lelapa labo ba neng ba mo bitsa kateng, o ile a etsa qeto ea ho ithuta Sepanishe le ho kopanela le Phutheho ea Navas ea Lipaki Tsa Jehova mosebetsing oa bona oa ho ruta Bibele. Phutheho e ile ea mo amohela ka mofuthu. Juan, eo e leng eena feela moholo phuthehong eo, o re: “Davey o ne a etsa ntho leha e le efe eo a e kōptjoang. Kamehla o ne a itella ba bang, ’me barab’abo rōna ba ne ba mo rata.”

Davey o ne a rata kabelo ea hae. Ha a ne a ngolla motsoalle e mong oa hae United State, o ile a re: “Monate oa mona ke o tsoang ka litsebe. Tšebeletso e khatholla haholo! Re bua metsotso e ka bang 20 ntlong e ’ngoe le e ’ngoe hobane batho ba batla ho utloa sohle seo u ka ba bolellang sona. Ke se ke khanna lithuto tse tšeletseng tsa Bibele, empa re ntse re hloka thuso. Sebokeng se seng sa phutheho ea rōna ea bahoeletsi ba ’Muso ba 30 ho ne ho le teng batho ba 103!”

Ka masoabi, ka la 24 April, 2004, ho ile ha e-ba le kotsi ea koloi e ileng ea feta ka bophelo ba Davey e monyenyane le ba mohlankana e mong hona phuthehong eo. Ho fihlela lefung la hae, cheseho ea Davey e ne e khaphatseha bakeng sa mosebetsi oo a neng a o etsa, ’me o ne a khothalletsa le bacha ba bang ha habo hore ba mo latele. O ile a bolella mocha e mong oa Paki, “Ho tla fetola tsela eo u talimang lintho ka eona.”

Pono e ’ngoe e fetohileng eo Davey ka boeena a bileng le eona ke mabapi le lintho tse bonahalang. Ntate oa hae oa hopola, “Ha a ne a chaketse hae, Davey o ile a mengoa ho nka leeto la ho ea thelelisa lehloeng. O ile a botsa hore na e tla ba bokae. Ha a bolelloa chelete, Davey o ile a re o ne a ke ke a senya chelete e kaalo ho theleliseng empa a ne a ka phela likhoeli tse itseng Dominican Republic ka eona chelete eo!”

Cheseho ea Davey e ile ea ama ba bang. Mocha e mong oa ha habo o ile a bua tjena: “Ha ke utloa sohle seo Davey a neng a se etsa le hore na o ne a thabile hakae, ke ile ka hlokomela hore le ’na nka be ke finyella se tšoanang. Lefu la Davey le entse hore ke nahane hore na batho ba tla re’ng ka ’na ha ke e-shoa le hore na ke tla ba le tšusumetso e ntle bophelong ba bona na.”

Joaloka Lipaki Tsa Jehova, batsoali ba Davey le banab’abo ba na le tšepo e tiileng ea hore Molimo o tla tsosa Davey lefatšeng le lecha le tlang la ho loka. (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1-4) Khabareng, ba fumana matšeliso ka ho tseba hore Davey o ile a sebelisa bophelo ba hae ka tsela e molemohali—e leng ea ho sebeletsa ’Mōpi oa hae. (Moeklesia 12:1) Ha a bua ka qeto ea hae ea ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō, Davey o kile a re: “Ke lakatsa eka mocha e mong le e mong a ka etsa se tšoanang ’me a utloe seo ke se utloang. Ha ho ntho e molemo ho feta ho sebeletsa Jehova ka sohle seo re nang le sona. Hoja feela batho ba ne ba tseba!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho tšoana le David, ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba ithaopetse ho fallela libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea baboleli ba ’Muso, ba bang ba bile ba ithuta puo esele e le hore ba ka ruta ba bang linnete tsa Lentsoe la Molimo. Hona joale ho na le baithaopi ba joalo ba fetang 400 ba sebeletsang Dominican Republic.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela