Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 8/8 leq. 18
  • Sehlooho sa Khajana se Ama Batho Lipelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sehlooho sa Khajana se Ama Batho Lipelo
  • Tsoha!—2005
Tsoha!—2005
g05 8/8 leq. 18

Sehlooho sa Khajana se Ama Batho Lipelo

SEKOLONG se seng sa Suwałki, karolong e ka leboea-bochabela ea Poland, tichere e ile ea kōpa barutoana hore ba lokisetse puisano e buang ka ho ntša mpa. Justyna ea lilemo li 16 o ile a bokella boitsebiso bo tsoang ho lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Letsatsing la puisano, tichere e ile ea fa barutoana monyetla oa ho hlahisa maikutlo a bona.

Justyna o re: “Ke ile ka ea ho tichere ’me ka e bontša sehlooho se reng ‘Tlaleho ea ka Mehla ea Lesea le E-song ho Tsoaloe,’ e hatisitsoeng tokollong ea Tsoha! ea November 8, 1980.” O ile a bolella tichere ea hae: “Ke kōpa u hlokomele hore e ngotsoe joalokaha eka ho bua lesea le e-s’o hlahe, leo ’mè oa lona a tl’o ntša mpa. Ke nahana hore e thahasellisa haholo.” Tichere e ile ea qala ho bala tlaleho eo ea kamehla ea lesea. Barutoana ba ne ba khutsitse, e mong le e mong a mametse ka hloko.

Le pele tichere e fihla bohareng, e ile ea sitoa ho tsoela pele ’me ea kōpa morutoana e mong hore a e bale. Tichere e ile ea lula fatše ’me ea lla. Ka mor’a hore tlaleho eo e baloe, ho ile ha latela puisano e thahasellisang, ’me barutoana ba bang ba ile ba kōpa kopi ea sehlooho seo. Justyna o re: “Maikutlo a tlelase ka lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova a ile a fetoha. Pele ba ne ba sa li ratisise, empa hona joale baa li rata. Moshanyana e mong o bile a qala ho bala Tsoha! kamehla.”

Feela joalokaha Justyna a ile a atleha ho sebelisa sehlooho seo a se fumaneng tokollong ea Tsoha! e neng e ngotsoe lilemong tse 20 tse fetileng, le uena u ka fumana “mokotla o tletseng bohlale” litokollong tsa khajana tsa makasine ena. (Jobo 28:18) Ha u ile libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e sebakeng sa heno, u ka hlahloba volume ea Tsoha! e fumanoang laebraring ea eona. U tla thabela ho bala lihlooho tse molemo tse sa felloeng ke nako. U ka ba ua fumana Tsoha! ea morao-rao ho Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Justyna nakong ea ha a sa kena sekolo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela