Haufinyane Likoluoa Tsohle li Tla Fela
“Bana le bana ba bana ba rōna. Mamelang! . . . Neng kapa neng thaba ena e tla cha. Empa pele sena se etsahala ho na le molumo o kirietsang le oa ho korotla le tšisinyeho ea lefatše. Ho betseha mosi le malakabe le mahalima, ho utloahala ho thothomela le ho kirietsa moeeng. Balehang ha le sa ntse le ka khona . . . Haeba u e nyatsa, ’me phahlo le thepa ea hao e le tsa bohlokoa haholo ho feta bophelo, e tla u otlela ho se tsotelle ha hao le meharo ea hao. U se ke ua tšoenyeha ka leifo la hao le ntlo ea hao, empa baleha u sa tsilatsile.”
TEMOSO eo, e tsoang bukeng ea Earth Shock, ea Andrew Robinson, e ngotsoe lejoeng la sehopotso Portici—motse o mosikong oa Thaba ea Vesuvius, Italy—ka mor’a hore seretse se chesang se foqohe ka 1631. Ho phatloha hoo ho ile ha bolaea batho ba fetang 4 000. Robinson o re: “Ho sa lebelloa, ho phatloha hona ha 1631 . . . ke hona ho ileng ha etsa hore Vesuvius e tsebahale.” Joang? Ho hahuoa bocha ha Portici ho entse hore Herculaneum le Pompeii li sibolloe. Metse eo ka bobeli e ile ea ripitloa le ho pupetsoa ha Vesuvius e ne e foqoha seretse se chesang ka 79 C.E.
Pliny e Monyenyane, Moroma ea ileng a pholoha koluoa eo ’me hamorao ea e-ba ’musi, o ile a ngola ka litšisinyeho tse nyenyane tse lemosang tse sa tloaelehang. Eena, ’mè oa hae le ba bang ba ile ba mamela litemoso tseo ’me ba pholoha.
Pontšo e Lemosang ea Mehleng ea Rōna
Kajeno re atamela ka potlako bofelong ba tsamaiso ea lefatše lena ea moruo, ea sechaba le ea lipolotiki. Re tseba joang? Hobane Jesu Kreste o boletse letoto la liphetoho tsa lefatše esale pele, tse neng li tla fana ka pontšo ea hore letsatsi la Molimo la kahlolo le haufi. Joaloka sebaka se foqohang seretse se chesang se kirietsa, se thunya mosi le ho tšoela molora, pontšo eo e nang le lipontšo tse ngata e akarelletsa lintoa tse khōlō, litšisinyeho tsa lefatše, litlala le mafu a seoa—tseo kaofela li harasoantseng lefatše ka tekanyo e ke keng ea lekanngoa ho tloha ka selemo sa 1914.—Matheu 24:3-8; Luka 21:10, 11; Tšenolo 6:1-8.
Empa pontšo e lemosang ea Jesu e boetse e akarelletsa molaetsa oa tšepo. O itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Hlokomela hore Jesu o itse molaetsa ona oa ’Muso ke ‘litaba tse molemo.’ E hlile ke litaba tse molemo hobane ’Muso oa Molimo, e leng puso ea leholimo tlas’a Kreste Jesu, o tla etsolla tšenyo eohle e bakiloeng ke batho. Ho phaella moo, e tla etsa hore likoluoa tsa tlhaho li khaotse.—Luka 4:43; Tšenolo 21:3, 4.
Ka sebele, ha a sa le lefatšeng, Jesu o ile a bontša matla a hae maemong a leholimo ka ho khutsisa sefefo se neng se sokela bophelo. Ba hloletsoe, barutuoa ba hae ba tšohileng ba ile ba re: “Ha e le hantle enoa ke mang, kaha o laela esita le meea le metsi, ’me lia mo mamela?” (Luka 8:22-25) Kajeno, Jesu hase motho feela tjee, empa ke moea o matla. Kahoo, ho laola lintho tsa tlhaho hore li se ke tsa ntša bafo ba hae kotsi e ke ke ea e-ba bothata ho eena!—Pesaleme ea 2:6-9; Tšenolo 11:15.
Ba bang ba ka ’na ba talima sena sohle e le takatso feela. Empa hopola hore boprofeta ba Bibele—ho fapana le litšepiso tsa batho le lintho tseo ba li bolelang esale pele—bona bo phethahetse ka ho feletseng, ho akarelletsa boprofeta boo re boneng bo phethahala ho tloha ka 1914. (Esaia 46:10; 55:10, 11) E, bokamoso bo nang le khotso ba lefatše ke ntho e tiisitsoeng. Le rōna re ka tiisetsoa bokamoso haeba re nka Lentsoe la Molimo ka ho teba ’me re mamela temoso ea lona e lerato mabapi le liketsahalo tse sisinyang lefatše tse tla tloha li etsahala.—Matheu 24:42, 44; Johanne 17:3.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
HO NA LE TŠEPO EFE BAKENG SA BARATUOA BA RŌNA BA SHOELENG?
HA LEFU le re nkela baratuoa ba rōna, re ka ’na ra apareloa ke mesarelo. Bibele e re bolella hore Jesu o ile a lla ha motsoalle oa hae ea ratehang Lasaro a shoele. Leha ho le joalo, metsotso e seng mekae hamorao Jesu o ile a etsa mohlolo o hlollang—o ile a tsosetsa Lazaro bophelong! (Johanne 11:32-44) Ka ho etsa joalo, o ile a fa moloko ’ohle oa batho motheo o tiileng oa tumelo tšepisong e tsotehang eo a neng a e entse pejana tšebeletsong ea hae ha a ne a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) E se eka tšepo e babatsehang ea ho tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise e ka tšelisa bohle bao lefu le ba amohileng baratuoa ba bona.—Liketso 24:15.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Na u ela hloko temoso ea hore lefatše la hona joale le matsatsing a lona a ho qetela?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
USGS, David A. Johnston, Cascades Volcano Observatory