Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/06 maq. 4-7
  • Ho Tobana le Mathata a Boqheku

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tobana le Mathata a Boqheku
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tsofetse Feela Likelello li Chatsi
  • Mathata a Bolebali le a Mang a Phekolehang
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Sithabela Maikutlong
  • Ha ho Lebaka la ho Ikutloa U se na Thuso
  • Ho Etsa se Matleng a Rōna
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bakreste ba ’Nete ba Hlompha ba Hōlileng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bokhabane ba Moriri o Moputsoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 2/06 maq. 4-7

Ho Tobana le Mathata a Boqheku

“LITŠIU tsa ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, li mashome a robeli. Empa bongata ba tsona ke ba litsietsi le mahlomola; li feta kapele, ebe re ile.” (Pesaleme ea 90:10, Bibele—Phetolelo e Ncha) Thothokiso ena ea lilemong tse 3 000 tse fetileng e tiisa ’nete ea hore boqheku ke bothata ba khale. Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e babatsehang merianeng, ho sa ntse ho e-na le mathata a itseng boqhekung a bakang “litsietsi le mahlomola” ka ho khetheha. Ke afe, ’me ba bang ba sebetsana joang le ’ona ka katleho?

Ba Tsofetse Feela Likelello li Chatsi

A khathatsehile, Ntate-moholo Hans ea lilemo li 79 o re: “Ke tšoha feela hore ke se ke ka mpa ka ba leqheku le lahlehetsoeng ke kelello.” Ntate-moholo Hans o tšoana le maqheku a mang a tšoenngoang ke taba ea ho lebala. O khathatsoa ke taba ea ho lahleheloa ke seo seroki se seng sa boholo-holo se se bitsang “sekotlolo sa khauta”—e leng boko ba bohlokoa bo tšetseng mehopolo ea bohlokoa. (Moeklesia 12:6) Ntate-moholo Hans o ile a botsa: “Na ho lahleheloa ke kelello ho tsamaisana le botsofali?”

Haeba joaloka Ntate-moholo Hans u lebala mabitso kapa u ipotsa hore na ebe ha u ntse u lahle-lahleheloa ke mohopolo tjee e se e le ha bothata ba ho lahleheloa ke kelello bo qalile, kholiseha hore: Ho lebala ke ha batho ba lilemo tsohle, ’me liphetoho tse bang teng tseleng eo kelello ea motho ea hōlileng e sebetsang ka eona, hase kamehla li bakoang ke ho lahleheloa ke kelello.a Le hoja ho tloaelehile hore ha motho a ntse a hōla a lebale lintho tse itseng, “batho ba bangata ba hōla ba be ba e’o shoa likelello tsa bona li ntse li le chatsi,” ho ngotse joalo Dr. Michael T. Levy, molula-setulo oa thuto ea mekhoa ea batho Univesithing ea Staten Island Hospital, New York.

Ke ’nete hore batho ba bacha ba ee ba hopole lintlha tse itseng kapele ho feta batho ba hōlileng. Empa Restak o re: “Ha u ka behella ka thōko nako eo ba e nkang ba leka ho hopola, u tla fumana hore likelello tsa batho ba hōlileng li ntse li sebetsa hantle feela joaloka tsa batho ba bacha.” Ha e le hantle, likelello tse chatsi tsa batho ba hōlileng, ha li koetlisitsoe tsa ba tsa rutoa hantle, li ntse li tsoela pele ho ithuta, ho hopola, esita le ho ba thusa ho ntlafatsa tsebo e itseng eo ba nang le eona.

Mathata a Bolebali le a Mang a Phekolehang

Joale, ho thoe’ng haeba motho e mong a e-na le bothata bo tebileng ba ho lebala? Le hona moo, motho eo ha aa lokela ho phetha ka hore e se e le ha a lahleheloa ke kelello. Mafu a mang a mangata a phekolehang a hlahellang hamorao ha motho a ntse a hōla a ka baka tšitiso mohopolong le ho ferekana ho sa tloaelehang ho itlhahelang feela ka tšohanyetso. Ka phoso, mafu a kang ana hangata a nkoa e le karolo ea “botsofali” kapa “boqheku”—ka linako tse ling ke phoso e etsoang le ke lingaka tse sa tsebeng. Sena hase feela hore se theola batho ba hōlileng seriti empa hape se ka ba sa ba thibela ho fumana phekolo e loketseng. Ebe a mang a mafu aa ke afe?

Pherekano e sa tloaelehang e itlhahelang feela ka tšohanyetso e ka bakoa ke khaello ea phepo e nepahetseng, ho felloa ke metsi ’meleng, khaello ea mali, likotsi hloohong, mathata a litšoelesa tsa qoqotho, khaello ea livithamine ’meleng, liphello tsa e meng ea meriana, kapa hona ho ferekana kelellong ka lebaka la ho ba sebakeng sesele. Bolebali bo ka boetse ba bakoa ke ho ba le khatello ea kelello ka nako e telele, ’me tšoaetso ke e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse bakang pherekano ea kelello ho batho ba hōlileng. Ho sithabela maikutlo ha bakuli ba seng ba hōlile le hona ho ka baka bolebali le ho ferekana kelellong. Kahoo, keletso ea Dr. Levy ke ho re: “Le ka mohla, boemo ba pherekano bo tlang ka nako le motsotso, bo se ke ba nkoa feela habonolo kapa ba hlokomolohuoa joalokaha eka ke karolo ea boqheku eo ho seng letho le ka etsoang ka eona.” Ho hlahlobisisoa ke lingaka ho ka ’na ha thusa ho fumana lisosa tsa matšoao a bothata.

Ho Sebetsana ka Katleho le ho Sithabela Maikutlong

Ho sithabela maikutlo hase ntho e ncha bathong, esita le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ile ba sithabela maikutlong. Hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng, ho ile ha hlokahala hore moapostola Pauluse a eletse Bakreste-’moho le eena: “Le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:14) Re hloka keletso eo le ho feta mehleng ena ea rōna e tetebetsang maikutlo. Leha ho joalo, ka masoabi ho batho ba seng ba hōlile, bothata bona ha bo hlokomelehe kapa bo tolokoa hampe.

Kaha ho se ho tloaelehile hore batho ba be le maikutlo a fosahetseng a hore ha motho a ntse a hōla, o nyahama habonolo ’me maikutlo a hae a lula a feto-fetoha, batho ba bang, esita le bona ba hōlileng ka bobona, ba ka ’na ba nka matšoao a joalo e le feela karolo ea botsofali. Buka ea Treating the Elderly, e re: “Leha ho le joalo, sena hase ’nete. Ho sithabela maikutlo ha batho ba hōlileng hase karolo feela ea botsofali.”

Ho sithabela maikutlo ho tebileng—e leng ho fapanang le hlomoha kapa ho hlora—ke bokuli bo tebileng bo nang le liphello tse bohloko ’me ha hoa lokela ho tlōlisoa mahlo feela. Bothata bona ha bo sa phekoloe bo ka mpefala ’me ba teba hoo mokuli a ka felloang ke tšepo ’me a qetella a ipolaile. Dr. Levy o hlalosa hore ntho e utloisang bohloko ka lefu lena bathong ba hōlileng ke hore, “ke lefu le phekolehang habonolo har’a mafu ’ohle a kelello hape e ka ba lona le bolaeang ka ho fetisisa.” Haeba ho sithabela maikutlong ho nka nako e telele, mohlomong ho tla hlokahala hore mokuli a fetele ho litsebi tse hloahloa tsa phekolo ea ho feto-fetoha ha maikutlo ka tsela e sa laoleheng.b—Mareka 2:17.

Batho ba sithabetseng maikutlong ba ka thusoa hore ba kholisehe hore Jehova “o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) “O haufi le ba lipelo li robehileng.” (Pesaleme ea 34:18) Ka sebele ke eena eo ka ho khethehileng “a khothatsang ba sithabetseng maikutlong.”—2 Bakorinthe 7:6, New American Standard Bible.

Ha ho Lebaka la ho Ikutloa U se na Thuso

Lilemong tse fetang 3 000 tse fetileng, Morena Davida ea tšepahalang o ile a rapela a re: “U se ke ua ntahla nakong ea botsofali; ha ke felloa ke matla, u se ke ua ntlohela.” (Pesaleme ea 71:9) Esita le lilemong tsena tsa bo-2000, ana ke maikutlo a tloaelehileng ho batho ba hōlileng ba tšabang hore ba ka ’na ba nkoa e le meroalo feela. Mefokolo e bakoang ke ho kula e ka kolekela habonolo ho beng le maikutlo a ho se be le thuso, ’me ho isoa pensheneng ho ka bakela motho boikutlo ba hore ha a nkoe e le oa bohlokoa.

Leha ho le joalo, ho nahana ka lintho tseo re ka khonang ho li etsa ho e-na le ho inyotobetsa ka tseo re sa hloleng re khona ho li etsa, ho ka re thusa hore re boele re ikutloe re le ba bohlokoa le ba nang le molemo. Mabapi le sena, tlaleho ea Machaba a Kopaneng e ile ea khothalletsa ‘ho etsa khatelo-pele ka ho ithuta sekolong kapa ho ithuta linthong tse etsahalang bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho kenya letsoho mekhatlong e itseng ea sechaba le mesebetsing e etsoang ke bolumeli.’ Ernest, e mong oa Lipaki Tsa Jehova eo e kileng ea e-ba setsebi se hloahloa se bileng se rutang ho baka bohobe le likuku Switzerland, o una molemo tabeng ea ho ‘hatela pele ka ho ’na a ithuta.’ Lilemong tsa hae tsa bo-70, o ile a reka k’homphieutha ’me a ithuta ho e sebelisa. O entse see ka lebaka lefe ha e le moo thaka tsa hae tse ngata li tšosoa ke theknoloji hakaale? Oa hlalosa: “Ntlha ea pele, ke hore kelello ea ka e lule e le chatsi ha ke ntse ke hōla tjena. ’Me ea bobeli, ke hore ke hlokometse hore ho tsamaisana le theknoloji ho tla nthusa hore ke etse lipatlisiso tsa Bibele le ho phetha mesebetsi ea ka ka phuthehong ea Bokreste.”

Ho etsa mosebetsi o nang le melemo ho ka thusa batho ba hōlileng hore ba fumane lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo ba li hlokang: Ho ka etsa hore ba be le sepheo ba be ba khotsofale ’me ho ka ba ha ba kenyetsa le chelete e itseng. Morena Solomone ea bohlale o ile a lemoha hore ke mpho e tsoang ho Molimo ha motho a “thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba [hae]; le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata.”—Moeklesia 3:12, 13.

Ho Etsa se Matleng a Rōna

Lichabeng tse ngata, batho ba baholo ke bona ba rutang bacha esita le ho ba tataisa tabeng ea mekhoa e metle le linthong tsa bohlokoa tsa moea. Morena Davida o ile a ngola: “Joale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putsoa, oho, Molimo, u se ke ua mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko eohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao.”—Pesaleme ea 71:18, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Joale, ho thoe’ng haeba bophelo ba batho bana ba hōlileng bo se bo fokola haholo kapa maemo a hlile a le mabe? Ke sona se neng se utloisitse Nkhono Sarah bohloko eo e leng Paki ea Jehova ea lilemo li 79, ea ileng a bolella moholo e mong oa Mokreste ka ho nyahama ha hae. Moholo eo o ile a mo hopotsa molao-motheo oa Bibele o reng ‘thapeli ea motho ea lokileng e na le matla a maholo.’ (Jakobo 5:16) O ile a re: “U hahile kamano e haufi-ufi le Molimo ka lilemo. Joale ak’u re lumelle re une molemo kamanong eo ha u ntse u re hopola lithapelong tsa hao tsa boinotšing.” Nkhono Sarah o ile a khothatsoa ke seo moholo a ileng a se bua ha a re: “Sarah, re hloka hore u re rapelle.”

Nkhono Sarah o ile a elelloa hore thapelo ke tsela e putsang le e khotsofatsang eo batho ba hōlileng ba ka itellang ba bang ka eona bosiu le motšehare. (Bakolose 4:12; 1 Timothea 5:5) Ka nako e tšoanang, lithapelo tse joalo li thusa batho ba hōlileng ho atamela haufi le “Ea Utloang thapelo,” Jehova.—Pesaleme ea 65:2; Mareka 11:24.

Batho ba baholo ba nang le mefokolo empa ba sa timane ka phihlelo ea bona le matlotlo a bona, baa babatseha sechabeng. Ba paka ’nete ea hore “hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.”—Liproverbia 16:31.

Leha ho le joalo, e ka ba hantle ha re botsa: Joalokaha re ntse re hōla, ebe bokamoso bo re tšoaretse eng? Na hoa utloahala ho lebella hore re tla phela bophelo bo thabileng le ha re se re hōlile?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bafuputsi ba bang ba bolela hore “hoo e ka bang liphesente tse 90 tsa batho ba ka holimo ho lilemo tse 65 ha ba lahleheloe ke kelello.” Ha u batla boitsebiso bo eketsehileng ka phekolo ea ho lahleheloa ke kelello, ka kōpo sheba letoto la lihlooho tse buang ka lefu la Alzheimer tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea September 22, 1998.

b Tsoha! ha e buelle phekolo leha e le efe e khethehileng. Bakreste ba lokela ho tiisa hore phekolo eo ba e khethang ha e hohlane le melao-motheo ea Bibele. Ka kōpo bona letoto la lihlooho tse buang ka “Ho Utloisisa Mafu a ho Feto-fetoha ha Maikutlo ho sa Laoleheng,” tokollong ea Tsoha! ea January 8, 2004.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Mehleng ena ea rōna ea bophelo bo potlakileng, batho ba hōlileng ba atisa ho ikutloa ba beheletsoe ka thōko

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Kamoo U ka Thusang ba Hōlileng

◼ U se ke Ua ba Theola Seriti. “U se ke ua kharumela motho e moholo ho uena, empa u ipiletse ho eena joaloka hoja ke ntat’ao, . . . basali ba hōlileng u ba talime e le bo-’m’ao.”—1 Timothea 5:1, 2, Bibele—Phetolelo e Ncha.

◼ Mamela ka Hloko. ‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’—Jakobo 1:19.

◼ E-ba le Kutloelo-bohloko. “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong, le sa phetetse bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola.”—1 Petrose 3:8, 9.

◼ Leka ho Utloisisa Moo ho Hlokahalang Khothatso. “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.”—Liproverbia 25:11.

◼ Ba Meme ha U Etsa Lintho Tse Itseng. “Latelang mokhoa oa ho amohela baeti.”—Baroma 12:13.

◼ Ba Thuse ka ho ba Etsetsa ho Itseng. “Empa mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena? Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.”—1 Johanne 3:17, 18.

◼ U se ke Ua Fela Pelo. “Ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.

Ka ho hlokomela ba hōlileng, re bontša hore re hlompha melao ea Molimo hobane Lentsoe la hae le re: “U nahanele motho ea tsofetseng.”—Levitike 19:32.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho hlahlobisisoa ke lingaka ho ka ’na ha thusa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela