Thabang Tšepong
JOE o ne a kulela lefu a tšoere ke kankere. Mosali oa hae, Kirsten, le metsoalle e ’maloa, ba ne ba le haufi le bethe ea hae ba ntse ba qoqa. Kirsten o ile a sheba monna oa hae ’me a hlokomela hore likeleli li ne li keleketla marameng. Pele, o ne a nahana hore Joe o opeloa habohloko. Mohlomong o ne a opeloa, empa lekhetlong lena o ile a bolella mosali oa hae hore o ne a sa llisoe ke bohloko ba ho opeloa.
Kirsten o re: “Nakong ena e mahlonoko, Joe o ne a pota-potiloe ke metsoalle ea hae e haufi e neng e le mona ho tla ba le eena. Hape, o ne a e-na le tšepo eo hona joale a neng a kholisehile ho feta leha e le neng pele bophelong ba hae hore e tla phethahala, ’me o ne a tseba hore ha ho motho ea ka mo amohang eona. O ile a bolela hore ha e le hantle likeleli tsa hae ke tsa thabo. Hamorao bosiung boo, Joe o ile a hlokahala.”
Ke tšepo efe e neng e matlafalitse Joe nakong eo a leng makhatheng a lefu? E ne e le tšepiso ea Jehova Molimo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng, moo batho ba tla phela hantle ’meleng. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Tšenolo 21:3, 4 e re: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [ho akarelletsa le mathata a mangata a mehleng ena] li fetile.”
Tšepo le Bakeng sa Bafu
Bakeng sa Joe, ho phethahala ha tšepo ea hae e tla ba ha a tsosoa mabitleng. Ka sebele o ile a tšelisoa ke tšepiso ea Jesu ea hore “bohle ba mabitleng a khopotso”—e leng bafu ba mohopolong oa Molimo—ba tla khutlela bophelong. (Johanne 5:28, 29) Na u saretsoe ka lebaka la ho shoeloa ke setho sa lelapa kapa motsoalle oa hao? Haeba ho joalo, tšepo ea tsoho ea bafu e ka u hlasimolla le uena. Ke ’nete hore tšepo ena ha e felise bohloko bo tebileng boo re bo utloang ha re shoeloa ke motho eo re mo ratang. Jesu ka boeena o ile a “ntša meokho” ha motsoalle oa hae Lazaro a shoele. Empa tšepo ea rōna e fokotsa bohloko boo re bo utloang.—Johanne 11:14, 34, 35; 1 Bathesalonika 4:13.
Kirsten o re: “Ha Joe a hlokahala, ke ile ka ikutloa eka le ka mohla nke ke ka hlola ke thaba. Le hona joale, lilemo tse ’maloa hamorao, kea hlokomela hore bophelo ba ka tsamaisong ena bo ke ke ba hlola bo tšoana le pele. Ho na le sekheo se seholo se sa koaleheng seo Joe a se siileng. Leha ho le joalo, ’nete eo nka e buang ke hore ke boetse ke na le khotso ea kelello le khotsofalo.”
Mantsoe a Kirsten a re hopotsa hore tsamaisong ena ea lintho, re ke ke ra lebella ho lula re thabile ka linako tsohle. Bophelo bo na le ho theosetsa neng-neng bo nyolosetse. Ka linako tse ling re lokela ho utloa bohloko, eo e tla be e se nako e loketseng ea ho thaba. (Moeklesia 3:1, 4; 7:2-4) Hape, ba bang ba rōna e ka ’na eaba re loantšana le ho tepella maikutlong, ho ka bakoang ke lintho tse ngata. Leha ho le joalo, tšepiso ea Bibele ke matšeliso a maholo, ’me bohlale bo phahameng boo re bo fumanang ka Bibeleng bo re thusa hore re qobe maraba a ka etsang hore re qetelle re sa thaba. Molimo o re: “Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”—Liproverbia 1:33.
E, Jehova o thahasella boiketlo ba rōna. O batla hore re be ba thabileng—eseng ka ntle feela, empa ka hare botebong ba pelo, le hona eseng ka lilemo tse ’maloa feela, empa ka ho sa feleng! Ka hona, Mora oa hae o ile a bua mantsoe ana ao ka sebele le kajeno e ntseng e le a bohlokoa: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ke habohlokoa hore re latele mantsoe ao a hae.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lintho Tse Robong Tse Hlokahalang Bakeng sa Thabo
1. Ithute ho ananela lintho tsa moea.—Matheu 5:3.
2. E-ba ea khotsofetseng le ea qobang “lerato la chelete.”—1 Timothea 6:6-10.
3. Beha menyaka sebakeng sa eona.—2 Timothea 3:1, 4.
4. E-ba ea seatla se bulehileng, ’me u leke ho thabisa ba bang.—Liketso 20:35.
5. E-ba ea lebohang, ea ananelang seo u nang le sona.—Bakolose 3:15.
6. E-ba ea tšoarelang.—Matheu 6:14.
7. Khetha metsoalle ka bohlale.—Liproverbia 13:20.
8. Itlhokomele hantle ’meleng, ’me u qobe mekhoa e mebe.—2 Bakorinthe 7:1.
9. ‘Thaba tšepong’ eo u e tšepisitsoeng ka Bibeleng.—Baroma 12:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Tšepo e thehiloeng Bibeleng ea bophelo lefatšeng le lecha ke mohloli oa matšeliso a maholo