Ho Thusa Mocha ea Mesarelong
NGOANANA e mong ea lilemo li 13 ea bitsoang Sibia, ea kenang sekolo Mexico, o ile a hlokomela hore ngoanana e mong ka tlelaseng ea bona o ne a atisa ho tla a lla sekolong. O ile a leka ho mo tšelisa. Ka letsatsi le leng ngoanana eo o ile a phetlela Sibia sefuba, a mo bolella hore ntate oa hae o noa haholo ’me o otla ’mè oa hae.
Sibia oa pheta: “O ile a mpolella hore ha a sa batla ho phela, a re o se a bile a kile a leka ho ipolaea. O ile a re ha ho na motho ea mo ratang ’me o ikutloa e le motoaitoai! Ke ile ka mo bolella hore ho na le Motho ea mo ratang haholo, e leng Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng. Ka ntan’o mo hlalosetsa morero oa Jehova ka batho.”
Hamorao Sibia o ile a fa ngoanana eo buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, ’me ba ile ba qala ho ithuta eona nakong ea khefu ea sekolo. Butle-butle ngoanana eo o ile a khaotsa ho itšehla thajana ’me a qala ho buisana le ba bang le ho tšeha le bona. Lengolong leo a le ngoletseng Sibia, ngoanana eo o itse: “Kea u leboha ka ho mpontša botsoalle le ka ho utloisisa ha hao. U tšoana le ngoan’eso eo e leng khale ke lakatsa ho ba le eena. Hona joale kea tseba hore ho na le motho ea ntsotellang—e leng Jehova.”
Mohlomong le uena u tseba mocha ea ka ruang molemo bukeng ea Bacha Baa Botsa. Likhaolo tsa eona tse 39 li akarelletsa lihlooho tse latelang: “Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?,” “Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?” le se reng “Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?” U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.