Batho Bohle ba Batla ho Phela Hantle!
LILEMONG tse fetang 2 700 tse fetileng, moprofeta e mong o ile a bua ka nako e tlang eo ka eona ho kula ho ke keng ha e-ba teng. Boprofeta bona bo bolokiloe ho tla fihlela mehleng ena ea rōna ’me bo fumanoa mangolong a boholo-holo a Esaia. O ile a ngola ka nako eo ka eona ho tla beng ho se na “moahi ea tla re: ‘Kea kula,’” ’me a phaella ka ho re: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 33:24; 35:5, 6) Boprofeta bo bong ba Bibele le bona bo bua ka nako eo e tlang. Ka mohlala, buka ea ho qetela ea Bibele, e leng Tšenolo, e hlalosa nako eo ka eona Molimo a tlang ho felisa bohloko.—Tšenolo 21:4.
Na litšepiso tsee li tla phethahala? Na ho na le nako eo ka eona batho ba tla phela hantle ’meleng ho se mohla ba tla ke ba kule? Ke ’nete hore batho ba bangata kajeno ba batla ba phetse hantle ’meleng ha ba bapisoa le ba nakong e fetileng. Empa ha motho a batla a phetse hantle ’meleng ha ho bolele hore o phela hantle ka ho feletseng. Ho kula ho ntse ho sulafaletsa ba bangata bophelo. Tšabo ea ho kula ka boeona feela e bakela batho matšoenyeho. ’Me ’nete e bohloko ke hore le mehleng ena ea tsoelo-pele, ha ho motho ea ka phemang ka ho feletseng maloetse a tšoarang batho ’meleng le kelellong.
Tefo eo U e Lefang
Mathata a bakoang ke ho kula a hlahella ka litsela tse ngata. Bo bong bo tšoenyang batho haholo matsatsing ana ke litšenyehelo tse holimo tsa ho kula. Ka mohlala, selemong se seng se sa tsoa feta, basebetsi ba Europe ba qetile matsatsi a limilione tse 500 ba sa ee mosebetsing ka lebaka la ho kula. Boemo boa tšoana le libakeng tse ling. Ho fokotseha ha tlhahiso mesebetsing hammoho le ho eketseha ha litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo, ho bakela bohle mathata a lichelete. Likhoebo le mebuso li lahleheloa ke chelete. E le ho koahela litšenyehelo tseo, likhoebo li nyolla theko ea lihlahisoa le mebuso e nyolla makhetho. Ke mang ea lefang? Ha e le hantle, ea lefang ke uena!
Ka masoabi, ba kojoana li mahetleng ba atisa ho thatafalloa ho fumana tlhokomelo e loketseng ea bophelo, haeba le teng e fumaneha. Ana ke maqakabetsi ao batho ba limilione ba se nang monyetla o mokaalo oa ho fumantšoa litšebeletso tsa bongaka kapa ba se nang oona ka ho feletseng ba linaheng tse hulang ka thata moruong ba tobanang le ’ona. Esita le linaheng tse ruileng, ba bang ba ntse ba sokola ho fumana tlhokomelo ea bongaka. Sena se atisa ho etsahalla ba bangata ho ba limilione tse 46 ba United States ba se nang lienshorense tsa phekolo.
Bothata ba ho kula ha bo felle licheleteng feela. Taba e bohloko le ho feta ke ea ho kulela lefu, bohloko ba ho mamella mahlaba a sa eeng moriting, mahlomola a ho bona ba bang ba kula hampe le ho nyahama ho tlisoang ke ho shoeloa ke ea ratoang.
Tšepo ea hore ka le leng batho ba tla phela lefatšeng le se nang ho kula e ipiletsa haholo. Batho bohle ba batla ho phela hantle! Ba bangata ba lumela hore le hoja tebello eo e utloahala eka e ke ke ea phethahala, ke ea sebele. Ba bang bona ba lumela hore qetellong theknoloji ea batho e tla felisa maloetse ’ohle a teng hammoho le ho kula. Ka lehlakoreng le leng, ba lumelang se ngotsoeng ka Bibeleng ba lumela hore Molimo o tla phethahatsa boprofeta bo mabapi le lefatše le se nang ho kula. Na motho o tla tlisa nako eo ka eona ho ke keng ha e-ba le ho kula? Na Molimo a ka tlisa nako e joalo? Bokamoso bo fupere eng?