Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/07 leq. 15
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libaktheria Tse Liofising
  • “Bakreste ka Lebitso Feela”
  • Batho le Liphoofolo ba Loanela Lijo
  • Likepe li Ama Boemo ba Leholimo Mabōpong a Leoatle
  • Nairobi National Park—Moo Liphoofolo li Sollang ka Bolokolohi
    Tsoha!—2003
Tsoha!—2007
g 1/07 leq. 15

Tsa Mona le Mane

◼ Nakong ea likhoeli tse 15, ho fumanoe masea a 82 a sa tsoa belehoa a siiloe kherehloa literateng tsa Motse oa Mexico, a 27 a ’ona a se a shoele.—EL UNIVERSAL, MEXICO.

◼ Liphuputso tse entsoeng mahaheng a lirapeng tse peli tsa sechaba California, U.S.A., li sibolotse mefuta e meng e 27 ea liphoofolo. Joel Despain, eo e leng setsebi sa mahaha Lefapheng la Tlhokomelo ea Lirapa Tsa Sechaba, o re: “Sena se bontša feela kamoo re tsebang ho honyenyane kateng ka lefatše le re potolohileng.”—SMITHSONIAN, U.S.A.

◼ Ho baahi ba bang le ba bang ba lekholo ba lefatše, ba 20 ha ba na metsi a nooang. Ba 40 ho ba lekholo ha ba na tsamaiso ea likhoerekhoere.—MILENIO, MEXICO.

◼ Masholu a liphoofolo a bolaea liphoofolo tse pakeng tsa tse 20 000 le 30 000 ka selemo Serengeti National Park feela.—THE DAILY NEWS, TANZANIA.

◼ Liphuputso tse entsoeng Barcelona, Spain, li senola hore ho liithuti tse lilemo li 16, se le seng ho tse ling le tse ling tse tharo se tsuba matekoane tsatsi le chabang le le likelang.—LA VANGUARDIA, SPAIN.

Libaktheria Tse Liofising

Litsebi tsa baeloji e amanang le lintho tse phelang tse nyenyane haholo, Univesithing ea Arizona, li ile tsa hlahloba liofisi tse ’maloa metseng e meholo ea United States ho bona hore na li na le libaktheria tse kae. Koranta ea Globe and Mail e re li ile tsa fumana hore “libaka tse hlano tse pakellaneng libaktheria (ka ho latellana ha tsona) ke lifono, ka holim’a lideske, mehele ea lipompo, mehele ea li-microwave le li-keyboard.” Ho ea ka tlaleho eo, “ka karolelano ka holim’a deske ho na le libaktheria tse ngata ho feta tse tafoleng e sebelisoang ka kichineng ka makhetlo a 100 le ka makhetlo a 400 ho feta tse setulong sa ntloana e tloaelehileng.”

“Bakreste ka Lebitso Feela”

Sechaba sa Philippines se ’nile sa hlalosoa e le sona feela sa “Bokreste” Asia. Empa Mobishopo Efraim Tendero oa Lekhotla la Likereke Tsa Evangeli Philippines, o re: “Boholo ba rōna re Bakreste ka lebitso feela, eseng ka liketso.” Joalokaha Manila Bulletin e boletse, baeta-pele ba kereke ba na le molato o itseng, kaha ba hlōleha “ho thusa batho ho elelloa seo Bibele e se rutang le ho se ananela.” Ho boleloa hore ka linako tse ling se rutoang kerekeng se buella lipolotiki ho fapana le ho buella se ka Mangolong.

Batho le Liphoofolo ba Loanela Lijo

Koranta ea Nairobi e bitsoang The East African e re: “Litlaleho tsa litšoene le mafiritšoane a hlaselang batho metseng ea Somalia e otliloeng ke komello li ntse li ata.” Ntoeng e ’ngoe eo ho neng ho loaneloa metsi ho eona ho ile ha shoa litšoene tse ’maloa ’me bo-ramehlape ba bang ba tsoa likotsi. Ho thoe litšoene tse ling li ema “mateanong a litsela kapa marokhong” e le hore li hlasele literaka tse isang lijo ’marakeng. Koranta eo e phaella ka hore “ho tloaelehile ho bona liphoofolo li kibakiba ka masihla a libanana kapa ka mahapu [a maholo].”

Likepe li Ama Boemo ba Leholimo Mabōpong a Leoatle

Koranta ea Jeremane e bitsoang Kölner Stadt-Anzeiger e tlaleha hore sephethephethe sa likepe tse sesang metsing a haufi le mabōpo a leoatle se ama boemo ba leholimo libakeng tseo. Bafuputsi ba Max Planck for Meteorology, Hamburg, ba ile ba hlahloba tsela eo maru a koahelang ka eona holim’a English Channel. Ba fumane hore maru ha a sa teteana joaloka pele libakeng tse mabōpong, empa ha e le holim’a metsi teng a teteane ho feta pele. Boemo bona bo bakoa ke mosi o tsoang likepeng. Ho lumeloa hore mooa o tsoang likepeng tseo o fupa metsi, e leng ho etsang hore maru a teteane. Koranta eo e re: “Lilemong tse 50 tse fetileng, mafura a sebelisoang ke likepe a eketsehile ka makhetlo a fetang a mane.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela