Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/07 leq. 32
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Rōna?
  • Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 1/07 leq. 32

Morero oa Molimo ke Ofe ka Rōna?

◼ Na ke feela hore re phele nako e khutšoaane lefatšeng—mohlomong lilemo tse 70 kapa tse 80—ebe joale rea shoa? Na ke morero oa Molimo hore a nke batho ba lokileng hore ba e’o phela leholimong? Ke hobane’ng ha Molimo a bōpile lefatše? Na o ne a rerile hore e be lehae la nakoana la batho?

Bukana e maqephe a 32 e reng Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e bontša hore Molimo o entse hore lefatše e be lehae la batho la ka ho sa feleng. Lefatše la rōna le entsoe ka tsela eo haeba le ne le hlokomeloa hantle, e neng e tla ba paradeise e ntle. Sehlooho sa bukana ena se reng “Ke ka Baka la Eng Motho a Shoa?” le se reng “Lefu ke Eng?” li bontša hore na lintho li ile tsa senyeha hokae, ’me se reng “Jehova o re Nea ’Moloki” le se reng “Kamoo Re Bolokiloeng Sebeng le Lefung” tsona li senola hore na lefatše e tla ba lehae le babatsehang la paradeise joang bakeng sa moloko oa batho.

Bukana ena e na le litšoantšo tse fetang 75, ’me se seng le se seng se tsamaea le lengolo le le leng kapa a ’maloa. Litemana tsena li rala motheo oa se ka tšohloang ka litšoantšo tsena. Haeba u na le bana, u ka sebelisa litšoantšo ho ba thusa ho ithuta ka merero ea Molimo.

U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana e reng Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela