Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/07 leq. 32
  • Lenyalo la Bona le Ile la Pholosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo la Bona le Ile la Pholosoa
  • Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 2/07 leq. 32

Lenyalo la Bona le Ile la Pholosoa

Mohiri e mong oa Afrika Boroa o ile a hlokomela hore e mong oa basebetsi ba hae, e leng Bella, o ne a e-na le mathata a lenyalo. Kahoo, mohiri o ile a kōpa Thandi, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, hore a ke a bue le Bella. Thandi o ile a fumana hore Bella o ne a se a entse qeto ea ho hlala monna oa hae.

Thandi o ile a fa Bella libuka tse peli tsa Lekunutu la Thabo ea Lelapa ’me a mo khothalletsa hore a fe monna oa hae e ’ngoe. Bella o ile a fela a etsa joalo. Ka mor’a beke Thandi o ile a utloa hore monna oa Bella o ne a ntse a bala buka eo ’me bophelo ba lelapa la bona bo ne bo ntlafetse. Ka mor’a likhoeli tse tharo Bella o ile a bolella Thandi hore Molimo o ne a pholositse lenyalo la bona ka thapelo le ka buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Leha ho le joalo, litaba ha lia ka tsa fella moo.

Ha mohiri oa Bella a utloa ka se etsahetseng, o ile a etsa tlhahiso ea hore basebetsi bohle ba fumane buka eo. Qetellong, libuka tse fetang 100 tse maqephe a 192 tsa Thabo ea Lelapa li ile tsa fuoa basebetsi ba k’hamphani eo. Likhaolo tsa buka ena tse rutang li akha e reng “Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana,” “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang” le e reng “Boloka Khotso Lelapeng la Hao.”

U ka kōpa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela