Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/07 leq. 32
  • “Ke Sesebelisoa se Babatsehang sa ho Ruta!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Sesebelisoa se Babatsehang sa ho Ruta!”
  • Tsoha!—2007
Tsoha!—2007
g 4/07 leq. 32

“Ke Sesebelisoa se Babatsehang sa ho Ruta!”

Sena ke se boletsoeng ke mosebeletsi e mong oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova ea lulang Panama ha a bua ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?—e leng buka e nang le litšoantšo tse mebala-bala e maqephe a 224 eo batho ba bangata ba e sebelisang ho ithuta Bibele hona joale. O itse: “E otla litaba botsekeng ka tsela e hlollang, lintlha tsa eona lia nyalana li bile lia kholisa. Mokhoa o mocha oo litšupiso le sehlomathiso li sebelisitsoeng ka oona o khothalletsa motho hore a iketsetse lipatlisiso hang-hang.”

’Mè e mong ea rutang batho Bibele oa Missouri, U.S.A., o itse: “Ke rata tsela e bonolo eo e ngotsoeng ka eona. Ke qala ho bona lihlooho tse hlahlamantsoeng ka tsela e hlakileng hantle hakana.” Hang ha buka ena ea Seo Bibele e se Rutang e fumaneha, mosuoe enoa o ile a e fa mosali e mong ea neng a kile a leka ho ithuta Bibele khalenyana eaba oa nyahama.

Mosuoe enoa o re: “O ne a e-s’o qete le ho bala khaolo ea pele feela ha a ntetsetsa a mpolella kamoo a e thabetseng kateng.” Seithuti sena se ile sa re se utloa eka buka ena e ngoletsoe sona ka ho khetheha ’me se ne se batla ho qalisa ho ithuta Bibele hape. Mosuoe enoa o boletse hore ka mor’a hore ba ithute likhaolo tse leshome tse qalang, ho ne ho thabisa ho bona kamoo seithuti se neng se thabela seo se neng se ithuta sona kateng.

Le hoja buka ea Seo Bibele e se Rutang e e-s’o qete lilemo tse peli e le teng, ho se ho hatisitsoe tse fetang limilione tse 50 ka lipuo tse fetang 150. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ena e bontšitsoeng mona. Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela