Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/08 leq. 32
  • “Ruri ea Babatseha!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ruri ea Babatseha!”
  • Tsoha!—2008
Tsoha!—2008
g 7/08 leq. 32

“Ruri ea Babatseha!”

◼ Ke kamoo motsamaisi e mong ea fuputsang litaba tsa lenyalo a ileng a hlalosa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa kateng. Banyalani ba bang bao ho ileng ha buisanoa le bona ha ho etsoa phuputso ba ile ba mo fa buka eo ’me ba mo hlalosetsa hore e ba thusitse hore ba itokiselletse lenyalo.

Motsamaisi eo oa phuputso o ile a ngolla banyalani bao ho ba leboha ka “mpho e babatsehang” eo ba neng ba mo romeletse eona. Eaba joale o re o tšepa hore banyalani ba kang bao ba tla ruta ba bang hore na “ho hlokahala eng e le hore banyalani ba be le kamano e matla ’me ba thabe.” O ne a kholisehile hore buka e kang ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e ka thusa banyalani hore ba sebetsane le mathata ha a hlaha lenyalong. Motsamaisi eo o ile a lemoha hore banyalani bao ba thusoa ke ho ba le tumelo e matla le hore ebe ba itšetleha ka Molimo hore a ba thuse.

Motsamaisi eo o re o behile buka eo deskeng ea hae ’me o e bontša barutoana ba hae ha ba mo kōpa keletso ka lenyalo. O ile a phetha ka hore: “Ke qala ho bona buka ena, empa ruri ea babatseha!”

Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e thusitse banyalani ba likete lefatšeng lohle. Le uena e ka u thusa hore u sebelise melao-motheo ea Bibele e ka etsang hore u thabele bophelo ba lelapa haholoanyane.

U ka kōpa buka ena e maqephe a 192 ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa ho e ’ngoe e loketseng liatereseng tse leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela